Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U fa Molimo Monyetla oa ho Bua le Uena Letsatsi le Letsatsi?

Na U fa Molimo Monyetla oa ho Bua le Uena Letsatsi le Letsatsi?

Na U fa Molimo Monyetla oa ho Bua le Uena Letsatsi le Letsatsi?

UICHEBA ka seiponeng ka makhetlo a makae? Boholo ba rōna re icheba ka matsatsi ’ohle—mohlomong eo ke ntho eo re e etsang khafetsa ka letsatsi. Hobane’ng? Hobane re amehile ka tsela eo re shebahalang ka eona.

Ho bala Bibele ho ka tšoantšoa le ho icheba ka seiponeng. (Jakobo 1:23-25) Molaetsa o tlalehiloeng ka Lentsoeng la Molimo o na le matla a ho re thusa hore re ipone kamoo re hlileng re leng kateng. O “phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo.” (Baheberu 4:12) Ka mantsoe a mang, o bontša phapang pakeng tsa seo ho bonahalang re le sona le seo re hlileng re leng sona. Joalo feela ka seipone, o re bontša moo ho hlokahalang hore re etse liphetoho.

Bibele e senola moo ho hlokahalang hore re etse liphetoho teng, ebile e re thusa ho etsa liphetoho tseo. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16, 17) Hlokomela hore har’a melemo e mene e bontšitsoeng temaneng ena, e meraro ea eona—e leng ho khalemela, ho otlolla lintho, ho laea—li amana le ho fetola tsela eo re nahanang ka eona le liketso tsa rōna. Haeba re lokela ho icheba ka seiponeng nako le nako e le hore re kholisehe hore re shebahala hantle, joale ke habohlokoa le ho feta hore re bale Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, kamehla!

Ha Jehova Molimo a khetha Joshua hore a etelle sechaba sa Iseraele pele, o ile a re ho eena: “Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona; etsoe ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.” (Joshua 1:8) Ka sebele, e le hore a atlehe, Joshua o ne a lokela ho bala Lentsoe la Molimo “bosiu le motšehare,” e leng se bolelang kamehla.

Pesaleme ea pele le eona e bontša melemo ea ho bala Bibele kamehla, ha e re: “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo, ea sa kang a ema tseleng ea baetsalibe, ea sa kang a lula setulong sa basomi. Empa o thabela molao oa Jehova, Molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pesaleme ea 1:1-3) Ka sebele re batla ho tšoana le monna eo.

Batho ba bangata ba itloaelitse ho bala Bibele kamehla. Ha monna e mong oa Mokreste a botsoa hore na ke hobane’ng ha a bala Bibele letsatsi le letsatsi, o ile a araba ka ho re: “Kaha ke rapela Molimo hangata ka letsatsi ’me ke lebeletse hore a utloe lithapelo tsa ka, le ’na ke lokela ho Mo mamela ka hore ke bale Lentsoe la hae letsatsi le leng le le leng. Haeba re batla ho ba metsoalle ea hae e haufi, joale le rōna re lokela ho mo fa monyetla oa hore a bue.” Monna enoa o opile khomo lenaka. Ho bala Bibele ho tšoana le ho mamela Molimo hobane ka ho etsa joalo, rea utloa hore na maikutlo a hae ke afe litabeng tse itseng.

Kamoo U ka Atlehang

Mohlomong u se u kile ua leka ho etsa lenaneo la ho bala Bibele. Na u kile ua bala Bibele ho tloha qalong ho isa qetellong? Ke tsela e ntle ka ho fetisisa ea ho tseba lintlha tse ka har’a Bibele. Leha ho le joalo, ba bangata ba ’nile ba leka ka makhetlo-khetlo ho bala Bibele eohle, empa kae-kae ba sitisoe ke lintho tse itseng. Na u kile ua tobana le bothata boo? U ka etsa joang hore u phethe sepheo sa hao sa ho bala Bibele kaofela? Ak’u leke litlhahiso tse latelang tse peli.

Kenyelletsa ’malo oa Bibele mesebetsing ea letsatsi le letsatsi. Letsatsi le letsatsi khetha nako eo u ka khonang ho bala Bibele ka eona. Haeba ka lebaka le itseng u sa khone ho bala Bibele ka nako eo u e behileng, khetha nako e ’ngoe e le hore le ka mohla u se ke ua robala u sa bala Lentsoe la Molimo. Ka tsela ena u tla etsisa mohlala oa Baberea ba boholo-holo. Ha Bibele e bua ka bona e re: “Ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.”—Liketso 17:11.

E-ba le sepheo se hlakileng. Ka mohlala, haeba u bala likhaolo tse tharo ho ea ho tse hlano tsa Bibele letsatsi le letsatsi, u ka bala Bibele eohle ka selemo. Chate e maqepheng a latelang e bontša hore na seo se ka etsoa joang. Ho ka ba joang hore u ikemisetse ho leka ho latela lenaneo lee? Tlas’a sehloohoana se reng “Letsatsi,” ngola hore na u tla bala sehlopha ka seng sa likhaolo neng. Ebe u tšoaea lebokoseng ho bontša likarolo tseo u li balileng. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u bone hore na u se u le hokae.

Hang ha u qetile ho bala Bibele eohle, e bale hape. U ka sebelisa lenaneo lona leo hore u bale Bibele eohle selemo le selemo, mohlomong nako le nako u qala likarolong tse sa tšoaneng. Kapa haeba u rata ho fokotsa lebelo leo u balang Bibele ka lona, u ka nka matsatsi a mabeli kapa a mararo ho bala sehlotšoana ka seng sa likhaolo.

Nako le nako ha u bala Bibele, u tla lemoha lintlha tse ncha tseo u ka li sebelisang bophelong—lintho tseo le ka mohla u neng u e-s’o ka u li fumana. Hobane’ng? Hobane “boemo ba lefatše lena boa fetoha,” ’me bophelo le maemo a rōna bophelong le ’ona a lula a fetoha. (1 Bakorinthe 7:31) Kahoo, ikemisetse ho tsoa pelong hore letsatsi le letsatsi u ichebe seiponeng sa tšoantšetso, e leng Lentsoe la Molimo, Bibele. Ka tsela eo, u tla be u neha Molimo monyetla oa ho bua le uena letsatsi le letsatsi.—Pesaleme ea 16:8.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 15-18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

1

LENANEO LA Ho Bala Bibele

LITAELO. Ngola matsatsi ao ka ’ona u rerang ho bala sehlopha ka seng sa likhaolo tse thathamisitsoeng. Li tšoae hang ha u qeta ho bala sehlopha ka seng. U ka bala libuka tsa Bibele ka ho latellana ha tsona kapa ua khetha lihlooho ho latela hore na li hlophisitsoe joang. Haeba u ka bala sehlopha ka seng sa likhaolo letsatsi le leng le le leng, ha selemo se fela u tla be u qetile ho bala Bibele eohle.

◆ Ha u bala likhaolo tse tšoailoeng ka BOFUBELU, u tla fumana histori e bontšang hore na Molimo o ne a sebelisana joang le Baiseraele.

● Ha u bala likhaolo tse tšoailoeng ka BOPUTSOA, u tla fumana tatellano ea liketsahalo tsa kamoo phutheho ea Bokreste e simolohileng kateng.

2

MANGOLO A MOSHE

LETSATSI KHAOLO □✔

/ GENESE 1-3

/ 4-7

/ 8-11

/ ◆ 12-15

/ ◆ 16-18

/ ◆ 19-22

/ ◆ 23-24

/ ◆ 25-27

/ ◆ 28-30

/ ◆ 31-32

/ ◆ 33-34

/ ◆ 35-37

/ ◆ 38-40

/ ◆ 41-42

/ ◆ 43-45

/ ◆ 46-48

/ ◆ 49-50

/ EXODA ◆ 1-4

/ ◆ 5-7

/ ◆ 8-10

/ ◆ 11-13

/ ◆ 14-15

/ ◆ 16-18

/ ◆ 19-21

/ 22-25

/ 26-28

/ 29-30

/ ◆ 31-33

/ ◆ 34-35

/ 36-38

/ 39-40

/ LEVITIKE 1-4

/ 5-7

/ 8-10

/ 11-13

/ 14-15

/ 16-18

/ 19-21

/ 22-23

/ 24-25

/ 26-27

/ NUMERE 1-3

/ 4-6

/ 7-9

/ ◆ 10-12

/ ◆ 13-15

/ ◆ 16-18

/ ◆ 19-21

/ ◆ 22-24

/ ◆ 25-27

/ 28-30

/ ◆ 31-32

/ ◆ 33-36

/ DEUTERONOMA 1-2

/ ◆ 3-4

/ 5-7

/ 8-10

/ 11-13

3

/ 14-16

/ ◆ 17-19

/ 20-22

/ 23-26

/ 27-28

/ ◆ 29-31

/ ◆ 32

/ ◆ 33-34

BAISERAELE BA KENA NAHENG E TŠEPISITSOENG

LETSATSI KHAOLO □✔

/ JOSHUA ◆ 1-4

/ ◆ 5-7

/ ◆ 8-9

/ ◆ 10-12

/ ◆ 13-15

/ ◆ 16-18

/ ◆ 19-21

/ ◆ 22-24

/ BAAHLOLI ◆ 1-2

/ ◆ 3-5

/ ◆ 6-7

/ ◆ 8-9

/ ◆ 10-11

/ ◆ 12-13

/ ◆ 14-16

/ ◆ 17-19

/ ◆ 20-21

/ RUTHE ◆ 1-4

HA ISERAELE E NE E BUSOA KE MARENA

LETSATSI KHAOLO □✔

/ 1 SAMUELE ◆ 1-2

/ ◆ 3-6

/ ◆ 7-9

/ ◆ 10-12

/ ◆ 13-14

/ ◆ 15-16

/ ◆ 17-18

/ ◆ 19-21

/ ◆ 22-24

/ ◆ 25-27

/ ◆ 28-31

/ 2 SAMUELE ◆ 1-2

/ ◆ 3-5

/ ◆ 6-8

/ ◆ 9-12

/ ◆ 13-14

/ ◆ 15-16

/ ◆ 17-18

/ ◆ 19-20

/ ◆ 21-22

/ ◆ 23-24

/ 1 MARENA ◆ 1-2

/ ◆ 3-5

/ ◆ 6-7

/ ◆ 8

/ ◆ 9-10

/ ◆ 11-12

4

/ MARENA (li tsoela pele) ◆ 13-14

/ ◆ 15-17

/ ◆ 18-19

/ ◆ 20-21

/ ◆ 22

/ 2 MARENA ◆ 1-3

/ ◆ 4-5

/ ◆ 6-8

/ ◆ 9-10

/ ◆ 11-13

/ ◆ 14-15

/ ◆ 16-17

/ ◆ 18-19

/ ◆ 20-22

/ ◆ 23-25

/ 1 LIKRONIKE 1-2

/ 3-5

/ 6-7

/ 8-10

/ 11-12

/ 13-15

/ 16-17

/ 18-20

/ 21-23

/ 24-26

/ 27-29

/ 2 LIKRONIKE 1-3

/ 4-6

/ 7-9

/ 10-14

/ 15-18

/ 19-22

/ 23-25

/ 26-28

/ 29-30

/ 31-33

/ 34-36

BAJUDA BA KHUTLA BOKHOBENG

LETSATSI KHAOLO □✔

/ ESDRASE ◆ 1-3

/ ◆ 4-7

/ ◆ 8-10 □□

/ NEHEMIA ◆ 1-3

/ ◆ 4-6

/ ◆ 7-8

/ ◆ 9-10

/ ◆ 11-13

/ ESTHERE ◆ 1-4

/ ◆ 5-10

MANGOLO A MOSHE

LETSATSI KHAOLO □✔

/ JOB 1-5

/ 6-9

/ 10-14

/ 15-18

/ 19-20

5

/ 21-24

/ 25-29

/ 30-31

/ 32-34

/ 35-38

/ 39-42

LIBUKA TSA LIPINA LE LIKELETSO TSE MOLEMO

LETSATSI KHAOLO □✔

/ PSALMS 1-8

/ 9-16

/ 17-19

/ 20-25

/ 26-31

/ 32-35

/ 36-38

/ 39-42

/ 43-47

/ 48-52

/ 53-58

/ 59-64

/ 65-68

/ 69-72

/ 73-77

/ 78-79

/ 80-86

/ 87-90

/ 91-96

/ 97-103

/ 104-105

/ 106-108

/ 109-115

/ 116-119:63

/ 119:64-176

/ 120-129

/ 130-138

/ 139-144

/ 145-150

/ LIPROVERBIA 1-4

/ 5-8

/ 9-12

/ 13-16

/ 17-19

/ 20-22

/ 23-27

/ 28-31

/ MOEKLESIA 1-4

/ 5-8

/ 9-12

/ SEFELA SA LIFELA 1-8

BAPROFETA

LETSATSI KHAOLO □✔

/ ESAIA 1-4

/ 5-7

/ 8-10

6

/ ESAIA (li tsoela pele) 11-14

/ 15-19

/ 20-24

/ 25-28

/ 29-31

/ 32-35

/ 36-37

/ 38-40

/ 41-43

/ 44-47

/ 48-50

/ 51-55

/ 56-58

/ 59-62

/ 63-66

/ JEREMIA 1-3

/ 4-5

/ 6-7

/ 8-10

/ 11-13

/ 14-16

/ 17-20

/ 21-23

/ 24-26

/ 27-29

/ 30-31

/ 32-33

/ 34-36

/ 37-39

/ 40-42

/ 43-44

/ 45-48

/ 49-50

/ 51-52

/ LILLO TSA JEREMIA 1-2

/ 3-5

/ EZEKIELE 1-3

/ 4-6

/ 7-9

/ 10-12

/ 13-15

/ 16

/ 17-18

/ 19-21

/ 22-23

/ 24-26

/ 27-28

/ 29-31

/ 32-33

/ 34-36

/ 37-38

/ 39-40

/ 41-43

/ 44-45

/ 46-48

/ DANIELE 1-2

/ 3-4

/ 5-7

/ 8-10

/ 11-12

7

/ HOSEA 1-7

/ 8-14

/ JOELE 1-7

/ AMOSE 1-5

/ 6-9

/ OBADIA/​JONASE

/ MIKEA 1-7

/ NAHUME/​HABAKUKE

/ SOFONIA/​HAGAI

/ ZAKARIA 1-7

/ 8-11

/ 12-14

/ MALAKIA 1-4

LITLALEHO TSA BOPHELO LE TŠEBELETSO EA JESU

LETSATSI KHAOLO □✔

/ MATHEU 1-4

/ 5-7

/ 8-10

/ 11-13

/ 14-17

/ 18-20

/ 21-23

/ 24-25

/ 26

/ 27-28

/ MAREKA ● 1-3

/ ● 4-5

/ ● 6-8

/ ● 9-10

/ ● 11-13

/ ● 14-16

/ LUKA 1-2

/ 3-5

/ 6-7

/ 8-9

/ 10-11

/ 12-13

/ 14-17

/ 18-19

/ 20-22

/ 23-24

/ JOHANNE 1-3

/ 4-5

/ 6-7

/ 8-9

/ 10-12

/ 13-15

/ 16-18

/ 19-21

KHŌLO EA PHUTHEHO EA BOKRESTE

LETSATSI KHAOLO □✔

/ LIKETSO ● 1-3

/ ● 4-6

/ ● 7-8

/ ● 9-11

8

/ LIKETSO (li tsoela pele) ● 12-14

/ ● 15-16

/ ● 917-19

/ ● 20-21

/ ● 22-23

/ ● 24-26

/ ● 27-28

MANGOLO A PAULUSE

LETSATSI KHAOLO □✔

/ BAROMA 1-3

/ 4-7

/ 8-11

/ 12-16

/ 1 BAKORINTHE 1-6

/ 7-10

/ 11-14

/ 15-16

/ 2 BAKORINTHE 1-6

/ 7-10

/ 11-13

/ BAGALATA 1-6

/ BAEFESE 1-6

/ BAFILIPI 1-4

/ BAKOLOSE 1-4

/ 1 BATHESALONIKA 1-5

/ 2 BATHESALONIKA 1-3

/ 1 TIMOTHEA 1-6

/ 2 TIMOTHEA 1-4

/ TITE/​FILEMONE

/ BAHEBERU 1-6

/ 7-10

/ 11-13

MANGOLO A BAAPOSTOLA BA BANG LE BARUTUOA

LETSATSI KHAOLO □✔

/ JAKOBO 1-5

/ 1 PETROSE 1-5

/ 2 PETROSE 1-3

/ 1 JOHANNE 1-5

/ 2 JOHANNE/​3 JOHANNE/​JUDA

/ TŠENOLO 1-4

/ 5-9

/ 10-14

/ 15-18

/ 19-22

Qala ka ho seha holim’a mola

Ebe u kopanya maqephe ana a mabeli ’me u a mene

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na letsatsi le letsatsi u ka behella ka thōko nako ea hore u bale Bibele?