Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 5

Kamoo U ka Phelisanang ka Khotso le Beng ka Uena

Kamoo U ka Phelisanang ka Khotso le Beng ka Uena

“Le ikapese . . . mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12

Lenyalo le hlahisa lelapa le lecha. Le hoja kamehla u tla ’ne u rate batsoali ba hao le ho ba hlompha, molekane oa hao e se e le eena motho oa bohlokoa ka ho fetisisa ho uena lefatšeng mona. Beng ka uena ba bang ba ka ’na ba thatafalloa hore ba amohele seo. Empa melao-motheo ea Bibele e ka u thusa hore u bontše ho lekalekana, e le hore u phelisane ka khotso le beng ka uena ha u ntse u ikitlaelletsa ho matlafatsa likamano lelapeng la hao le lecha.

1 E-BA LE PONO E LOKETSENG KA BENG KA UENA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Baefese 6:2) Ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, u lokela hore kamehla u hlomphe le ho tlotla batsoali ba hao. Hape, u hlokomele hore molekane oa hao, joaloka mora kapa morali oa batsoali ba hae, o lokela hore a ba fe nako e itseng. “Lerato ha le boulele,” kahoo le ka mohla u se ke ua tšosoa ke kamano eo molekane oa hao a nang le eona le beng ka eena.—1 Bakorinthe 13:4; Bagalata 5:26.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Qoba lipolelo tse akaretsang, tse kang “Kamehla ba heno baa ’nyahamisa” kapa “Ha ho mohla ’mè oa hao a thabelang seo ke se etsang”

  • Leka ho sheba litaba ka tsela eo molekane oa hao a li shebang ka eona

2 BONTŠA HO TIEA HA HO HLOKAHALA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Ha u kena lenyalong, batsoali ba hao ba ka ’na ba nka hore u ntse u ikarabella ho bona, ’me ba ka ’na ba batla ho kena litaba tsa lenyalo la lōna ho feta kamoo ba lokelang.

Ke uena le molekane oa hao ba lokelang ho lumellana hore na le ba behela meeli efe, ebe le ba tsebisa seo ka lerato. Le ka bua taba eo ka ho toba le ka bolokolohi empa le sa bontše tello. (Liproverbia 15:1) Boikokobetso, bonolo le mamello li tla le thusa hore le be le kamano e mofuthu le beng ka lōna ’me le ’ne “le mamellane ka lerato.”—Baefese 4:2.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Haeba u tšoenyehile ka hore beng ka lōna ba kena-kenana le bophelo ba lōna, buisana ka seo le molekane ha maikutlo a se a theohile

  • Lumellanang ka hore na le tla sebetsa litaba tsena joang