Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Thusoa Ke’ng ha U sa Khone ho Kopana le Batho?

U ka Thusoa Ke’ng ha U sa Khone ho Kopana le Batho?

 Na u ikutloa u le motoaitoai? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u ikutloa joaloka mongoli e mong oa Pesaleme ea ileng a re: “Ke fetohile ea joaloka nonyana e ’notši holim’a marulelo.” (Pesaleme ea 102:7) Likeletso tse bohlale tse hlahang ka Bibeleng li ka u thusa ho sebetsana le mathata a hlahang ha u ikarotse ho batho ba bang.

 Ntlafatsa setsoalle sa hao le Molimo

 Le ha u ikarotse bathong, u ka thaba haeba u hlokomela hore u hloka Molimo bophelong ba hao ’me u ithuta ka eena haholoanyane. (Matheu 5:​3, 6) U ka sebelisa lintho tsena tse latelang mahala e le hore u atlehe.

  •   Bibele e inthaneteng e nepahetseng le e utloisisehang habonolo

  •   Livideo tse khutšoanyane tse hlalosang lithuto tsa bohlokoa tsa Bibele

  •   Likarabo tse tobileng tsa lipotso tseo batho ba bangata ba ipotsang tsona tse hlahang ho “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

  •   Letoto la lihlooho tsa “Etsisa Tumelo ea Bona” tse buang ka banna le basali ba nang le tumelo ba hlahang ka Bibeleng

  •   Lihlooho tse hlalosang kamoo lintho tsa tlhaho li leng ntle li bileng li rarahaneng kateng

 Bala litemana tsa Bibele tse khothatsang

 Mangolo a Bibele a boletsoeng mona a khothalitse batho ba bangata. Ho e-na le ho bala mangolo ana ’ohle ka nako e le ’ngoe, nka monyetla ka hore u mong, ’me u thuise ka lengolo ka leng u be u rapele.​—Mareka 1:35.

 Ithute hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse bohloko

 U ka khona ho sebetsana le mathata le ha e le afe haeba u tseba hore na ke hobane’ng ha lintho tse bohloko li etsahala ebile u tseba kamoo Molimo a tla li thibela a be a lokise tšenyo e seng e etsahetse.​—Esaia 65:17.

 Qoba ho tšoenyeha ho sa hlokahale

 Lihlooho tsena tse latelang li ka u thusa hore u sebetsane le khatello ea maikutlo e bakoang ke ho ba mong ’me li tla u thusa hore u ‘khaotse ho tšoenyeha.’​—Matheu 6:25.

 Holisa setsoalle le ba bang

 Ho ba le metsoalle ho ka u thusa hore u lule u hlaphohile kelellong hape u lule u thabile, ’me metsoalle ke ea bohlokoa le ha u sitoa ho kopana ka seqo le eona. Haeba u le mong lapeng, u ka bua le metsoalle ea hao kapa ua etsa e mecha ka ho e letsetsa kapa ua bua le eona ka video. Lihlooho tse latelang li ka u thusa hore u fumane “motsoalle oa ’nete” le hore u be “motsoalle oa ’nete” ho ba bang.​—Liproverbia 17:17.

 Ikoetlise

 Bibele e re “koetliso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) E ka etsa hore u phole ka hloohong, haholo-holo ha u arohile ho batho ba bang. Le haeba u sa khone ho tloha lapeng, e tlameha ebe ho na le lintho tseo u ka li etsang hore ’mele o koetle.