Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 2

Modimo ke Mang?

Modimo ke Mang?

1. Ke hobaneng ha re lokela ho rapela Modimo?

Modimo wa nnete ke Mmopi wa dintho tsohle. Ha a na qalo mme o tla dula a le teng. (Pesaleme ya 90:2) Ke Mohlodi wa ditaba tse molemo tse ka Bibeleng. (1 Timothea 1:11) Kaha Modimo o re file bophelo, re lokela ho rapela yena feela.​—Bala Tšenolo 4:11.

2. Modimo o jwang?

Ha ho motho ya kileng a bona Modimo hobane ke Moya, ho bolelang hore bophelo ba hae bo phahametse hole ba dibopuwa tsa nama tse phelang lefatsheng. (Johanne 1:18; 4:24) Leha ho le jwalo, re ka kgona ho lemoha makgabane a Modimo dinthong tseo a di bopileng. Ka mohlala, mefuta e mengata ya ditholwana le dipalesa e re ruta ka lerato le bohlale ba hae. Boholo ba bokahohle bo re bontsha kamoo Modimo a leng matla kateng.​—Bala Baroma 1:20.

Re ka ithuta ho eketsehileng ka botho ba Modimo ka Bibeleng. Ka mohlala, Bibele e re bolella seo Modimo a se ratang le seo a sa se rateng, kamoo a tshwarang batho kateng le kamoo a etsang dintho kateng maemong a sa tshwaneng.​—Bala Pesaleme ya 103:7-10.

3. Na Modimo o na le lebitso?

Jesu o ile a re: “Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le halaletswe.” (Matheu 6:9) Le hoja Modimo a na le ditlotla tse ngata, o na le lebitso le le leng feela. Puo e nngwe le e nngwe e le bitsa ka tsela e fapaneng. Ka Sesotho re re ke “Jehova.”​—Bala Pesaleme ya 83:18.

Lebitso la Modimo le ntshitswe Dibibeleng tse ngata mme bakeng sa lona ha kenngwa ditlotla tse kang Morena kapa Modimo. Empa ha Bibele e ne e ngolwa, lebitso la Modimo le ne le hlaha ho yona ka makgetlo a ka bang 7 000. Jesu o ile a etsa hore batho ba tsebe lebitso la Modimo ha a ne a ba ruta ka lona.​—Bala Johanne 17:26.

Shebella video e reng Na Modimo o na le Lebitso?

4. Na Jehova o a re kgathalla?

Jwalo ka ntate enwa ya lerato, Modimo o batla hore re thabe ka ho sa feleng

Na mahlomola a tletseng hohle lefatsheng a bontsha hore Jehova ke Modimo ya sa re kgathalleng? Batho ba bang ba re Modimo o etsa hore re utlwe bohloko e le hore a leke tumelo ya rona, empa taba ena hase nnete.​—Bala Jakobo 1:13.

Modimo o file batho bolokolohi ba ho ikgethela. Na ha re thabele hore ebe re na le bolokolohi ba ho ikgethela ho sebeletsa Modimo? (Joshua 24:15) Empa batho ba bangata ba kgetha ho etsa ba bang hampe, ke kahoo mahlomola a leng mangata hakana. Jehova o utlwa bohloko ha a bona ho hloka toka.​—Bala Genese 6:5, 6.

Jehova ke Modimo ya re kgathallang. O batla hore re thabele bophelo. Haufinyane o tla fedisa mahlomola le batho ba a bakang. Empa o na le mabaka a utlwahalang a ho tlohela mahlomola ka nakwana. Re tla ithuta mabaka ao Thutong ya 8.​—Bala 2 Petrose 2:9; 3:7, 13.

5. Re ka atamela haufi le Modimo jwang?

Jehova o re mema hore re atamele haufi le yena ka hore re bue le yena ka thapelo. O amehile ka e mong le e mong wa rona. (Pesaleme ya 65:2; 145:18) O ikemiseditse ho tshwarela. O lemoha boiteko boo re bo etsang ba ho mo kgahlisa, esita le ha ka dinako tse ding re hloleha. Kahoo, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rona, re ka thabela ho ba le setswalle se haufi le Modimo.​—Bala Pesaleme ya 103:12-14; Jakobo 4:8.

Kaha Jehova ke yena ya re fileng bophelo, re lokela ho mo rata ho feta kamoo re ratang motho leha e le ofe. (Mareka 12:30) Ha o tswela pele ho bontsha hore o rata Modimo ka ho ithuta haholwanyane ka yena le ho etsa seo a o laelang sona, o tla atamela haufi le yena.​—Bala 1 Timothea 2:4; 1 Johanne 5:3.