Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | NA RE HLOKA MOLIMO?

Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Molimo

Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Molimo

Litsebi tsa mafu a kelello li bolela hore batho ba hloka ho fetang feela ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa nama e le hore ba thabe e le kannete. Re bona sena tabeng ea hore batho ba batla ho finyella morero o itseng bophelong le ho sebeletsa motho ea ba phahametseng. E le hore ba khotsofatse tlhoko ena, ba bang ba tela nako ea bona ea ho phomola e le hore ba ithute ka tlhaho, bonono, ’mino le lintho tse ling. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba fumane thabo ea sebele linthong tseo ba li hahamallang.

Molimo o batla hore batho ba thabe hona joale le ka ho sa feleng

Batho ba balang Bibele baa tseba hore batho ba na le takatso ea ho rapela Molimo. Likhaolo tsa pele tsa Genese li bontša hore ka mor’a hore Molimo a bōpe banyalani ba pele, o ne a bua le bona kamehla ’me seo se ne se etsa hore ba be le kamano le Molimo. (Genese 3:8-10) Molimo ha aa bōpela batho hore ba phele kantle ho eena; ba hloka ho buisana le Moetsi oa bona. Hangata Bibele e bua ka tlhoko ena.

Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Mantsoeng ao, re ka fihlela qeto ea hore re lokela ho khotsofatsa takatso ea rōna ea ho tseba Molimo e le hore re phele bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang. Re ka etsa seo joang? Jesu o ile a re fa karabo ha a ne a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Ke joang lipolelo tsa Molimo, e leng menahano ea Molimo le litaelo tsa hae tseo re li fumanang ka Bibeleng, li ka re thusang hore re phele bophelo bo thabisang le bo nang le morero? A re ke re hlahlobe litsela tse tharo tsa bohlokoa.

Re Hloka Tataiso e Molemo

Kajeno ho na le litsebi tse ngata tse fanang ka keletso litabeng tsa ho ba le botsoalle le ba bang, lerato, bophelo ba lelapa, ho rarolla liqabang, thabo haesita le hore na re phelela’ng. Empa ke mang ea ka fanang ka tataiso e utloahalang le e molemo likarolong tsena tsohle tsa bophelo ba rōna haese Moetsi oa batho, Jehova Molimo?

Joaloka buka ea litaelo, Bibele e re tataisa bophelong

Ka mohlala: Ha u reka sesebelisoa se secha, se kang k’hamera kapa k’homphieutha, u lebeletse  hore se tle le buka ea litaelo e hlalosang hore na u ka se sebelisa joang e le hore se u tsoele molemo. Bibele e ka tšoantšoa le buka e joalo. Ke buka ea litaelo ea bophelo eo Molimo, e leng moetsi oa rōna a re fileng eona. Bibele e hlalosa hore na re phela’ng le hore na re ka phela ka tsela efe e le hore re thabele bophelo.

Joaloka buka ea litaelo e ngotsoeng ka bokhabane, Bibele e hlokomelisa batho ba e balang ka mekhoa e ka ’nang ea senya bophelo ba bona. Batho ba bang ba ka ’na ba fana ka keletso eo ho bonahalang ho le bonolo ho e latela, empa na hase ho utloahalang hore re tla fumana molemo o moholo ’me re qobe mathata haeba re latela litaelo tsa Moetsi oa rōna?

“’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18

Ka Bibeleng, re ka fumana tataiso le thuso eo re e hlokang

Le hoja Jehova Molimo a fana ka tataiso le litaelo, ha a re qobelle hore re li amohele. Ho e-na le hoo, kaha oa re rata ebile o batla ho re thusa, o ipiletsa ho rōna ka mofuthu, o re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:17, 18) Ka bokhutšoanyane, haeba re latela tataiso ea Molimo, re tla phela hantle. Ka mantsoe a mang, e le hore re phele hantle le hore re thabe, re hloka Molimo.

Re Hloka Likarabo ka Mathata a Rōna

Batho ba bang ba nahana hore ha ba hloke Molimo kaha ho na le lintho tse ngata tse ba qakang bophelong tse sa lumellaneng le taba ea hore Molimo o lerato. Ka mohlala, ba ka ’na ba re: ‘Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba utloa bohloko?’ ‘Ke hobane’ng ha bana ba se nang molato ba hlaha ba holofetse?’ ‘Ke hobane’ng ha bophelong ho se na toka hakaale?’ Ka sebele tseo ke lipotso tse tebileng ’me ho fumana likarabo tsa tsona tse khotsofatsang ho ka ama bophelo ba rōna haholo. Empa ho e-na le hore re potlakele ho beha Molimo molato ka lebaka la mathata ao, a re ke re boneng kamoo Lentsoe la Molimo, Bibele le ka re thusang kateng hore re utloisise taba ena.

Khaolong ea boraro ea Genese, re fumana tlaleho e buang ka Satane, ea ileng a etsa eka noha e ea bua ’me a etsa hore banyalani ba pele ba se ke ba mamela taelo ea Jehova Molimo ea hore ba se ke ba ja sefate sa tsebo ea botle le bobe. Satane o ile a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 2:16, 17; 3:4, 5.

Ka mantsoe ao, Satane ha aa ka a bolela feela hore Molimo o leshano empa o ile a boela a fana ka maikutlo a hore Molimo o busa ka leeme. Diabolose o ile a bolela hore haeba batho ba mamela eena, lintho li tla ba tsamaela hantle. Liqoso tseo li ne li tla rarolloa joang? Jehova o ile a lumella hore nako  e fete e le hore bohle ba khone ho bona hore na lintho tseo a qositsoeng ka tsona ke ’nete kapa ke leshano. Ha e le hantle, Molimo o ne a fa Satane le bohle ba ka lehlakoreng la hae monyetla oa hore ba bontše hore na batho ba ka phela kantle ho tataiso ea Molimo na.

U nahana hore karabo ea liqoso tsa Satane ke efe? Na batho ba ka phela hantle le ho ipusa ka katleho ntle ho Molimo? Mahlomola, ho hloka toka, ho kula le lefu hammoho le tlōlo ea molao, ho hlepha ha boitšoaro, lintoa, ho timetsoa ha merabe e itseng le liketso tse ling tse sehlōhō tse ’nileng tsa hlahela batho ka lilemo tse makholo, ke bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore boiteko ba batho ba ho ipusa kantle ho Molimo bo hlōlehile habohloko. Ho e-na le hore Bibele e re Molimo ke eena ea bakang mathata a batho, e re bolella lebaka le ka sehloohong la mathata a batho: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.

Ka lebaka lena, ho hlakile hore re hloka Molimo eseng hore re fumane likarabo lipotsong tse tšoenyang batho feela empa hape le hore re fumane tharollo. Molimo o tla etsa’ng?

Re Hloka Thuso ea Molimo

Haesale batho ba labalabela ho lokoloha maloetseng, botsofaling le lefung. Ba qetile nako e ngata haholo le chelete ba leka ka matla ho fumana tokoloho empa ba hlōlehile. Ba bang ba ’nile ba lumela hore ha ba noa metsoako e fapa-fapaneng, metsi a itseng kapa ha ba lula libakeng tse itseng ba tla lula ba le bacha. Ba ile ba soetseha ha ba hlokomela hore litoro tsa bona ha li phethahale.

Molimo o batla hore batho ba phele hantle ba be ba thabe. Oo e ne e le morero oa hae oa pele ha a ne a bōpa batho ’me ha aa o lebala. (Genese 1:27, 28; Esaia 45:18) Jehova Molimo o re tiiselitse hore a ke ke a hlōleha ho phethahatsa seo a se rerileng. (Esaia 55:10, 11) Bibele e re bolella ka tšepiso ea Molimo ea ho tsosolosa Paradeise e ileng ea lahloa ke banyalani ba pele. Bukeng ea ho qetela ea Bibele re fumana mantsoe ana: “[Jehova Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Molimo o tla etsa joang hore maemo aa a thabisang a be teng, hona ke joang re ka ruang molemo tšepisong eo?

Mor’a Molimo, Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae ho rapella hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng. Batho ba bangata ba tloaelane le thapelo eo ba bang ba e bitsang Thapelo ea Morena ebile ba e pheta-pheta. E re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) E, Jehova Molimo o tla sebelisa ’Muso oo hore a felise masisa-pelo a bakiloeng ke puso ea batho ’me a tlise lefatše le lecha leo a le tšepisitseng. * (Daniele 2:44;  2 Petrose 3:13) Re lokela ho etsa’ng e le hore re rue molemo litšepisong tsa Molimo?

Jesu Kreste o re bolella mohato o bonolo oo re lokelang ho o nka: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ka sebele, Molimo a ka re thusa hore re phele lefatšeng le lecha leo a le tšepisitseng. Tšepo ena e ka u fa lebaka le leng la hore u lumele hore kannete re hloka Molimo.

Nako ea Ho Batla Molimo

Lilemo tse likete tse peli tse fetileng, Areopago kapa Leralleng la Mars, Athene, moapostola Pauluse o ile a bua ka Molimo ho Baathene ba neng ba e-na le likhopolo tsa bona ebile e le batho ba ikemiselitseng ho amohela likhopolo tse ncha, a re: “O fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle. Etsoe ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng, esita le joalokaha ba bang ba liroki har’a lōna ba itse, ‘Etsoe le rōna re bana ba hae.’”—Liketso 17:25, 28.

Seo Pauluse a ileng a se bolella Baathene e ntse e le ’nete le kajeno. ’Mōpi oa rōna o re fa moea oo re o hemang, lijo tseo re li jang, metsi ao re a noang. Ha e ne e se ka lintho tse molemo tseo Jehova a re fang tsona, re ne ke ke ra phela. Empa ke hobane’ng ha Molimo a ntse a tsoela pele ho fa batho bohle lintho tsena, ho sa tsotellehe hore na ba lumela ho eena kapa che? Pauluse o ile a re lebaka ke “hore ba batle Molimo, haeba ba ka mo phopholetsa ’me ka sebele ba mo fumana, le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:27.

Na u ka rata ho tseba Molimo hamolemo, e leng hore u ithute ho eketsehileng ka merero ea hae le ka keletso ea hae ea hore na re ka phela re thabile joang hona joale le ka ho sa feleng? Haeba ho joalo, re u mema hore u buisane le motho ea u tliselitseng makasine ena kapa u ikopanye le bahatisi ba ona. Ba tla thabela ho u thusa.

^ ser. 20 E le hore u fumane boitsebiso ba kamoo ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea hae e etsoe lefatšeng, sheba khaolo ea 8 ea buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova ’me u ka e fumana le ho ikopiletsa eona Inthaneteng ho www.pr418.com/st.