Buka ya Bobedi ya Bakorinthe 8:1-24

  • Monehelo bakeng sa Bakreste ba Judea (1-15)

  • Tite o romelwa Korinthe (16-24)

8  Bana beso, re batla hore le tsebe ka mosa* oo Modimo a o bontshitseng diphutheho tsa Macedonia.+  Nakong eo ba neng ba le mahlomoleng ka lebaka la teko e kgolo e ba hlahetseng, ba ile ba bontsha hore ke batho ba ratang ho fana ka hore ba fane ba thabile le hoja ba ne ba futsanehile haholo.  Ke a paka hore ba fane kahohle ka moo ba ka kgonang+ ebile ba fane le ho feta ka moo ba neng ba ka kgona.+  Ba ile ba ba ba ikopela hore le bona ba fuwe monyetla wa hore ba fane le hore ba kenye letsoho ho thusa badumedimmoho le bona.*+  Ba ile ba etsa le ho feta ka moo re neng re lebelletse ka teng ka ha ba ile ba itela bakeng sa Morena le bakeng sa rona ho ya ka thato ya Modimo.  Ka hoo, re ile ra kgothaletsa Tite+ ho qetela mosebetsi oo a neng a o qadile ha a ena le lona, wa ho bokella dimpho tseo le faneng ka tsona ka ho rata.  Le etsa hantle dinthong tsohle. Tumelo ya lona e matla, le na le bokgoni ba ho ruta lentswe la Modimo, le na le tsebo e ngata, le etsa dintho tsohle ka mafolofolo ebile le rata batho ba bang feela jwalo ka ha re le rata. Ka hoo, e se eka le ka tswela pele ho fana ka ho rata.+  Ha ke le laele hore na le etseng empa ke batla le bone ka moo batho ba bang ba itelang ba bileng ba sebetsang ka thata ka teng. Hape ke batla ho bona hore na lerato la lona ke la nnete.  Le tseba ka moo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mosa ka teng, hore le ha e ne e le morui o ile a iketsa mofutsana ka lebaka la lona,+ e le hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui. 10  Ke nahana hore+ mosebetsi ona o tswela lona molemo ka ha le ile la o qala selemong se fetileng ebile e le ka ho rata. 11  Ka hoo, qetang mosebetsi oo ka mafolofolo ao le neng le ena le ona ha le ne le o qala. 12  Modimo o amohela mpho e tswang pelong hobane o lebelletse hore motho a mo fe seo a nang le sona+ eseng seo a se nang sona. 13  Ha ke batle ho nolofalletsa batho ba bang dintho ebe lona ke a le imetsa. 14  Ke batla hore le lekane, dintho tse ngata tseo le nang le tsona di tlatselletse moo ba haellwang le dintho tse ngata tseo ba nang le tsona di tlatselletse moo le haellwang 15  feela jwalo ka ha Mangolo a re: “Ho ne ho se na motho ya nang le ho hongata haholo kapa ho honyenyane haholo.”+ 16  Re leboha Modimo hore ebe Tite o amehile ka lona feela jwalo ka ha le rona re amehile ka lona+ 17  hobane o ile a etsa seo re itseng a se etse ebile o ithaopetse ho tla ho lona hobane o ne a batla ho re thusa. 18  Re mo romela le ngwanabo rona eo diphutheho tsohle di mo buang hantle ka lebaka la mosebetsi oo a o etsang wa ho bolela ditaba tse monate. 19  Diphutheho tsohle di mo kgethile hore a tsamaye le rona ha re isa mpho ena. Mpho ena e tla etsa hore Morena a tlotliswe mme e tla bontsha hore re batla ho thusa batho ba bang. 20  Re leka ho etsa hore ho se ke ha eba le motho ya fumanang molato mosebetsing wa rona wa ho abela batho menehelo.+ 21  Re ‘etsa ntho e nngwe le e nngwe ka botshepehi eseng mahlong a Jehova* feela empa le mahlong a batho.’+ 22  Re ba romela le ngwanabo rona eo ka makgetlo a mangata a ileng a bontsha hore o a tshepahala le hore o ikemiseditse ho etsa dintho tse ngata. O re thusitse ka dintho tse ngata mme le lona o batla ho le thusa hobane o a tseba hore le tla etsa se nepahetseng. 23  Haeba ho ena le motho ya nang le dipelaelo ka Tite, le tsebe hore ke sebetsa le yena ho le thusa. Haeba batho ba ena le dipelaelo ka bana bana babo rona ba tsamayang le yena, le tsebe hore ba rometswe ke phutheho* mme ba tlotlisa Kreste. 24  Ba bontsheng hore le a ba rata+ e le hore diphutheho di bone hore na ke hobaneng ha re le motlotlo ka lona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “bahalaledi.”
Ka Segerike: “ke baapostola.”