Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla Ba Teng Neng?

Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla Ba Teng Neng?

“KE NA le toro.” Lilemong tse 50 tse fetileng, ka la 28 August, 1963, Martin Luther King, Jr., e leng moeta-pele oa litokelo tsa botho oa Moamerika, o ile a bua mantsoe ana puong ea hae e tsebahalang. Ka mantsoe ao a thahasellisang, King o ile a bolela toro ea hae, kapa tšepo ea hae ea hore ka letsatsi le leng batho ba tla phela ba sa khethollane ka merabe. Le hoja a ne a bolella batho ba United States seo a se labalabelang, batho ba lichaba tse ling tse ngata le bona ba labalabela ntho e tšoanang.

Martin Luther King, Jr., ha a fana ka puo ea litokelo tsa botho

Ka la 20 November, 1963, likhoeli tse tharo ka mor’a hore King a fane ka puo eo, linaha tse fetang 100 li ile tsa amohela Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ea Ho Felisoa ha Mefuta Eohle ea Khethollo ea Merabe. Lilemong tse mashome tse ileng tsa latela, ho ile ha amoheloa liphatlalatso tse ling. Boiteko bona bo babatsehang bo hlahisa potso, Ebe phello e bile efe?

Ka la 21 March, 2012, Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Ban Ki-moon o ile a re: “Ho na le litsela le lilekane tse ngata tsa bohlokoa—hammoho le moralo o akaretsang—tse reretsoeng ho thibela le ho felisa khethollo ea merabe, ho hloea batho ba tsoang linaheng tse ling le ho se mamellane. Leha ho le joalo, khethollo ea merabe e tsoela pele ho bakela batho ba limilione mathata lefatšeng ho pota.”

Esita le linaheng tse seng li hatetse pele tabeng ea ho loantša khethollo ea merabe le mefuta e meng ea leeme, ho sa ntse ho e-na le potso ena: Na khatelo-pele ee e hlile e ntšitse maikutlo a khethollo bathong kapa e mpa e entse hore batho ba se ke ba e bontša? Ba bang ba lumela hore boiteko bona bo mpa bo thusa ho thibela khethollo, empa ha bo khone ho felisa leeme. Hobane’ng? Hobane khethollo ke ketso e bonahalang le eo motho a ka e ahloleloang, athe leeme le tsamaisana le tsela eo motho a nahanang a bileng a ikutloang ka eona, e leng seo ho seng bonolo ho se laola.

Ka lebaka leo, boiteko ba ho felisa leeme ha boa lokela ho thibela feela liketso tsa khethollo empa bo boetse bo lokela ho fetola tsela eo batho ba nahanang le ho ikutloa ka eona ka batho ba bang. Na see se ka etsoa? Haeba ho joalo, se ka etsoa joang? A re ke re hlahlobe se thusitseng batho ba ’maloa e le hore re bone hore hoa khoneha hore batho ba fetohe le hore ho na le se ka ba thusang ho etsa joalo.

BIBELE E BA THUSITSE HO LOANTŠA KHETHOLLO

“Ke ikutloa ke lokolohile litlamong tsa leeme.”—Linda

Linda: Ke hlahetse Afrika Boroa. Ke ne ke nka hore Maafrika Boroa a matšo ke batho ba boemo bo tlaase, ba sa rutehang, ba ke keng ba tšeptjoa, ebile ke basebeletsi feela ba batho ba basoeu. Ke ne ke bontša khethollo ebile ke sa hlokomele seo. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho fetola tsela eo ke ikutloang ka eona ha ke qala ho ithuta Bibele. Ke ile ka ithuta hore “Molimo ha a leeme” le hore pelo ke ea bohlokoa ho feta ’mala oa rōna oa letlalo kapa puo eo motho a e buang. (Liketso 10:34, 35; Liproverbia 17:3) Lengolo la Bafilipi 2:3 le nthusitse ho bona hore haeba ke nka hore batho bohle ba mphahametse, nka khona ho loantša khethollo. Ho phela ka melao-motheo ea Bibele e kang ona ho nthusitse ho thahasella batho ba bang ho sa tsotellehe ’mala oa bona oa letlalo. Joale ke ikutloa ke lokolohile litlamong tsa leeme.

“Ke ile ka hlokomela hore na Molimo o talima batho joang.”—Michael

Michael: Ke hōletse sebakeng se neng se e-na le Maaustralia a mangata a masoeu, ’me ka ba le  lehloeo le tebileng ho batho ba Asia, haholo-holo Machaena. Ha ke ne ke bona motho eo ekang ke oa Asia ke ntse ke khanna koloi, ke ne ke bula fensetere ebe kea mo seolla ke re, “Tsamaea u ee haeno koana, Moasia tooe!” Hamorao, ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore na Molimo o talima batho joang. O oa ba rata ho sa tsotellehe hore na ba tsoa hokae kapa hore na ba shebahala joang. Lerato lena le ile la nkama maikutlo, ’me lehloeo leo ke neng ke e-na le lona la nkeloa sebaka ke lerato. Hoa hlolla hore ebe ke ile ka etsa phetoho e khōlō hakaalo. Hona joale ke thabela botsoalle le batho ba linaha tsohle le ba limelo tsohle. Sena se entse hore ke be le pono e batsi ka bophelo, ’me se ntliselitse thabo e khōlō.

“Ke ile ka fetola maikutlo, ’me ka bōpa khotso.”—Sandra

Sandra: Habo ’mè oa ka ke Umunede e Profinseng ea Delta, Nigeria. Lelapa labo Ntate, ke la Profinseng ea Edo, ’me le bua Seesan. Ka lebaka la ho se tšoane hona, lelapa labo Ntate le ile la khetholla ’mè oa ka haholo ho fihlela a e-shoa. Kahoo ke ile ka ikana ka re, ha ho letho le tla nkopanya le motho ea buang Seesan ebile nke ke ka nyaloa ke monna ea tsoang Profinseng ea Edo. Empa ha ke ithuta Bibele, ke ile ka qala ho sheba lintho ka tsela fapaneng. Kaha Bibele e re Molimo ha a leeme le hore mang kapa mang ea mo tšabang o oa amoheleha ho Eena, ’na ke mang hore ke hloee batho ba merabe e meng kapa ba lipuo tse ling? Ke ile ka fetola maikutlo, ’me ka bōpa khotso le ba habo ntate oa ka. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ntliselitse thabo, ho bile ho mphile khotso ea kelello. Ho boetse ho nthusitse ho phela ka kutloano le batho ba bang ho sa tsotellehe semelo sa bona, morabe, puo, kapa sechaba. Monna ea ’nyetseng eena ke oa morabe ofe? Ke oa Profinseng ea Edo, ’me o bua Seesan!

Ke hobane’ng ha Bibele e atlehile ho thusa batho baa hammoho le ba bang ba bangata hore ba hlōle leeme le lehloeo le metseng ka metso? Ke hobane Bibele ke Lentsoe la Molimo. E na le matla a ho fetola tsela eo motho a nahanang le eo a ikutloang ka  eona ka batho ba bang. Ho feta moo, Bibele e bontša ntho e ’ngoe e hlokahalang e le hore ho felisoe khethollo ka ho feletseng.

’MUSO OA MOLIMO O TLA FELISA KHETHOLLO KA HO FELETSENG

Le hoja ho tseba Bibele ho ka thusa batho ho laola maikutlo le ho loantša litšekamelo tse metseng ka metso, ho na le lintlha tse peli tseo ho lokelang hore ho sebetsanoe le tsona pele e le hore ho felisoe khethollo. Ea pele, ke sebe le ho se phethahale. Bibele e re: “Ha ho na motho ea sa etseng sebe.” (1 Marena 8:46) Ka hona ho sa tsotellehe hore na re leka ka thata hakae, re talimane le bothata bo kang ba moapostola Pauluse ea ileng a re: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” (Baroma 7:21) Kahoo, nako le nako lipelo tsa rōna tse sa phethahalang li tla ba le “menahano e kotsi” e ka etsang hore re be le khethollo.—Mareka 7:21.

Ntlha ea bobeli ke tšusumetso ea Satane Diabolose. Bibele e re ke “’molai” le hore o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Johanne 8:44; Tšenolo 12:9) Sena se hlakisa taba ea hore na ke hobane’ng ha khethollo e atile hakana le hore na ke hobane’ng ha batho ba sa khone ho felisa leeme, khethollo, litlhaselo tsa merabe le mefuta e meng ea khethollo ea merabe, khethollo ea malumeli le ho khetholloa ha batho ka maemo a bona a bophelo.

Kahoo, e le hore khethollo e felisoe ka ho feletseng, ho tlameha ho felisoe sebe le ho se phethahale hammoho le tšusumetso ea Satane Diabolose. Bibele e bontša hore ’Muso oa Molimo o tla etsa seo.

Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele Molimo, ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) ’Muso oa Molimo o tla felisa ho hloka toka, ho akarelletsa mefuta eohle ea khethollo le leeme.

Ha ’Muso oa Molimo o tla ’me o se o busa lefatšeng, Satane o tla ‘tlangoa,’ kapa a thibeloe ka ho feletseng, e le hore ‘a se ke a hlola a khelosa lichaba.’ (Tšenolo 20:2, 3) Joale ho tla ba le “lefatše le lecha,” kapa moloko oa batho, ’me ‘ho loka ho tla aha ho lona.’ *2 Petrose 3:13.

Batho ba lokileng ba tla phela lefatšeng leo le lecha ba tla tlisoa phethehong, ’me ba tla lokoloha sebeng. (Baroma 8:21) E le bafo ba ’Muso oa Molimo, ‘ba ke ke ba ntša kotsi leha e le efe kapa ba baka tšenyo.’ Hobane’ng? “Hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:9) Ka nako eo, batho bohle ba tla ithuta litsela tsa Jehova Molimo le ho etsisa botho ba hae bo lerato. Ka sebele, o tla felisa ho hloka khethollo ka ho feletseng, “etsoe Molimo ha a leeme.”Baroma 2:11.

^ ser. 17 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsa haufinyane, sheba khaolo ea 3, ea 8 le ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.