Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke rata ho qoqa le ho bapala le bacha

BIBELE E FETOLA BOPHELO BA BATHO

Ke ne ke Rata Papali ea Baseball Haholo

Ke ne ke Rata Papali ea Baseball Haholo
  • KE HLAHILE KA: 1928

  • NAHA EA HESO: COSTA RICA

  • PALE EA BOPHELO BA KA: KE NE KE LE LEKHOBA LA LIPAPALI LE HO BECHA

BOPHELO BA KA BA NAKO E FETILENG

Ke holetse Puerto Limón, e leng toropo e boema-kepe bo lebopong le ka bochabela ho Costa Rica. Lapeng re bana ba robeli ’me ’na ke oa bosupa. Ntate o ile a hlokahala ha ke le lilemo li robeli eaba ’Mè o re holisa a le mong.

Papali ea Baseball e ne e le karolo ea bophelo baka. E ne e nhlatsoa pelo. Eitse ha ke kena lilemong tsa bohlankana, ke ile ka bapalla sehlopha se seng sa boemo bo tlaase. Ha ke le lilemo tse ka bang 20, ke ile ka khetheloa ho bapalla sehlopha se seng se boemong bo phahameng Nicaragua. Leha ho le joalo, kaha ’Mè o ne a kula ka nako eo ebile e le ’na ea mo hlokomelang, ke ile ka hana ho ea Nicaragua. Hamorao, ke ile ka memeloa ho ea bapalla sehlopha se seholo naheng ea Costa Rica. Lekhetlong lena ke ile ka lumela. Ke ile ka bapalla sehlopha sa naha ho tloha ka 1949 ho fihlela ka 1952 ’me ka bapala lipapali tse ngata Cuba, Mexico le Nicaragua. Ke ne ke le sebapali se hloahloa. Ke ne ke hlanya ha ke utloa letšoele le hoeletsa lebitso la ka!

Ka masoabi, ke ile ka phela ka tsela eo ke ileng ka ikoahlaela eona hamorao. Le hoja ke ne ke e-na le kharebe, ke ne ke ntse ke ratana le banana ba bang. Hape ke ne ke tahoa. Ka tsatsi le leng ke ile ka tahoa hoo ke neng ke sa tsebe hore na ke fihlile hae joang! Ke ne ke boetse ke bapala madaese ke bile ke becha loto.

Ha ke ntse ke tsoela pele ho phela ka tsela eena, ’Mè e ile ea e-ba Paki ea Jehova. O ile a leka ho etsa hore ke rate bolumeli ba hae bo bocha empa kene ke phathahane haholo lipapaling. Ke ne ke li rata hoo ke neng ke sa lape le ho lapa ha ke bapala!

Ha ke le lilemo li 29, ke ile ka lemala hampe nakong ea papali. Ka mor’a hore ke fole, ke ile ka khaotsa ho bapala. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ke nka karolo lipapaling ke koetlisa sehlopha sa libapali tse nyenyane se haufi le lapeng.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Ka 1957, ke ile ka ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova, e neng e le lebaleng la lipapali leo ke neng ke bapalla baseball ho lona. Ha kopano e ntse e tsoela pele, ke ile ka khahloa ke kamoo batho ba neng ba itšoere hantle kateng, ho fapana le ho hloka taolo ho neng ho ba teng ha re tšoere lipapali moo. Seo ke ileng ka se bona kopanong eo, se ile sa etsa hore ke qale ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova le ho ea libokeng tsa tsona.

Ke ile ka rata seo ke neng ke ithuta sona ka Bibeleng. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, barutuoa ba hae ba ne ba tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. (Matheu 24:14) Ke ile ka boela ka ithuta hore Bakreste ha ba etse mosebetsi ona hore ba fumane chelete. Jesu o ile a re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka bapisa seo e se buang le seo Lipaki Tsa Jehova li se etsang. Ke ile ka khahloa ke kamoo li itelang kateng ha li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Ke ile ka boela ka bona hore ke batho ba fanang, e leng seo Jesu a se khothalletsang. Kahoo, ha ke bala Mareka 10:21 ’me ke bona memo ea Jesu Kreste e reng ‘tloo u be molateli oa ka,’ ke ile ka etsa qeto ea ho ba Paki ea Jehova.

Ho ne ho le boima hore ke tlohele lintho tseo ke neng ke li rata. Ka mohlala, ke qetile lilemo tse ngata ke becha ka linomoro li le ling feela. Leha ho le joalo, ke ile ka ithuta hore Molimo o hloile batho ba rapelang “molimo oa Mahlohonolo,” hammoho le ba meharo. (Esaia 65:11; Bakolose 3:5) Kahoo, ka tlohela ho becha. Empa ho ile ha etsahala mohlolo, Sontaha sa pele ke tlohetse ho becha loto, nomoro tsela tseo esale ke li bapala li ile tsa hlola Batho ba ile ba ntšeha, ba bile ba nkhothalletsa hore ke bapale hape empa ke ile ka hana. Ke ile ka khaotsa ho becha.

Letsatsing leo ke neng ke kolobetsoa ka lona, ha ke khutlela hoteleng eo ke neng ke robala ho eona, ke ile ka hlaheloa ke boemo bo batlileng bo senya kamano ea ka le Molimo. (Baefese 4:24) Ha ke fihla hoteleng, ke ile ka fumana ngoanana eo ke neng ke ratana le eena a nkemetse monyako. O ne a batla re etse boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Empa ke ile ka hana ’me ka mo hopotsa hore ke se ke etsa lintho ho latela seo ke ithutileng sona ka Bibeleng. (1 Bakorinthe 6:18) O ile a halefa a re: “U re’ng?” Eaba o leka ho nyenyefatsa melao ea Bibele e mabapi le boitšoaro ’me a mphehella hore re boele re ratane. Leha ho le joalo, ke ile ka mo siea moo eaba ke inotlella ka kamoreng ea ka. Ruri ke thabile hore ebe ho tloha ka 1958 ha ke e-so etse lintho tse mpe tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Ke ee ke ikutloe eka nka ngola buka ka melemo eo ke e fumaneng ka ho latela tataiso ea Bibele. E meng ea melemo eo ke hore hona joale ke na le metsoalle ea sebele, ke ea tseba hore na ke phelelang, ebile ke thabile.

Le hoja ke ntse ke rata baseball, hona joale ke se ke e bapala ho itlosa bolutu feela. Botumo le chelete eo ke ileng ka e fumana ha ke ntse ke le sebapali sa baseball, li ile tsa fela ka ho panya ha leihlo. Leha ho le joalo, ha e le botsoalle ba ka le Molimo le ba balumeli-’moho le ’na, bo ke ke ba fela. Bibele e re: “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Hona joale ke rata Jehova Molimo le balumeli-’moho le ’na ho feta ntho leha e le efe.