Fetela boitsebisong

Na le Mamella Malumeli a Mang?

Na le Mamella Malumeli a Mang?

Re latela keletso ea Bibele ea hore re ‘hlomphe batho bohle’—ho sa tsotellehe litumelo tsa bona. (1 Petrose 2:17, Bibele ea Sesotho) Ka mohlala, linaheng tse ling ho na le Lipaki Tsa Jehova tse likete tse makholo. Leha ho le joalo, ha re leke ho qobella bo-ralipolotiki kapa baetsi ba molao hore ba thibele mosebetsi o etsoang ke malumeli a mang. Ebile ha re tsoe letšolo la hore ho etsoe melao e tla qobella sechaba ka kakaretso hore se phele ka melao ea boitšoaro le lithuto tsa bolumeli tseo re li latelang. Ho e-na le hoo, re mamella ba bang ka tsela e tšoanang le eo re ratang hore ba re mamelle ka eona.—Matheu 7:12.