Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ETSISA TUMELO EA BONA | MARIA

O Ile a Mamella Bohloko bo Otlang Pelo

O Ile a Mamella Bohloko bo Otlang Pelo

MARIA o ile a khumama ka mangole, a utloile bohloko bo ke keng ba hlalosoa. O ne a ntse a utloa sello sa mora oa hae ha a ne a shoa ka mor’a hore a hlokofatsoe ka lihora tse ngata. Leholimo le ile la apareloa ke lefifi e le motšehare. Ka mor’a moo lefatše le ile la sisinyeha ka matla. (Matheu 27:45, 51) E ka ’na eaba Maria o ile a hlokomela hore Jehova o ne a bontša batho hore lefu la Jesu Kreste le Mo utloisitse bohloko ho feta motho leha e le ofe.

Ha e e-ba motšehare oa mantsiboea ’me lefifi le neng le aparetse Golgotha, kapa Sebaka sa Lehata le ntse le fokotseha, Maria o ne a ntse a llela mora oa hae. (Johanne 19:17, 25) E ka ’na eaba o ile a hopola lintho tse ngata. Mohlomong ka ho khetheha o ile a hopola lintho tse etsahetseng lilemong tse ka bang 33 tse fetileng. Ha eena le Josefa ba ne ba sa tsoa hlahisa lesea la bona leo ba neng ba le rata tempeleng Jerusalema, monna e mong ea hōlileng ea bitsoang Simeone o ile a bululeloa hore a profete. O ile a profeta hore Jesu o tla etsa lintho tse hlollang, empa o ile a boela a re ka letsatsi le leng Maria o ne a tla ikutloa joalokaha eka o hlabiloe ka sabole e telele. (Luka 2:25-35) Ke hona nakong eo e bohloko moo a ileng a utloisisa bonnete ba mantsoe ao ka botlalo.

Maria o ile a utloa bohloko bo otlang pelo

Ho ’nile ha boleloa hore ha ho na ntho e utloisang bohloko ka ho fetisisa ho feta ho shoela ke ngoana. Lefu ke sera se lonya ’me ha ho na motho eo le sa mo utloiseng bohloko. (Baroma 5:12; 1 Bakorinthe 15:26) Na motho a ka mamella bohloko boo? Ha re ntse re bala pale ea bophelo ba Maria ho tloha ha Jesu a ne a qala tšebeletso ea hae ho fihlela ha a e-shoa le ka mor’a moo, re tla ithuta lintho tse ngata mabapi le hore na tumelo e ile ea mo thusa joang hore a mamelle bohloko bo otlang pelo joalo.

“LE ETSE ENG KAPA ENG EO A LE BOLELLANG EONA”

A re ke hlahlobe se ileng sa etsahala lilemong tse tharo le halofo tse fetileng: Maria o ile a lemoha hore ho na le liphetoho tse tlang. Esita le motseng o monyenyane oa Nazaretha, batho ba ne ba bua ka Johanne Mokolobetsi le ka molaetsa oa hae o susumetsang, o khothalletsang batho hore ba bake. Maria o ile a hlokomela hore mora oa hae oa letsibolo o ne a talima litaba tseo e le pontšo; e ne e le nako ea hore a qale tšebeletso ea hae. (Matheu 3:1, 13) Ho ba sieo ha Jesu ho ne ho bolela hore ho tla ba le liphetoho tse khōlō ho Maria le ho ba lelapa la hae. Hobane’ng?

Ho bonahala eka monna oa Maria, e leng Josefa, o ne a se a shoele. Haeba ho joalo, Maria o ne a tseba hore na ho joang ho shoeloa ke motho eo a mo ratang. * Jesu o ne a se a sa bitsoe feela “mora oa ’metli oa mapolanka” empa o ne a boetse a bitsoa “’metli oa mapolanka.” Ho hlakile hore Jesu e ne e se e le eena ea tsamaisang khoebo ea ntate oa hae ebile e le eena ea hlokomelang lelapa, le neng le e-na le bonyane bana ba tšeletseng ba neng ba mo hlahlama. (Matheu 13:55, 56; Mareka 6:3) Esita le haeba Jesu o ne a ntse a koetlisa Jakobo—e leng eena eo e ka ’nang eaba o ne a hlahlama Jesu—hore a tsoele pele ka khoebo, lelapa le ne le tla hula ka thata ha mora e moholo a tsamaea. Maria o ne a se a ntse a e-na le boikarabelo bo boima; empa na o ile a tšosoa ke phetoho eo? Mohlomong ho joalo. Empa potso ea bohlokoa haholo ke  ena: O ne a tla etsa’ng ha Jesu oa Nazaretha e e-ba Jesu Kreste, Mesia eo esale a tšepisoa? Tlaleho e ’ngoe ea Bibele e re bolella ho hong ka taba ena.—Johanne 2:1-12.

Jesu o ile a ea ho Johanne e le hore a mo kolobetse ’me ea e-ba Motlotsuoa oa Molimo, kapa Mesia. (Luka 3:21, 22) Ka mor’a moo a qala ho khetha barutuoa ba hae. Le hoja mosebetsi oa hae o ne o potlakile, o ne a ntse a ipha nako ea ho ithabisa le ba lelapa le metsoalle. Jesu, ’mè oa hae, barutuoa ba hae le barab’abo ba ile ba ea lenyalong motseng oa Kana, oo mohlomong o neng o le ka holim’a leralla lik’hilomithara tse ka bang 13 ho tloha Nazaretha. Nakong ea mokete oo, Maria o ile a hlokomela bothata bo bong. Mohlomong o ile a bona ba bang ba lelapa la banyalani bao ba tšoenyehile ba bile ba ntse ba hoeshetsa. Ba ne ba feletsoe ke veine! Ho ea ka setso sa bona, ho felloa ke veine ha lelapa le amohetse baeti e ne e le ntho e tlotlollang ebile seo se ne se ka senya mokete haholo. Maria o ile a ba utloela bohloko eaba o bua le Jesu.

O ile a re ho mora oa hae, “ha ba na veine.” O ne a lebeletse hore Jesu a etse’ng? Ha re tsebe, empa o ne a tseba hore mora oa hae ke motho e moholo ea neng a ka etsa lintho tse hlollang. Mohlomong o ne a tšepile hore eo e ne e le nako ea hore a qale ho etsa lintho tseo tse hlollang. Ha e le hantle, o ne a re ho Jesu, “Mora, ke kōpa u ke u thuse!” E tlameha ebe karabo ea Jesu e ile ea mo makatsa. O ile a re: “Mosali, taba ea ka le uena ke efe?” Mantsoe a Jesu a ne a sa bontše ho se hlomphe, le hoja batho ba ’nile ba nahana joalo. Ho e-na le hoo, ka ho bua joalo Jesu o ne a khalemela ’mè oa hae ka mosa. Jesu o ne a hopotsa ’mè oa hae hore o ne a sa lokela ho mo bolella hore na a etse tšebeletso ea hae joang; boo e ne e le boikarabelo ba Ntate oa hae, Jehova.

Maria o ile a amohela khalemelo ea mora oa hae, kaha e ne e le mosali ea mamelang le ea ikokobelitseng. O ile a bua le ba neng ba sebeletsa moketeng oo, a re: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.” Maria o ile a hlokomela hore ha e sa le boikarabelo ba hae hore a bolelle mora oa hae hore na a etse’ng; ho e-na le hoo, eena le ba bang ba ile ba etsa seo Jesu a ileng a re ba se etse. Jesu o ile a bontša hore le eena, joaloka ’mè oa hae o ne a qenehela banyalani bao ba bacha. O ile a etsa mohlolo oa pele, a fetola metsi veine e monate. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? “Barutuoa ba hae ba beha tumelo ea bona ho eena.” Maria le eena o ile a beha tumelo ho Jesu. O ne a se a sa mo talime e le mora oa hae feela, empa e le Morena le Mopholosi oa hae.

Kajeno batsoali ba ka ithuta ntho ea bohlokoa tumelong ea Maria. Ke ’nete hore ha ho na motho ea kileng a hōlisa ngoana ea tšoanang le Jesu. Empa ha ngoana ofe kapa ofe, le hoja a sa phethahala, e e-ba motho e moholo ho ka ba thata ho motsoali hore a amohele phetoho eo. Motsoali a ka ’na a tsoela pele a tšoara mora kapa morali oa hae joaloka ngoana, le hoja a se a sa lokela ho mo tšoara ka tsela eo. (1 Bakorinthe 13:11) Motsoali a ka thusa ngoana ea seng a hōlile joang? Tsela e ’ngoe ke ka hore a bontše hore o tšepa hore mora kapa morali oa hae o tla tsoela pele a sebelisa seo Bibele e se rutang le hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa ha a etsa joalo. Ha motsoali a tšepa ngoana oa hae, seo se ka tsoela ngoana molemo o moholo. Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a ananela tsela eo Maria a mo tšehelitseng ka eona lilemong tse latelang tseo ho ileng ha etsahala lintho tse ngata tse hlollang.

“BARAB’ABO BA NE BA SA BONTŠE TUMELO HO EENA”

Likosepele ha li bue hakaalo ka Maria lilemong tse tharo le halofo tsa tšebeletso ea Jesu. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore e ka ’na eaba e ne e le mohlolohali, e le motsoali a le mong ’me mohlomong o ne a le lapeng a hōlisa bana ba banyenyane. Ka lebaka leo, o ne a sa khone ho tsamaea le Jesu ha a ne a ntse a bolela ho pholletsa le naha ea habo. (1 Timothea 5:8) Ho ntse ho le joalo, o ile a tsoela pele a nahanisisa ka  lintho tseo a neng a ithutile tsona ka Mesia a bile a e-ba teng synagogeng, joalokaha esale e le tloaelo ea lelapa la hae.—Luka 2:19, 51; 4:16.

Kahoo, ho hlakile hore o ne a le har’a batho ba neng ba mametse Jesu, ha a ntse a bua ka synagogeng e Nazaretha. O ile a thaba hakaakang ha a utloa mora oa hae a bolela hore boprofeta ba lilemong tse makholo tse fetileng bo mabapi le Mesia bo phethahala ho Eena! Leha ho le joalo, e tlameha ebe o ile a utloa bohloko ha a bona hore Banazaretha ba habo ha ba amohele mora oa hae. Ba ne ba bile ba batla ho mo bolaea!—Luka 4:17-30.

Ntho e ’ngoe e neng e mo utloisa bohloko ke tsela eo bara ba bang ba hae ba neng ba talima Jesu ka eona. Ho Johanne 7:5 re ithuta hore barab’abo Jesu ba bane, ba ne ba se na tumelo e tšoanang le ea ’mè oa bona. E re: “Barab’abo ba ne ba sa bontše tumelo ho eena.” Bibele ha e bue letho ka likhaitseli tsa Jesu ’me e ka ’na eaba o ne a e-na le likhaitseli tse peli. * Maria o ne a tseba bohloko ba ho ba lelapeng la batho ba seng bolumeling bo le bong. O ne a lokela hore a se ke a cheseha ka ho feteletseng empa a lule a tšepahalla ’nete ea Molimo ’me ka nako e tšoanang a loanela ho etsa hore ba lelapa la hae ba rate ’nete, a sa ba hatelle kapa a sa ba loantše.

Ka letsatsi le leng, beng ka Jesu—bao ho hlakileng hore ba ne ba akarelletsa le barab’abo—ba ile ba tsoa ho ea “tšoara” Jesu. Ha e le hantle ba ne ba re: “O lahlehetsoe ke kelello.” (Mareka 3:21, 31) Ho hlakile hore Maria o ne a sa nahane joalo, empa o ile a tsamaea le bara ba hae, mohlomong a tšepile hore ho na le seo ba tla ithuta sona se tla ba thusa hore ba be le tumelo. Na ho na le seo ba ileng ba ithuta sona? Le hoja Jesu a ile a ’na a etsa mehlolo a ba a ruta batho linnete tse babatsehang, bara ba bang ba Maria ba ne ba ntse ba sa lumele ho Jesu. Na Maria o ile a teneha a bile a ipotsa hore na ke’ng e ka etsang hore ba lumele?

Na u lula lelapeng leo litho tsa lona li arohaneng bolumeling? U ka ithuta thuto ea bohlokoa tumelong ea Maria. Ha aa ka a felloa ke tšepo ea hore beng ka eena le bona e tla ba balumeli. Ho e-na le hoo, o ile a etsa hore ba bone hore tumelo ea hae e ne e etsa hore a thabe ebile e mo tlisetsa khotso. Ka lehlakoreng le leng, o ile a lula a tšehetsa mora oa hae ea tšepahalang. Na o ne a hloloheloa Jesu? Na ka linako tse ling o ne a lakatsa eka a ka be a ntse a le lapeng? Haeba ho ne ho le joalo, o ne a khona ho laola maikutlo ao. O ne a thabela tlotla ea ho tšehetsa le ho khothatsa Jesu. Na le uena u ka thusa bana ba hao hore ba nke ho sebeletsa Molimo e le ntho e tlang pele bophelong ba bona?

“SABOLE E TELELE E TLA PHUNYELETSOA MOEENG OA HAO”

Na Maria o ile a putsoa ka lebaka la ho ba le tumelo ho Jesu? Ha ho mohla Jehova a hlōlehang ho putsa batho ba bontšang tumelo ’me ho hlakile hore le Maria o ile a putsoa. (Baheberu 11:6) Ak’u nahane feela hore na o ne a ikutloa joang ha a mametse mora oa hae a bua kapa ha a utloa batho ba bua ka lithuto tseo Jesu a ileng a ba ruta tsona.

Lipapiso tsa Jesu tse ngata li bontša hore o ile a ananela koetliso eo a filoeng ke Josefa le Maria

Ha Jesu a ne a etsa lipapiso, na Maria o ile a utloa Jesu a bua ka lintho tseo a neng a li bona ha a ntse a hōla? Ha Jesu a ne a bua ka mosali ea fielang ntlo e le hore a fumane chelete ea tšepe e lahlehileng, ea silang phofo e le hore a phehe bohobe, kapa ea khantšang lebone ’me a le beha holim’a seluloana, na Maria o ile a nahana ka moshanyana ea neng a lula a le lehlakoreng la hae ha a ntse a etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi? (Luka 11:33; 15:8, 9; 17:35) Ha Jesu a ne a re joko ea hae e mosa ’me mojaro oa hae o bobebe, na Maria o ile a hopola ka nako e monate ha a ne a shebile Josefa a ruta Jesu e monyenyane ho betla joko ka hloko e le hore phoofolo e khone ho e jara? (Matheu 11:30) Ka sebele Maria o ile a khotsofala haholo ha a nahana ka tokelo eo Jehova a mo fileng eona bophelong ba hae—ea ho hōlisa le ho koetlisa mora eo e neng e tla ba Mesia.  E tlameha ebe ka ho khetheha o ile a thabisoa ke ho mamela Jesu, mosuoe e moholo ka ho fetisisa, ea neng a sebelisa maemo le lintho tse tloaelehileng ho ruta batho lithuto tsa bohlokoa!

Leha ho le joalo, Maria o ile a lula a ikokobelitse. Mora oa hae o ne a sa mo rorise ka ho feteletseng ’me ho hlakile hore o ne a sa mo rapele. Ka letsatsi le leng ha a ntse a ruta, mosali e mong o ile a hoeletsa ’me a bolela hore e tlameha ebe ’mè oa Jesu o thabile e le kannete hore ebe o mo tsoetse. O ile a araba ka ho re: “Che, ho e-na le hoo, Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:27, 28) Hape, ha ba bang letšoeleng ba bolella Jesu hore ’mè oa hae le barab’abo baa mo batla, o ile a re mang kapa mang ea lumelang, ke eena eo e leng ’mè oa hae le barab’abo. Ho e-na le hore a khopisoe ke seo, Maria o ile a utloisisa seo Jesu a neng a se bolela, e leng hore ha batho ba ithuta ka Molimo, seo se ba momahanya ho feta ha e le litho tsa lelapa.—Mareka 3:32-35.

Ho ntse ho le joalo, ha ho na mantsoe a ka hlalosang bohloko boo Maria a ileng a bo utloa ha a bona mora oa hae a shoa ka sehlōhō thupeng ea tlhokofatso. Hamorao, motho ea ileng a bona sena ka mahlo e leng moapostola Johanne, o ile a kenya taba ena lengolong la hae: Nakong ena e boima, Maria o ne a eme “haufi le thupa ea tlhokofatso ea Jesu.” Ho ne ho se na ntho e ka thibelang ’mè enoa ea neng a tšepahala le ea neng a rata mora oa hae, ho tšehetsa ngoan’a hae ho fihlela bofelong. Jesu o ile a mo bona ’me le hoja ho ne ho le boima ho hema ebile ho le thata ho bua, o ile a bua. O ile a kōpa Johanne e leng moapostola eo Jesu a neng a mo rata, hore a hlokomele ’mè oa hae. Kaha barab’abo Jesu e ne ntse e se balumeli, Jesu ha aa ka a ba fa boikarabelo ba ho hlokomela Maria empa o ile a bo fa molateli oa hae ea tšepahalang. Ka ho etsa joalo, Jesu o ile a bontša hore ke habohlokoa hakae hore monna ea nang le tumelo a hlokomele ba lelapa la hae, haholo-holo linthong tse amanang le ho sebeletsa Molimo.—Johanne 19:25-27.

Qetellong ha Jesu a shoa, Maria o ile a utloa bohloko joalokaha eka o hlajoa ka sabole e telele, e leng se ileng sa profetoa nako e telele pele ho moo. Haeba ho le thata ho utloisisa bohloko boo a ileng a bo utloa, re sitoa hakaakang ho nahana ka thabo eo a ileng a ba le eona matsatsi a mararo hamorao! Maria o ile a utloa hore mohlolo o moholo ka ho fetisisa o etsahetse—Jesu o ne a tsositsoe! Thabo ea hae e ile ea eketseha ha hamorao Jesu a hlaha ho mor’abo e leng Jakobo ’me ho hlakile hore o ile a etsa sena sephiring. (1 Bakorinthe 15:7) Seboka seo se ile sa etsa hore Jakobo hammoho le barab’abo Jesu ba bang ba fetole maikutlo. Hamorao ba ile ba lumela hore Jesu ke Kreste. Ho e-s’o ee kae, ba ile ba e-ba teng libokeng tsa Bokreste le ’mè oa bona, “ba phehella thapelong.” (Liketso 1:14) Hamorao ba babeli ba bona, Jakobo le Juda ba ile ba ngola libuka tsa Bibele.

Maria o ile a thaba ha a bona bara ba bang ba hae e e-ba Bakreste ba tšepahalang

Lekhetlo la ho qetela moo ho buuoang ka Maria, ke ha a e-na le bara ba hae libokeng ba rapela. Tlaleho ea Maria e fella hantle hakaakang ’me ka sebele o siile mohlala o motle haholo! Ka lebaka la tumelo ea hae, o ile a mamella bohloko bo otlang pelo ba sabole ’me qetellong a amohela moputso o babatsehang. Haeba re etsisa tumelo ea hae, le rōna re ka mamella bohloko boo lefatše lena le re utloisang bona ’me re tla thabela meputso e meholo ho feta kamoo re ka nahanang kateng.

^ ser. 8 Ka mor’a hore ho buuoe ka Josefa ketsahalong e ’ngoe ha Jesu a ne a le lilemo li 12, ha ho sa na moo Likosepele li buang ka eena. Ka mor’a moo, ho buuoa ka ’mè oa Jesu le bana ba bang ba hae empa ha ho buuoe ka Josefa. Ka nako e ’ngoe Jesu o ne a bitsoa “mora oa Maria” eseng oa Josefa.—Mareka 6:3.

^ ser. 16 Josefa e ne e se ntate oa Jesu empa o ne a mo hōlisitse, kahoo, ha e le hantle bana bao e ne e le babo Jesu ka ’mè.—Matheu 1:20.