Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE: LEFATŠE LE SE NANG KHETHOLLO—LE TLA BA TENG NENG?

Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle

Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle

JONATHAN ea hlahetseng Amerika empa batsoali ba hae e le Makorea, o hōtse a khetholloa ka lebaka la morabe oa hae. Ha a ntse a hōla, o ile a batla sebaka seo batho ba neng ba sa tl’o mo khetholla ka lebaka la tšobotsi kapa morabe oa hae. E ile ea e-ba ngaka motseng o ka leboea ho Alaska, U.S.A., moo a neng a tšoana le bakuli ba bangata bao a ba sebeletsang. O ne a tšepa hore mohlomong sebakeng seo sa Arctic Circle, a ke ke a tobana le khethollo.

Empa o ile a soetseha ha a ntse a thusa mosali e mong ea lilemo li 25. Ha mosali eo ea neng a akhehile a phaphama, o ile a sheba Jonathan a ntan’o rohakana, ho bontša kamoo a hloileng Makorea kateng. Ketsahalo ena e bohloko e ile ea hopotsa Jonathan hore boiteko bohle boo a neng a bo entse ba ho falla le ho iketsa karolo ea batho ba moo, bo hlōlehile ho mo lokolla khethollong.

Sena se etsahaletseng Jonathan se totobatsa ’nete e bohloko. Khethollo e hohle. Ho bonahala eka hohle  moo batho ba leng teng ho boetse ho na le khethollo.

Le hoja khethollo e le kobo-anela, batho ba bangata ba potlakela ho e nyatsa. Ka sebele taba ena ea makatsa. Ho tla joang hore ntho eo batho ba e hloileng hakaale e ate hakana? Ho hlakile hore batho ba bangata ba nyatsang khethollo ba sitoa ho hlokomela hore ba na le eona. Uena? U ka araba potso ee joang?

TABA ENA EA RE AMA

Ebang rea hlokomela kapa che, ho thata ho lemoha haeba re e-na le leeme le itseng lipelong tsa rōna. Bibele e hlalosa lebaka la sena ha e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe.” (Jeremia 17:9) Kahoo, re ka ’na ra ithetsa ’me ra nka hore re mamella batho ba mefuta eohle. Kapa re ka ’na ra ikemela ka hore re na le lebaka le utloahalang la ho nyatsa batho ba itseng.

U ne u ka ikutloa joang ha u ne u ka tobana le boemo bo kang boo?

Ho bontša kamoo ho leng thata kateng hore motho a lemohe hore na o na le khethollo kapa che, ak’u nahane ka boemo bona: U tsamaea seterateng u le mong bosiu. Ho hlaha bahlankana ba babeli bao u sa ba tsebeng. Ba shahlile, ’me e mong oa bona ekare o tšoere ho hong ka letsohong.

Na u etsa qeto ea hore bahlankana baa ba kotsi? Ha e le hantle, lintho tse u hlahetseng nakong e fetileng li ka ’na tsa etsa hore u be hlokolosi, empa na seo se hlile se lokafatsa taba ea hore u etse qeto ea hore bahlankana baa ba babeli ba kotsi? Potso ea bohlokoa le ho feta e ka ba e reng, U nahane hore bahlankana baa ba babeli ke ba morabe ofe? Karabo ea hao potsong ena e ka senola ho hongata. E ka ’na ea bontša hore u hahlametsoe ke khethollo.

Ha re se re ipuela ’nete feela, tlaase botebong ba lipelo tsa rōna re na le khethollo ka tsela e itseng. Bibele e bua ka mofuta o mong o tloaelehileng oa khethollo ha e re: “Batho ba ahlola ba bang ho ea ka tšobotsi.” (1 Samuele 16:7, Contemporary English Version) Kaha kaofela ha rōna re na le tšekamelo ena—eo hangata e nang le liphello tse bohloko—na ho na le tšepo ea hore re tla ke re e hlōle kapa re e felise bophelong ba rōna? Hona na re tla ke re phele nakong eo ka eona lefatše lohle le tla hloka khethollo?