Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 1

Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong

Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong

“Ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali.” —Matheu 19:4

Jehova * Molimo ke eena ea thehileng lenyalo la pele. Bibele e re bolella hore o ile a etsa mosali oa pele ’me a “mo tlisa ho monna.” Adama o ile a thaba hoo a ileng a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” (Genese 2:22, 23) Jehova o ntse a batla hore batho ba nyalaneng ba thabe.

Ha u kena lenyalong, u ka ’na ua nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla tsamaea hantle. Empa ha e le hantle, esita le monna le mosali ba ratanang e le kannete ba tla ba le mathata mona le mane. (1 Bakorinthe 7:28) Bukaneng ena, u tla fumana melao-motheo ea Bibele, eo haeba u e sebelisa e ka u tlisetsang thabo lenyalong le lelapeng la hao.—Pesaleme ea 19:8-11.

1 AMOHELA BOIKARABELO BOO JEHOVA A U FILENG BONA

SEO BIBELE E SE BUANG: Monna ke hlooho ea lelapa. —Baefese 5:23.

Haeba u monna, Jehova o lebeletse hore u hlokomele mosali oa hao ka mosa. (1 Petrose 3:7) O entse mosali hore e be motlatsi oa hao ’me o batla hore u mo tšoare ka tlhompho le lerato. (Genese 2:18) U lokela ho rata mosali oa hao hoo u ikemiselitseng ho etelletsa lintho tseo a li ratang ka pele ho tsa hao.—Baefese 5:25-29.

Haeba u mosali, Jehova o lebeletse hore u hlomphe monna oa hao ka ho tebileng ’me u mo thuse ho phetha boikarabelo ba hae. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:33) Tšehetsa liqeto tseo a li etsang ’me u sebelisane le eena ka pelo ea hao eohle. (Bakolose 3:18) Ha u etsa joalo, u tla ba motle mahlong a monna oa hao le a Jehova.—1 Petrose 3:1-6.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Botsa molekane oa hao hore na u ka etsa’ng hore u be monna kapa mosali ea molemo. Mamela ka hloko, ’me u etse seo u ka se khonang hore u ntlafatse

  • E-ba le mamello. Ho tla nka nako hore ka bobeli le ithute ho etsa lintho tse thabisang molekane e mong

2 AMEHA E LE KANNETE KA MAIKUTLO A MOLEKANE OA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: U lokela hore u hlokomele lintho tseo molekane oa hao a li thahasellang. (Bafilipi 2:3, 4) Tšoara molekane oa hao e le motho oa bohlokoa haholo, u hopole hore Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba “be bonolo ho bohle.” (2 Timothea 2:24) ‘Ea buang a sa nahane o joaloka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.’ Kahoo, khetha mantsoe ka hloko. (Liproverbia 12:18) Moea oa Jehova o tla u thusa hore u bue ka mosa le lerato.—Bagalata 5:22, 23; Bakolose 4:6.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Rapella hore u khobe matšoafo ’me u lule u butse kelello pele le tšohla litaba tse tebileng le molekane oa hao

  • Nahana ka hloko ka seo u tla se bua le kamoo u tla se bua kateng

3 NKA HORE LE THIMI E SEBETSANG ’MOHO

SEO BIBELE E SE BUANG: Ha u kena lenyalong, u fetoha “nama e le ’ngoe” le molekane oa hao. (Matheu 19:5) Empa le ntse le le batho ba babeli ’me le ka ba le maikutlo a sa tšoaneng. Kahoo, le lokela ho ithuta ho momahana kelellong le maikutlong. (Bafilipi 2:2) Ho ba le bonngoe ke habohlokoa ha le etsa liqeto. Bibele e re: “Ka keletso [puisano] merero e tiisoa ka thata.” (Liproverbia 20:18) Lumellang melao-motheo ea Bibele ho le tataisa ha le etsa liqeto tsa bohlokoa hammoho. —Liproverbia 8:32, 33.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Tšollela molekane oa hao maikutlo, eseng feela ho mo phetela taba kapa khopolo e itseng

  • Buisana le molekane oa hao pele u itlama ho etsa lintho tse itseng

^ ser. 4 Jehova ke lebitso la Molimo joalokaha le senotsoe ka Bibeleng.