Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 5

Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?

Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?

1. Ke hobaneng ha Modimo a ile a bopa lefatshe?

Jehova o file batho lefatshe. Re etseditswe hore re phele ho lona. Kahoo Adama le Eva, e leng banyalani ba babedi ba pele, ba ne ba sa etsetswa hore ba phele lehodimong, Modimo o ne a se a ntse a bopile mangeloi hore a phele lehodimong. (Jobo 38:4, 7) Ho e na le hoo, Modimo o ile a nka monna wa pele a mo beha paradeiseng e ntle e bitswang Edene. (Genese 2:15-17) Jehova o ile a fa monna eo le bana bao a neng a tla ba le bona, tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng.—Bala Pesaleme ya 37:29; 115:16.

Qalong, ke serapa sa Edene feela seo e neng e le paradeise. Banyalani ba babedi ba pele, ba ne ba lokela hoba le bana. Ha nako e ntse e ya, ba ne ba lokela ho busa lefatshe lohle le ho le etsa paradeise. (Genese 1:28) Lefatshe le ke ke la fediswa le ka mohla. Le tla dula e le lehae la batho.—Bala Pesaleme ya 104:5.

Shebella video e reng Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?

2. Ke hobaneng ha lefatshe e se paradeise hona jwale?

Adama le Eva ha ba ka ba mamela Modimo, kahoo Jehova o ile a ba leleka serapeng. Paradeise ha e a ka ya hlola e ba teng, mme ha ho motho ya ileng a kgona ho e kgutlisa. Bibele e re: “Lefatshe ho nehelanwe ka lona letsohong la ya kgopo.”—Jobo 9:24.—Bala Genese 3:23, 24.

Na Jehova o fetotse morero oo a neng a na le ona qalong ka batho? Tjhe! Kaha o matla ohle, a ke ke a hloleha ho o phetha. (Esaia 45:18) O tla boela a etse hore batho ba be ka tsela eo a neng a batla hore ba be ka yona.—Bala Pesaleme ya 37:11, 34.

3. Paradeise e tla ba teng jwang hape?

Paradeise e tla ba teng ha Jesu a busa lefatsheng e le Morena ya kgethilweng ke Modimo. Ka ntwa ya Armagedone, Jesu o tla etella pele mangeloi a Modimo hore a timetse bohle ba kgahlanong le yena. Jwale Jesu o tla kwalla Satane ka dilemo tse 1 000. Batho ba Modimo ba tla pholoha timetso hobane Jesu o tla ba sireletsa le ho ba tataisa. Ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatsheng.—Bala Tšenolo 20:1-3; 21:3, 4.

4. Mathata a tla fela neng?

Modimo o tla fedisa mathata neng lefatsheng? Jesu o ile a fana ka “pontsho” e neng e tla bontsha ha bofelo bo se bo atametse. Maemo a lefatshe hona jwale a behile batho tsietsing mme a bontsha hore re phela nakong ya “qetello ya tsamaiso ya dintho.”—Bala Matheu 24:3, 7-14, 21, 22.

Nakong ya dilemo tse sekete tseo Jesu a tla beng a busa lefatshe a le lehodimong, o tla fedisa mathata ohle. (Esaia 9:6, 7; 11:9) Ntle le ho ba Morena, Jesu e tla ba Moprista ya Phahameng mme a hlakole dibe tsohle tsa batho ba ratang Modimo. Kahoo, Modimo o tla sebedisa Jesu hore a fedise ho kula, botsofadi le lefu.—Bala Esaia 25:8; 33:24.

5. Ke bomang ba tla phela Paradeiseng?

Ha o le Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova, o tla kopana le batho ba ratang Modimo le ba batlang ho ithuta hore na ba ka mo thabisa jwang

Batho ba mamelang Modimo ke bona ba tla phela Paradeiseng. (1 Johanne 2:17) Jesu o ile a roma balatedi ba hae hore ba batle batho ba bonolo mme ba ba rute hore na ke jwang ba ka amohelwang ke Modimo. Kajeno, Jehova o lokisetsa batho ba dimilione hore ba tlo phela Paradeiseng lefatsheng. (Sofonia 2:3) Diholong Tsa Mmuso Tsa Dipaki Tsa Jehova, batho ba ithuta ho ba banna, bontate, basadi le bomme ba molemo. Batswadi le bana ba rapela hammoho mme ba ithuta kamoo ba ka fumanang molemo kateng ditabeng tse molemo.—Bala Mikea 4:1-4.