Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | BALAMI BA LIPERE BA BANE KE BO-MANG?

Bapalami Ba Bane ba Lipere—Ke Bo-mang?

Bapalami Ba Bane ba Lipere—Ke Bo-mang?

Bapalami bana ba bane ba lipere ba bonahala eka baa tšosa, empa ha ho joalo. Hobane’ng? Hobane Bibele le liketsahalo tsa mehleng ena, li re hlalosetsa hore na mopalami e mong le e mong o tšoantšetsa’ng. Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka bapalami bana ba tliselitse batho mathata, ka lehlakoreng le leng ho palama ha bona ho ka tsoela uena le ba lelapa la hao molemo. Ka tsela efe? Pele re hlalosa, a re ke re hlahlobe hore na mopalami ka mong o tšoantšetsa’ng.

MOPALAMI OA PERE E TŠOEU

Johanne o re: “Ka talima, ’me, bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.”—Tšenolo 6:2.

Mopalami oa pere e tšoeu ke mang? Re fumana karabo bukeng ea Tšenolo, e mo hlalosa e le “Lentsoe la Molimo.” (Tšenolo 19:11-13) Tlotla eo e tšoanela Jesu Kreste hobane Bibele e re ke ’muelli oa Molimo. (Johanne 1:1, 14) E boetse e re ke “Morena oa marena le Khosi ea likhosi”, hape o bitsoa ea “Tšepahalang le oa ’Nete.” (Tšenolo 19:16) Ho hlakile hore ke morena oa mohlabani, empa ha a sebelise matla a hae hampe kapa hona ho hatella ba bang.

Empa ke mang ea fang Jesu matla a ho hlola? (Tšenolo 6:2) Moprofeta Daniele o ile a bona pono eo ho eona Mesia, ea tšoantšoang le “mor’a motho,” a fuoa “bobusi le ho hlompheha le ’muso” ke “Moholo-holo oa Matsatsi” eleng Jehova Molimo. * (Daniele 7:13, 14) Sena se bolela hore ke Molimo ea Matla ’Ohle ea fang Jesu matla le tokelo ea ho busa le ho ahlola. Kahoo, pere e tšoeu e tšoantšetsa hantle ntoa eo Jesu a tl’o e loana ka toka, etsoe hangata Mangolo a sebelisa ’mala o mosoeu ho tšoantšetsa toka. Ke ho utloahalang hore ebe Mora oa Molimo o palame pere e ’mala o mosoeu, kaha o ahlola ka ho loka.—Tšenolo 3:4; 7:9, 13, 14.

Bapalami ba lipere ba ile ba qala ho li palama neng? Hlokomela hore mopalami oa pele e leng Jesu, o qalile ho palama ha a fuoa ’Muso leholimong. (Tšenolo 6:2) Jesu o ile a hlomamisoa neng e le Morena leholimong? Ha ea ka ea e-ba morena hang-hang ka mor’a hore a tsosetsoe leholimong. Bibele e bontša hore o ile a leta pele. (Baheberu 10:12, 13) Jesu o ne a ile a bolella balateli ba hae hore na ba tla bona ka’ng hore o se a qalile ho busa leholimong. O ile a ba bolella hore ha a qala ho busa maemo a lefatše a ne a tla mpefala le ho feta. Ho ne ho tla ba le lintoa, khaello ea lijo le mafu a seoa. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11) Hang feela ka mor’a hore Ntoa ea Pele ea Lefatše e qhome ka 1914, ho ile ha hlaka hore nako eo e fihlile, eleng nako eo Bibele e reng ke “matsatsi a ho qetela.”—2 Timothea 3:1-5.

Haesale maemo a lefatše a ntse a mpefala ho tloha ha Jesu a qala ho busa ka 1914. Hobane’ng? Hobane ho tloha ka nako eo, o qalile ho busa leholimong e seng lefatšeng. Ntoa e ile ea qhoma leholimong ’me Morena ea sa tsoa hlomamisoa, Jesu, eo hape e leng Mikaele, a lahlela Satane le bademona ba hae lefatšeng. (Tšenolo 12:7-9, 12) Ho tloha ka nako eo, Satane o halefile haholo hobane a tseba hore nako ea hae e lekane motinyane. Ruri, ho setse nakoana e seng kae pele Satane a timetsoa ’me thato ea Molimo e etsahala lefatšeng. (Matheu 6:10) Joale, a re ke re boneng hore na bapalami ba bang ba bararo, ba re thusa joang ho netefatsa hore re fela re phela “matsatsing a ho qetela.” Ho fapana le mopalami oa pele ea tšoantšetsang Jesu, bapalami ba bararo ba latelang, ba tšoantšetsa maemo a amang batho lefatšeng lohle.

MOPALAMI OA PERE E KHUNONG

“E ’ngoe ea tsoa, pere e ’mala oa mollo; ea e palameng a nehoa hore a tlose khotso lefatšeng e le hore ba ka bolaeana; ’me a fuoa sabole e khōlō.”—Tšenolo 6:4.

Mopalami enoa o tšoantšetsa ntoa. Hlokomela hore o tlosa khotso, e seng fela ho batho ba itseng empa lefatšeng lohle. Ka 1914, ho ile ha qhoma ntoa ea pele ea lefatše. Hamorao ho ile ha latela ntoa ea bobeli ea lefatše, e ileng ea baka tšenyo le ho feta. Ho hakanngoa hore ho hlokahetse batho ba ka fetang limilione  tse lekholo ka lebaka la lintoa ho tloha ka 1914, ha ba bangata ba bona ba ile ba tsoa likotsi tse tšabehang.

Lintoa li bontša joang hore re fela re phela matsatsing a ho qetela? Hona joale batho ba se ba e-na le libetsa tse ka bolaeang batho bohle lefatšeng. Ho sa tsotellehe boiteko ba ho bopa khotso ba mekhatlo ekang Machaba a Kopaneng, lintoa li ntse li e-hloa mekoalaba.

MOPALAMI OA PERE E NTŠO

“Ka talima, ’me, bonang! pere e ntšo; ea lutseng holim’a eona o ne a tšoere sekala letsohong. Ka utloa lentsoe le joalokaha eka le har’a libōpuoa tse phelang tse ’nè le re: ‘Lithara ea koro ka denari, le lilithara tse tharo tsa harese ka denari; ’me u se ke ua senya oli ea mohloaare le veine.’”—Tšenolo 6:5, 6.

Mopalami oa pere e ntšo, o tšoantšetsa tlala. Mehleng ea Johanne, motho o ne a ka reka lithara ea koro ka denari eleng moputso oa letsatsi. (Matheu 20:2) Denari e ne e boetse e ka reka lilithara tse tharo tsa harese, eleng lijo thollo tsa boleng bo tlaase ho koro. U se u ka inahanela hore na e tlameha ebe ho ne ho le thata hakae ho hlokomela lelapa ka lijo tse fokolang hakaalo. Batho ba ne ba hlokomelisoa hore ba baballe lijo tseo ba li sebelisang kamehla, joaloka oli ea mohloaare le veine.

Na ha se ’nete hore ho tloha ka 1914, bothata ba ho hloka lijo e ile ea e-ba kobo-anela lefatšeng? Ke ’nete! Batho ba limilione tse ka bang 70  ba ile ba bolaoa ke tlala ho tloha ka 1901 ho isa ho 2000. Phuputso e ’ngoe e entsoeng e re: “Tlala e bolaea batho ba bangata ho feta ba bolaoang ke AIDS, malaria le lefuba.” Tlaleho e ’ngoe e hakanya hore, “batho ba limilione tse ka bang 805 lefatšeng, ba ne ba hloka phepo e nepahetseng ho tloha ka 2012 ho ea ho 2014.” Ho sa tsotellehe boiteko ba ho thusa ba kojoana li mahetleng ka lijo, ba bangata lefatšeng ba ntse ba robala ba itsosa ke tlala. Sena se bolela hore mopalami oa pere e ntšo o ntse a e palame.

MOPALAMI OA PERE E BOTALA BO BOSEHLA

“Ka talima, ’me, bonang! Pere e botala bo bosehla; ’me lebitso la ea e palameng e ne e le Lefu. Hadese e ne e mo latela haufi-ufi. Tsa fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše, hore li bolaee ka sabole e telele le ka khaello ea lijo le ka lefu la seoa le bolaeang le ka libatana tsa lefatše.”—Tšenolo 6:8.

Mopalami oa bone, o tšoantšetsa lefu le bang teng ka lebaka la mafu a seoa le ka mabaka a mang. Nakoana ka mor’a 1914, mokakallane oa Spain o ile oa bolaea batho ba limilione tse mashome. Ho ka etsahala hore ebe batho ba limilione tse ka bang 500 ba ile ba tšoaetsoa ke lefu lena.

Empa mokakallane oo oa Spain, e ne e le qalo feela. Litsebi li hakanya hore batho ba limilione tse makholo, ba bolailoe ke boloetse ba sekholopane lilemong tsa bo-1900. Ho fihlela lena le holimo, batho ba limilione ba bolaoa ke AIDS, lefuba le malaria, ho sa tsotellehe khatelo pele e teng ho tsa bongaka.

Batho baa shoa ka lebaka la lintoa, tlala le mafu a seoa. Ba bangata ba lahlehetsoe ke tšepo bophelong kaha lefu le qoleng ea kobo.

MATHATA A BATHO A HAUFI LE HO FELA

Mathata ao re kopanang le ’ona a haufi le ho fela. Hopola hore Jesu o ile “a tloha e le ea hlolang” ka selemo sa 1914 ka ho lahlela Satane lefatšeng, empa Jesu ha a so ka a phetha tlholo ea hae. (Tšenolo 6:2; 12:9, 12) Haufinyane ka Armagedone, Jesu o tla tlosa tšusumetso ea Satane a be a felise batho ba mo tšehetsang. (Tšenolo 20:1-3) Jesu a ke ke a felisa bapalami bana ba bararo feela, empa o tla boela a etsolle tšenyo eo ba e bakileng. Ebe o tla etsa seo joang? Nahana ka seo Bibele e re tšepisang sona.

Ho tla rena khotso. Jehova o “felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo.” (Lipesaleme 46:9) Batho ba lokileng “ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Lipesaleme 37:11.

Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tlala, hobane lijo e tla ba matletsetletse. “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng. Ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Lipesaleme 72:16.

[Setšoantšo se leqhepeng la 6]Ho palama ha Jesu pere tšoeu ho tla tlisa Paradeise

Tšenolo 6:1, 2

Ha ho sa tla hlola ho e-ba le mafu a seoa le lefu, hobane batho bohle ba tla thabela bophelo bo phethahetseng ka ho sa feleng. Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

Lintho tse molemo tseo Jesu a ileng a li etsetsa batho ha a ntse a le lefatšeng, e ne e le linyane feela ha li bapisoa le lintho tseo a tla li etsetsa moloko oa batho ha a se a busa lefatše. O ile a khothalletsa batho ho bopa khotso, a fepa batho ba likete ka mohlolo, a folisa ba kulang a ba a tsosa le bafu.—Matheu 12:15; 14:19-21; 26:52; Johanne 11:43, 44.

Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u bontša ka Bibeleng ea hao, hore na ke joang u ka bang malala-a-laotsoe ha bapalami bana ba emisa ho palama ha bona.Na u ka rata ho ithuta ka ho eketsehileng?

^ ser. 7 Bibele e re Jehova ke lebitso la Molimo.