Fetela boitsebisong

Tatellano ea Liketsahalo Tsa Bibele e Bontša’ng Mabapi le Selemo sa 1914?

Tatellano ea Liketsahalo Tsa Bibele e Bontša’ng Mabapi le Selemo sa 1914?

Karabo e thehiloeng Bibeleng

Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e bontša hore ’Muso oa Molimo o thehiloe leholimong ka 1914. Sena se bontšoa ke boprofeta bo khaolong ea 4 ea Daniele ka Bibeleng.

Kakaretso ea boprofeta. Molimo o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare oa Babylona a be le toro ea boprofeta e mabapi le sefate se seholo se ileng sa rengoa. Kutu ea sona e ile ea thijoa hore e se ke ea hōla ka nako ea “linako tse supileng,” eaba ka mor’a moo sefate seo se hōla hape.​—Daniele 4:​1, 10-​16.

Ho phethahala ha pele ha boprofeta bona. Sefate se seholo se emela Morena Nebukadnezare ka boeena. (Daniele 4:​20-​22) Ka tsela ea tšoantšetso o ile a ‘rengoa,’ ha ka nakoana a hlanya ’me a lahleheloa ke borena ka lilemo tse supileng. (Daniele 4:​25) Ha Molimo a phekotse bohlanya ba hae, Nebukadnezare o ile a khutlisetsoa boreneng ’me a ananela bobusi ba Molimo.​—Daniele 4:​34-​36.

Bopaki ba hore boprofeta bona bo phethahala ka tsela e pharaletseng. Morero o ka sehloohong oa boprofeta bona e ne e le hore “batho ba phelang ba tsebe hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho le hore o fana ka oona ho eo a batlang ho mo fa oona, ’me holim’a oona o emisa esita le ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho.” (Daniele 4:​17) Na Nebukadnezare ea ikhohomosang ke eena eo qetellong Molimo a neng a batla ho mo fa bobusi boo? Che, hobane Molimo o ne a ile a mo fa toro e ’ngoe ea boprofeta bo bontšang hore eena kapa ’musi e mong oa lipolotiki o ne a ke ke a koala sekheo seo. Ho e-na le hoo, Molimo ka boeena o ne a tla hloma “’muso o ke keng oa senngoa.”​—Daniele 2:​31-​44.

Nakong e fetileng, Molimo o ile a hloma ’muso o emelang bobusi ba hae lefatšeng: e leng sechaba sa mehleng ea khale sa Iseraele. Molimo o ile a lumella ’muso oo hore ‘o senngoe’ hobane babusi ba oona ba ne ba se ba sa tšepahale, empa o ile a bolela esale pele hore o tla fana ka borena ba hae ho “ea nang le tokelo ea molao.” (Ezekiele 21:25-​27) Bibele e khetholla Jesu Kreste e le eena eo ka molao a filoeng matla a ho amohela ’muso oa ka ho sa feleng. (Luka 1:​30-​33) Ho fapana le Nebukadnezare, Jesu o na le “maikutlo a bonolo,” joalokaha ho ne ho profetiloe.​—Matheu 11:29.

Sefate se khaolong ea bone ea Daniele se emela’ng? Ka Bibeleng, ka linako tse ling lifate li emela bobusi. (Ezekiele 17:22-​24; 31:​2-5) Phethahatsong e khōloanyane ea Daniele khaolo ea 4, sefate se seholohali se emela bobusi ba Molimo.

Ho rengoa ha sefate ho bolela’ng? Joalokaha ho rengoa ha sefate ho ne ho emela ho emisoa ha puso ea Nebukadnezare, ho ne ho boetse ho emela ho emisoa ha puso ea Molimo lefatšeng. Sena se etsahetse ha Nebukadnezare a timetsa Jerusalema, moo marena a Iseraele a neng a lula “teroneng ea Jehova” teng e le baemeli ba Molimo ka boeena.​—1 Likronike 29:23.

“Linako tse supileng” li emela’ng? “Linako tse supileng” li emela nako eo Molimo a neng a lumeletse lichaba hore li buse lefatše li sa sitisoe ke ’muso leha e le ofe oo a o hlommeng. “Linako tse supileng” li qalile ka October 607 B.C.E., nakong ea ha ho ea ka tatellano ea liketsahalo tsa Bibele, Jerusalema e felisoa ke Bababylona. a​—2 Marena 25:​1, 8-​10.

“Linako tse supileng” li telele hakae? E ne e ke ke ea e-ba lilemo tse supileng feela tjena, joaloka mehleng ea Nebukadnezare. Jesu o ile a bontša karabo ha a ne a re “Jerusalema [e emelang bobusi ba Molimo] e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba li phethahala.” (Luke 21:24) “Linako tse behiloeng tsa lichaba,” e leng nako eo ka eona Molimo a ileng a lumella bobusi ba hae ho “hatakeloa ke lichaba,” li tšoana le “linako tse supileng” tse ho Daniele khaolo ea 4. Sena se bolela hore “linako tse supileng” li ne li ntse li tsoela pele esita le ha Jesu a ne a le lefatšeng.

Bibele e fana ka tsela ea hore re fumane hore na “linako tse supileng” tse profetiloeng li ne li le kae. E re “linako” tse tharo le halofo li lekana le matsatsi a 1 260, kahoo “linako tse supileng” li lekana le palo eo ha e imenne habeli, kapa le matsatsi a 2 520. (Tšenolo 12:​6, 14) Ha re sebelisa molao oa boprofeta oa hore “letsatsi bakeng sa selemo,” matsatsi a 2 520 a tla emela lilemo tse 2 520. Ka lebaka leo, “linako tse supileng,” kapa lilemo tse 2 520 li ne li tla fella ka October 1914​—Numere 14:34; Ezekiele 4:6.

a Ho fumana lintlha tse eketsehileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha selemo sa 607 B.C.E se ile sa sebelisoa, bala lihlooho tsena, “Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Pele,” maqepheng a 26-​31 Molula-Qhooeng oa October 1, 2011, le “Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Bobeli,” maqepheng a 22-​28 Molula-Qhooeng oa November 1, 2011.