Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 9

O ka Etsa Jwang Hore Lelapa la Hao le Thabe?

O ka Etsa Jwang Hore Lelapa la Hao le Thabe?

1. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore batho ba nyalane ka molao e le hore lelapa le thabe?

Ditaba tse molemo di tswa ho Jehova, Modimo ya thabileng, ya batlang hore malapa a thabe. (1 Timothea 1:11) Ke yena ya entseng lenyalo. Ho bohlokwa hore batho ba nyalane ka molao e le hore lelapa le thabe le hore e be sebaka se sireletsehileng seo bana ba ka hodisetswang ho sona. Bakreste ba lokela ho hlompha melao ya sebaka seo ba phelang ho sona mabapi le tsela eo manyalo a ngodiswang ka yona.​—Bala Luka 2:1, 4, 5.

Modimo o tadima lenyalo jwang? O batla hore e be tlamahano e sa feleng pakeng tsa monna le mosadi. Jehova o batla hore banna le basadi ba tshepahale. (Baheberu 13:4) O hloile tlhalo. (Malakia 2:16) Empa o dumella Bakreste ho hlala le ho kena lenyalong hape haeba molekane e mong a febile.​—Bala Matheu 19:3-6, 9.

2. Monna le mosadi ba lokela ho tshwarana jwang?

Jehova o bopile monna le mosadi hore ba thusane lenyalong. (Genese 2:18) Jwaloka hlooho, monna o lokela ho hlokomela lelapa ka ditlhoko tsa nama, mme o boetse o lokela ho le etella pele ka ho le ruta ka Modimo. Lerato la hae le lokela ho mo susumelletsa ho itella mosadi wa hae. Banna le basadi ba lokela ho hlomphana. Kaha banna le basadi ha ba a phethahala, ba lokela ho ithuta ho tshwarelana e le hore ba ka thaba lenyalong la bona.​—Bala Baefese 4:31, 32; 5:22-25, 33; 1 Petrose 3:7.

3. Na o lokela ho tlohela molekane wa hao haeba o sa thaba lenyalong?

Haeba le na le mathata, le lokela ho sebetsa ka thata e le hore le tshwarane ka lerato. (1 Bakorinthe 13:4, 5) Lentswe la Modimo ha le kgothalletse karohano e le tsela ya ho rarolla mathata a tlwaelehileng a lenyalo.​—Bala 1 Bakorinthe 7:10-13.

4. Bana, Modimo o le lakaletsang?

Jehova o lakatsa hore le thabe. O le fa keletso e molemo haholo ya kamoo le ka thabelang botjha ba lona kateng. O batla hore le ithute bohlaleng le phihlelong ya batswadi ba lona. (Bakolose 3:20) Jehova o boetse o batla hore le latswe thabo ya ho sebeletsa Mmopi wa lona le Mora wa hae.—Bala Moeklesia 11:9–12:1; Matheu 19:13-15; 21:15, 16.

5. Batswadi, le ka etsa jwang hore bana ba lona ba thabe?

Le lokela ho sebetsa ka thata e le hore le ka fa bana ba lona dijo, bodulo hammoho le diaparo. (1 Timothea 5:8) Empa e le hore bana ba lona ba thabe, le boetse le lokela ho ba ruta ho rata Modimo le hore ba ithute ho yena. (Baefese 6:4) Haeba le behela bana ba lona mohlala wa ho rata Modimo, ba tla batla ho le etsisa. Haeba tayo eo le ba fang yona e thehilwe Lentsweng la Modimo, e ka etsa hore ba nahane ka tsela e molemo.—Bala Deuteronoma 6:4-7; Liproverbia 22:6.

Haeba o kgothatsa bana le ho ba babatsa ba ka thaba. Ba boetse ba hloka ho kgalemelwa le ho lauwa. Ho ba kwetlisa ka tsela eo ho ka ba sireletsa boitshwarong bo ka etsang hore ba seke ba thaba. (Liproverbia 22:15) Leha ho le jwalo, ha ba a lokela ho kgalemelwa ka tsela e sehloho le e se nang kutlwelo bohloko.—Bala Bakolose 3:21.

Dipaki Tsa Jehova di hatisa dibuka tse mmalwa tseo ka ho kgetheha di etseditsweng ho thusa batswadi le bana. Dibuka tsena di thehilwe Bibeleng.—Bala Pesaleme ya 19:7, 11.