Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banna—Tšoarang Basali ba Lōna Hantle

Banna—Tšoarang Basali ba Lōna Hantle

MONNA o lokela ho tšoara mosali oa hae joang? Batho ba bangata ba hōtse ba rutoa hore sepheo sa monna ke ho tiisa hore lelapa la hae le eme hantle licheleteng. Leha ho le joalo, basali ba bang bao malapa a bona a ruileng ha baa tsitsa maikutlong, ebile ba lula ba tšohile. Ka mohlala, ha Rosa e leng ’mè oa Lesepanishe a bua ka monna oa hae o re: “Ke motho ea lokileng ho batho ba bang, empa ke tau ka lapeng.” Joy oa Nigeria o re: “Ha ke ne ke sa lumellane le monna oa ka, o ne a ee a re, ‘Ke ’na monna mona, kahoo seeta ho lla sa ka.’”

Monna a ka phetha boikarabelo ba hae ka tsela e lerato joang? O lokela ho etsa’ng hore lelapa la hae e be sebaka se mofuthu, ke hore “sebaka sa phomolo” ho mosali oa hae?—Ruthe 1:9.

BIBELE E RE’NG KA MATLA AO MONNA A NANG LE ’ONA?

Le hoja Molimo a talima banna le basali ka tsela e tšoanang, Bibele e re e mong le e mong o na le karolo eo a e phethang ka lapeng. Baroma 7:2 e re mosali ea nyetsoeng o tlas’a ‘molao oa monna oa hae.’ Feela joalokaha lik’hamphani tse ngata li khetha mookameli hore a tsamaise lintho, Molimo o khethile monna hore e be hlooho ea mosali. (1 Bakorinthe 11:3) Banna e lokela ho ba baeta-pele ka malapeng a bona.

Banna, le lokela ho sebelisa matla ao le a fuoeng ke Molimo joang? Bibele e re: “Le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho.” (Baefese 5:25) Le hoja Jesu Kreste a ne a sa nyala, mohlala oa hae o ka u thusa ho ba monna ea molemo. A re ke re boneng hore na joang.

JESU O BEHETSE BANNA MOHLALA O MOTLE

Jesu o ne rata ho khothatsa le ho thusa batho ba bang. Jesu o ile a ipiletsa ho batho bohle ba hateletsoeng le ho imeloa ke mathata a re: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” (Matheu 11:28, 29) Hangata o ne a ba thusa ho rarolla mathata a bona le hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Hase feela batho ba bangata ba neng ba rata Jesu ba bile ba kholisehile hore o tla ba imolla mathateng a bona!

 Kamoo banna ba ka etsisang Jesu kateng. Batla litsela tsa ho thusa mosali oa hao. Basali ba bang ba ikutloa joaloka Rosa, ea ileng a tletleba a re: “Ke ne ke se letho haese mosebeletsi oa monna oa ka.” Ka lehlakoreng le leng monna ea bitsoang Kweku, eo lelapa la hae le thabileng o re: “Hangata ke ee ke botse mosali oa ka hore na nka mo thusa ka’ng. Kaha kea mo rata, ke ithaopela ho mo thusa ka mesebetsi ea lelapa.”

Jesu o ne a nahanela batho a bile a ba utloela bohloko. Ho na le mosali ea neng a kutse haholo ka lilemo tse 12. Ha a utloa hore Jesu o na le matla a ho folisa ka mohlolo, “o ne a ntse a re: ‘Haeba nka ama liaparo tsa hae tsa ka ntle feela ke tla fola.’” O ne a nepile. O ile a tla ho Jesu ’me a ama liaparo tsa hae eaba oa fola. Le hoja e ka ’na eaba batho ba bang ba ile ba etsa qeto ea hore mosali eo o iketelletsa pele, Jesu o ile a lemoha hore o hloka thuso e le kannete. * Ka mosa o ile a re ho eena: “Morali, . . . u fole boloetseng ba hao bo bohloko.” Jesu o ne a sa batle  ho mo tlotlolla kapa ho mo khalemela ka matla, empa o ne a elelloa hore ruri oa kula. Kahoo o ile a bontša hore o na le kutloelo-bohloko.—Mareka 5:25-34.

Kamoo banna ba ka etsisang Jesu kateng. Ha mosali oa hao a kula, mo bontše hore ua mo nahanela ’me u se ke ua mo fella pelo. Leka ho utloisisa boemo ba hae. Ka mohlala, Ricardo o re: “Ha ke bona hore mosali oa ka ha aa thaba, ke qoba ho bua lintho tse ka mo koatisang le ho feta.”

Jesu o ne a buisana le barutuoa ba hae. O ne a phetlela metsoalle ena ea hae sefuba. O ile a re: “Lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Johanne 15:15) Ke ’nete hore ka linako tse ling Jesu o ne a batla hore a be mong hore a ke a je masapo a hlooho a be a rapele. Empa hangata o ne a ntša maikutlo ha a e-na le barutuoa ba hae. Bosiung ba pele Jesu a bolaoa joaloka setlokotsebe, o ile a re ho bona, “moea oa ka o saretsoe haholo.” (Matheu 26:38) Esita leha liketso tsa bona li ne li mo nyahamisa, Jesu ha aa ka a khaotsa ho buisana le metsoalle ea hae.—Matheu 26:40, 41.

Ho nahana ka mohlala oa Jesu ho ka thusa monna ho ba molekane le ntate ea molemo

Kamoo banna ba ka etsisang Jesu kateng. Bolella mosali oa hao hore na u nahana eng le hore na u ikutloa joang. Mosali a ka ’na a tletleba ka hore ha monna oa hae a le har’a batho oa bua, empa ha a le lapeng o thōla tu! Ka lehlakoreng le leng, Ana o re ha monna oa hae a mo phetlela sefuba, o ba haufi le eena ebile o ikutloa a ratoa.

Le ka mohla u se ke ua khalemela mosali oa hao ka hore u mo time puo. Mosali e mong o re: “Monna oa ka o ile a nka matsatsi a sa mpuise ha a nkoatetse. O ne a etsa hore ke ikutloe ke le molato ke bile ke le mosesaane.” Ka lehlakoreng le leng Edwin o leka ho etsisa mohlala oa Jesu. O re: “Ke leka hore ke se ke ka bua nakong eo ke tenehileng, empa ke emela nako e loketseng hore re lokise mathata.”

Joy eo ho builoeng ka eena qalong, o hlokometse hore monna oa hae o fetohile haesale a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O re: “O fetohile haholo ’me o leka ho mpontša hore oa nthata ebile o etsisa mohlala oa Jesu.” Banyalani ba bangata ba rua molemo keletsong eo ea Bibele. Na le uena u rata ho tšoana le bona? Kōpa Paki e ’ngoe ho u ruta Bibele e sa u lefise.

^ ser. 10 Ho ea ka Molao oa Moshe, mosali eo o ne a sa hloeka, ’me motho ea neng a ka mo ama le eena o ne a tla nkoa a sa hloeka.—Levitike 15:19, 25.