Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 2

Tšepahala ho Molekane oa Hao

Tšepahala ho Molekane oa Hao

“Seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Mareka 10:9

Jehova o batla hore re “rate botšepehi.” (Mikea 6:8, NW) Sena ke sa bohlokoa haholo lenyalong hobane ha botšepehi bo le sieo, ha ho kamoo le ka tšepanang. Botšepehi ke ba bohlokoa haholo hore lerato le hōle.

Kajeno, botšepehi lenyalong boa hlaseloa. Hore u sireletse lenyalo la hao, u lokela ho ikemisetsa ho etsa lintho tse peli.

1 NKA LENYALO LA HAO E LE LA BOHLOKOAHALI

SEO BIBELE E SE BUANG: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) Lenyalo la hao ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. U lokela ho le nka e le la bohlokoahali.

Jehova o batla hore u tsepamise kelello ho molekane oa hao ’me u ‘thabele bophelo’ hammoho le eena. (Moeklesia 9:9) O bolela ka ho hlakileng hore le ka mohla u se ke ua hlokomoloha molekane oa hao, empa ho e-na le hoo, ka bobeli le lokela ho batla litsela tsa ho thabisana. (1 Bakorinthe 10:24) Etsa hore molekane oa hao a ikutloe a hlokahala a bile a ananeloa.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Etsa bonnete ba hore kamehla le qeta nako le le hammoho, u fe molekane oa hao tlhokomelo kahohle-hohle

  • U se ke ua nahana ka uena feela

2 SIRELETSA PELO EA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Haeba motho a lula a nahana ka lintho tsa boitšoaro bo bobe, ka kutloisiso e itseng, ha a tšepahale ho molekane oa hae.

Jehova o re u lokela ho ‘sireletsa pelo ea hao.’ (Liproverbia 4:23; Jeremia 17:9) Hore u etse seo, u lokela ho lebela mahlo a hao. (Matheu 5:29, 30) Latela mohlala oa mopatriareka Jobo, ea ileng a etsa selekane le mahlo a hae hore a ke ke a talima mosali ka ho mo lakatsa. (Jobo 31:1) Ikemiselitse hore le ka mohla u se ke ua sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Hape u etse qeto e tiileng ea ho qoba ho ba le maikutlo a lerato ho motho e mong, ha e se molekane oa hao.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Etsa hore ba bang ba hlakeloe hore u ikemiselitse ka botlalo ho tšepahala ho molekane oa hao

  • Nahanela maikutlo a molekane oa hao ’me hang-hang u khaole setsoalle le motho leha e le efe haeba molekane oa hao a sa khotsofalle seo