Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U KA THUSOA KE’NG HA U E-NA LE STRESS?

U ka Thusoa Ke’ng ha U E-na le Stress?

U ka Thusoa Ke’ng ha U E-na le Stress?

E le hore u ikimolle ha u na le stress u lokela ho ameha ka bophelo ba hao, tsela eo u tšoarang batho ba bang ka eona, lintho tseo u batlang ho li finyella bophelong, le lintho tse tlang pele ho uena. Ha e le hantle, u lokela ho tseba hore na ke’ng e tlang pele bophelong. Sehlooho sena se na le likeletso tse tsoang ka Bibeleng tse tla u thusa ha u na le stress.

U se ke oa Tšoenyeha ka Tsa Hosane

“Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.”​—MATHEU 6:34.

Ho boleloa’ng?: Ho tšoenyeha ke karolo ea bophelo ba rona, empa ha rea lokela ho nka mathata a hosane ebe re touta ka ona letsatsing lena. Leka ho nka lintho hanyane ka hanyane.

  • Stress se ka etsa hore re tšoenyehe ’me re lokela ho tseba hore maemong a mangata re ke ke ra khona ho se qoba. Kahoo ha rea lokela ho touta ka lintho tseo re sa khoneng ho li laola hobane hoo ho ka re ekelletsa stress. Hape re boetse re lokela ho hopola hore hangata lintho ha li be mpe joalokaha re ne re lebelletse.

Itekanye Mesikaro

“Bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le . . . kahlolo e molemo.”​—JAKOBO 3:17.

Ho boleloa’ng?: U se ke oa nahana hore u ke ke oa etsa liphoso kapa hore batho ba bang ba ke ke ba li etsa. U se ke oa lebella mohlolo.

  • U se ke oa ba makoko, u itekanye mesikaro, hape u tsebe moo matla a hao le a batho ba bang a fellang teng. Ha u etsa joalo u tla iphokoletsa stress u be u fokoletse le ba bang, hape u tla atleha linthong tseo u li etsang. U se ke oa tiisa ’mele. U ke u tšehe le ha lintho li sa tsamaee hantle, joale ho tla re kokololo ’me phatla e tla phahama.

Ke Eng e U Tšoarisang Stress?

“Motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.”​—LIPROVERBIA 17:27.

Ho boleloa’ng?: Qoba ho nahana ka lintho tse nyahamisang kaha seo se ka etsa hore u se ke oa nahana hantle. Hape leka ho lula u khobile matšoafo.

  • Tseba lintho tse u tšoarisang stress, hape u shebe na u itšoara joang nakong eo u nang le sona. Mohlala, ha u tšoeroe ke stress, u ka ngola fatše tsela eo u ikutloang ka eona, lintho tseo u li nahanang, le tsela eo u ileng oa itšoara ka eona. Ha u tseba na u itšoara joang ha u na le stress u tla khona ho sebetsana le sona. Leka ho qoba lintho tse ka u tšoarisang stress. Haeba ho sa khonehe, nahana ka lintho tse ka u thusang hore u se fokotse. Mohlomong u ka hlophisa lintho hantle kapa oa etsa lintho ka nako.

  • Leka ho sheba lintho ka tsela e ’ngoe. Ka linako tse ling lintho tse u tšoarisang stress li ka se re letho ho motho e mong. Phapang e ka ba feela hore na motho o sheba lintho joang. Leka ho etsa lintho tsena tse tharo:

    1. U se ke oa potlakela ho tšoaea motho phoso. Motho e mong a ka u kenella moleng. U ka koata haeba u nahana hore o etsa joalo hobane a sa hlomphe batho ba bang. Kahoo, nka hore o na le lebaka le utloahalang la hore a etse joalo hobane ho ka etsahala hore ebe le teng.

    2. Na boemo boo u leng ho bona bo ka u tsoalla khomo? Haeba u se u emetse ngaka nako e telele kapa u emetse koloi ea baeti hore e tlale, u ka ’na oa khanna nako ka hore u bale kapa u etse mosebetsi oo u ka khonang ho o etsa ha u ntse u eme, kapa u arabe melaetsa.

    3. Shebela pele. Ipotse hore na bothata bona bo tla be bo ntse bo tšoana hosane kapa bekeng e tlang. Hopola hore mathata a mang a manyenyane kapa a nka nako e khutšoanyane ha a mang a hlile a le maholo.

Hlophisa Lintho Tsa Hao Hantle

“Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”​—1 BAKORINTHE 14:40.

Ho boleloa’ng?: Leka ho lula u hlophisehile.

  • Hangata re rata ha lintho li tsamaea ka tsela e hlophisehileng. Ntho e ’ngoe e etsang hore batho ba tšoaroe ke stress le hore ba se ke ba hlophiseha, ke hore ha ba lokela ho etsa lintho ba re ba tla li etsa neng-neng. Seo se ka qetella ka hore ho be le letoto le letelele la mesebetsi e sa felang. Leka ho etsa litho tsena tse peli:

    1. Ngola lintho tseo u lokelang ho li etsa. Empa e be lintho tseo u tla khona ho li etsa. Ngola nako eo u lokelang ho li etsa ka eona ebe u tšepahalla seo u se ngotseng.

    2. Sheba hore na ke’ng e u sitisang ho etsa lintho ka nako ebe oa lokisa.

Iphe Nako ea ho Phomola

“Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” ​—MOEKLESIA 4:6.

Ho boleloa’ng? Batho ba lulang ba sebetsa ka thata ba sa phomole, ba sitoa ho bona molemo oa mosebetsi oa bona “o boima o tletseng matsoho a mabeli.” Qetellong ba ka hloka nako kapa matla a ho natefeloa ke lintho tseo ba li sebelelitseng ka thata.

  • Mosebetsi le chelete li bohlokoa hakae? Ho ba le chelete e ngata ha ho bolele hore re tla thaba kapa hore ha re na tšoaroa ke stress. Moeklesia 5:​12 e re: “Lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.” Kahoo qoba ho etsa likoloto tse sa hlokahaleng.

  • Eba le nako ea ho phomola. U itheola stress haeba u etsa lintho tseo u li ratang. Leha ho le joalo, boithabiso bo kang ho shebella thelevishene bo ka ’na ba se ke ba u thusa.

  • U se ke oa lumella hore theknoloji e u jelle nako. Qoba ho lula u sheba melaetsa kapa mecha ea puisano. Haeba u sa theohela, qoba ho sheba li e-mail tsa mosebetsing ntle le ha u tlamehile.

Itlhokomele ’Meleng

“Koetliso ea ’mele e na le molemo.”​—1 TIMOTHEA 4:8.

Ho boleloa’ng?: Ho lula re ikoetlisa ho ka etsa hore re phele hantle.

  • Itloaetse mekhoa e metle. Boikoetliso bo ka u hlasimolla hape bo ka u imolla ha u na le stress. U lokela ho ja lijo tse nang le phepo, u je ka nako, hape u be le nako ea ho phomola.

  • Qoba ho theola stress ka lintho tse kotsi tse kang ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi esita le joala. Ha nako e ntse e-ea, mekhoa ena e tla u tšoarisa stress le ho feta, mohlomong ka ho u qetela chelete eo u e sebelelitseng ka thata kapa e u kulise.

  • U lokela ho ea ngakeng haeba stress sa hao se sa ee moriting. Ha oa lokela ho soabela ho kopa thuso ea ngaka.

Etsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele

“Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—BAFILIPI 1:10.

Ho boleloa’ng?: Nahana hantle hore na ke eng e hlileng e tlang pele bophelong ba hao.

  • Etsa lethathamo la lintho tseo u lokelang ho li etsa ebe u qala ka tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Sena se tla u thusa hore u bone tseo u ka li etsang hamorao, tseo u ka kopang hore batho ba bang ba u thuse ka tsona le tseo u ka li tlohelang.

  • Nka beke u ngola lintho tseo u qetang nako u li etsa ebe hamorao oa sheba hore na u ka ntlafatsa hokae. Ha u etsa joalo u tla imoloha.

  • E ba le nako ea ho phomola. Ho khefutsa hanyane ha u ntse u sebetsa ho ka u theola stress.

Kopa Thuso

“Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.”​—LIPROVERBIA 12:25.

Ho boleloa’ng?: Mantsoe a mosa le a bontšang qenehelo a ka etsa hore u ikutloe hantle.

  • Bua le motho ea u utloisisang. Mohlomong a ka u thusa hore u bone litaba ka tsela e ’ngoe kapa a u fe tharollo eo u neng u sa e nahana. Ho phetlela motho e mong sefuba ho ka u imolla.

  • Kopa thuso. Mohlomong u ka kopa hore motho e mong a u thuse ka ntho e itseng kapa oa e etsa le eena.

  • Haeba motho eo u sebetsang le eena a u tšoarisa stress, batla mekhoa ea ho rarolla bothata. Mohlala, u ka leka ho bua hantle le motho eo, oa leka ho mo bontša hore na o etsa u ikutloe joang. (Liproverbia 17:​27) Haeba bothata bo ntse bo sa rarollehe, u ka fokotsa nako eo u e qetang u e-na le eena.

Mamela Melao ea Molimo

“Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”​—MATHEU 5:3.

Ho boleloa’ng?: Re hloka lijo, liaparo le bolulo bophelong. Empa ho na le ntho eo re e hlokang le ho feta e le hore re thabe. Re lokela ho ba metsoalle oa Molimo.

  • Thapelo e ka u thusa haholo. Molimo o re u ‘lahlele matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Ho rapela le ho nahana ka lintho tsa bohlokoa ho ka etsa hore u thabe.​—Bafilipi 4:​6, 7

  • Bala lintho tse tla u thusa hore u rate Molimo. Makasine ena e na le likeletso tse ngata tse hlahang Bibeleng ’me e ka u thusa hore u rate Molimo. Hape e tla u thusa hore u be le “bohlale le kutloisiso.” (Liproverbia 3:​21) Ho ka ba hotle hore u hle u qalelle ho bala Bibele. Mohlomong u ka qala ka ho bala lengolo la Liproverbia.