Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Khethollo ea Morabe

Khethollo ea Morabe

Merabe eohle e tsoa hokae?

‘Adama o ile a reha mosali oa hae lebitso la Eva, hobane o ne a tla fetoha ’mè oa e mong le e mong ea phelang.’—Genese 3:20.

SEO LITSEBI LI SE BUANG

Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso, o bontša hore “batho bohle ba tsoa mofuteng o le mong oa ntho e phelang ’me ba na le moholo-holo a le mong.”—Phatlalatso ea Merabe le Khethollo ea Morabe, 1978.

SEO BIBELE E SE BUANG

Molimo o ile a bōpa batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva, ’me a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Genese 1:28) Kahoo, Adama le Eva e ile ea e-ba batsoali ba moloko oohle oa batho. Hamorao, ha moroallo o ne o timetsa batho bohle lefatšeng, ho ile ha phonyoha batho ba robeli feela, e leng Noe le mosali oa hae hammoho le bara ba bona ba bararo le basali ba bona. Bibele e ruta hore kaofela ha rōna re litloholo tsa bara ba Noe.—Genese 9:18, 19.

 Na ho na le morabe o phahametseng e meng?

“[Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.”—Liketso 17:26.

SEO BA BANG BA SE BUILENG

Lekholong la bo20 la lilemo, batho ba bangata ba ile ba amohela lithuto tsa khethollo ea morabe. Ka mohlala, Manazi a ne a tsitlella hore baeloji e lumellana le taba ea hore morabe oa ’ona o phahametse e meng. Ka lehlakoreng le leng, phatlalatso ea mokhatlo o qotsitsoeng pejana ea lumela hore “moloko oohle oa batho oa lekana kaha kaofela re litloholo tsa motho a le mong.”

SEO BIBELE E SE BUANG

Liketso 10:34, 35 e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” Ka lebaka lena, ha ho na motho eo ka nepo a ka reng morabe o mong o phahametse o mong.

Jesu o ile a behela Bakreste mohlala ha a ne a re ho barutuoa ba hae: “Lōna bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) O ile a rapella hore balateli ba hae ba be ngatana ’ngoe ’me ‘ba be bang ka botlalo,’ ba se ke ba arohana.—Johanne 17:20-23; 1 Bakorinthe 1:10.

Na khethollo ea morabe e tla ke e fele?

“Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata . . . , lichaba tsohle li tla phallela ho eona.”—Esaia 2:2.

SEO BA BANG BA SE NAHANANG

Khohlano ea merabe e ntseng e tsoela pele e entse hore batho ba linaheng tse sa tšoaneng, ba ipotse hore na ebe ho na le seo mekhatlo ea sechaba e se entseng ho loantša khethollo ea morabe. Ba bang ba entse qeto ea hore khethollo ea morabe e ke ke ea fela le ka mohla.

SEO BIBELE E SE BUANG

Molimo a ke ke a lumella lehloeo la morabe hore le tsoele pele ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, ’Musong oa hae, banna le basali ba tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle” ba tla mo sebeletsa ba momahane, ba bontša hore ba ratana e le kannete. (Tšenolo 7:9) ’Muso oa Molimo hase ntho e ka pelong ea motho. Ho e-na le hoo, ke puso e tla tlisa liphetoho tse khōlō lefatšeng, e leng sebaka seo Molimo a neng a rerile hore batho bohle ba lule ho sona ba sa khethollane ka merabe. *

^ ser. 15 Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba khaolo ea 3 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.