Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Ka Etsa’ng Hore U Thabe?

Leka ho Phela Hantle

Leka ho Phela Hantle

MOTHO A KA FETOHA HAHOLO HAEBA A KA TŠOAROA KE LEFU LE SA FOLENG KAPA A HOLOFALA. Ka mor’a hore ntate e mong ea bitsoang Ulf a holofale, o ile a re: “Ke ne ke nyahame haholo, ke se na matla le sebete . . . Ke ne ke utloa hantle hore ho felile ka ’na.”

Lintho tsena tse ileng tsa hlahela ntate Ulf ke bopaki ba hore re ka hlaheloa ke likotsi ho sa tsotellehe hore na re etsa’ng hore re lule re phela hantle. Empa ha se hore re lokela ho inehela. Teng re ka etsa’ng ha ho se ho ka etsahala hore re kule? Na e tla be e le hore re ke ke ra hlola re thaba? Le ho leka. Sehloohong sena re tla bona hore na re ka etsa’ng hore re thabe ha boemo bo le joalo. A re qaleng ka ho ithuta hore na ke eng e ka re thusang hore re phele hantle.

RE BE BA “ITEKANETSENG MEKHOENG.” (1 Timothea 3:2, 11) Re ka kula haeba re ja re bile re noa ho feta tekano ebile re ka ba ra lula re se na chelete. “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka bonyollo. Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha.”—Liproverbia 23:20, 21.

BOLOKA ’MELE OA HAO O HLOEKILE. “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Bakorinthe 7:1) Ha motho a noa joala ho feta tekano kapa a tsuba, o silafatsa ’mele oa hae. Lekala la bophelo bo botle la Amerika le re: “Ho tsuba ho ka kulisa motho ha ba ha mo holofatsa.”

’MELE OA HAO LE BOPHELO BA HAO KE LIMPHO TSEO MOLIMO A U FILENG TSONA. “Ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” (Liketso 17:28) Ha re ananela limpho tsena, re tla qoba ho ipeha kotsing ho sa hlokahale, haholo hobane ha ho na motho ea ka batlang ho lemala mabaka a fokola.

QOBA HO NAHANA KA LINTHO TSE U KOATISANG. Lintho tseo u li nahanang li ama tsela eo ’mele oa hao o sebetsang ka eona. Kahoo, e ka ba hantle hore u qobe ho tšoenyeha, ho halefa, mona kapa ntho leha e le efe e ka u sitisang ho thaba. Pesaleme ea 37:8 e re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo.” Keletso e ’ngoe hape e re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.”—Matheu 6:34.

LEKA HO LULA U NAHANA KA LINTHO TSE THABISANG. Lengolong la Liproverbia 14:30, Bibele e re: “Pelo e nang le khutso ke bophelo.” Hape Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.” (Liproverbia 17:22) Le lingaka li lumellana le mantsoe ana a Bibele. Ngaka e ’ngoe ea Scotland e re: “Ha nako e ntse e ea, motho ea lulang a sa thaba a ka kula ho feta motho ea lulang a thabile.”

ETSA LINTHO TSE TLA U THUSA HO THABA. Ka linako tse ling re ka hlaheloa ke mathata a sa eeng moriting ’me ra tlameha ho a mamella. Empa ho na le lintho tseo re ka li etsang e le hore re thabe le har’a mathata a joalo. Batho ba bang ba nyahama haholo ha mathata ao a hlaha. Empa ho etsa joalo ho ka mpefatsa boemo le ho feta hobane Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.”

Batho ba bang bona ba qala ba nyahame, empa hamorao ba khaotsa ho nyahama ’me baa thaba. Ba thaba hobane ba etsa lintho tse ba thusang ho thaba le har’a mathata a bona. Ntate Ulf o ne a le joalo. O ile a rapela hangata le ho nahanisisa ka molaetsa oa Bibele o ileng oa mo khothatsa. Ka mor’a ho etsa lintho tseo, o re: “Ke ile ka qala ho nahana haholo ka lintho tse khothatsang ho e-na le ho lula ke nahana ka lintho tse ’nyahamisang.” O ile a ithuta ho ba mosa le ho utloela batho bohloko, eaba o qalella ho bolella batho lintho tse khothatsang tseo a ithutileng tsona Bibeleng.

Ntate e mong ea bitsoang Steve le eena o ile a feta har’a mathata a boima. Ha a le lilemo li 15, o ile a hlaheloa ke kotsi e ileng ea etsa hore a holofale ho tloha molaleng ho ea tlaase. Ha a le lilemo li 18, o ne a se a khona ho sebelisa matsoho a hae. Eaba o ea univesithing, moo a ileng a qala ho sebelisa lithethefatsi le joala hampe le ho etsa boitšoaro bo litšila. O ne a sa bone ho hang hore na o phelela’ng. Eitse ka mor’a hore a qale ho ithuta Bibele, a qala ho ba le tšepo eaba o khaotsa ho etsa lintho tse fosahetseng tseo a neng a tloaetse ho li etsa. O re: “Hona joale ke se ke tseba hore na ke phelela’ng. Ke thabile ebile ke khotsofetse.”

Lintho tse etsahaletseng ntate Steve le ntate Ulf li re hopotsa mantsoe a hlahang lengolong la Pesaleme ea 19:7, 8 le reng: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. . . . Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye.”