Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Na le Tabitha mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo

BIBELE E FETOLA BOPHELO BA BATHO

Ke ne ke sa lumele hore Molimo o teng

Ke ne ke sa lumele hore Molimo o teng
  • KE HLAHILE KA: 1974

  • NAHA EA HESO: JEREMANE (EO PELE E NENG E LE GERMAN DEMOCRATIC REPUBLIC)

  • PALE EA BOPHELO BA KA: KE NE KE SA LUMELE HORE MOLIMO O TENG

BOPHELO BA KA BA NAKO E FETILENG

Ke hlahetse motseng oa Saxony e Jeremane. Lapeng ho ne ho ne ho le monate ebile batsoali ba ka ba nthutile mekhoa e metle, kahoo ke ne ke itšoere hantle. Batho ba Jeremane e ne e le Makomonisi, ka lebaka leo bolumeli e ne e se ntho ea bohlokoa ho bona. Empa ’na ke ne ke sa lumele hore Molimo o teng. Hona le lintho tse peli tse ileng tsa ama tsela eo ke phelang ka eona, ea pele ke ho lumela hore Molimo ha eo, ea bobeli ke Bokomonisi.

Ke ile ka khahloa ke Bokomonisi hobane ke ne ke rata taba ea hore ha ho na batho ba molemo ho feta ba bang, kaofela rea tšoana. Ke ne ke lumela hore batho bohle ba lokela ho abeloa lintho ka ho lekana, e le hore bofutsana bo fele. Kahoo ka ba setho se hloahloa sa mokhatlo oa bacha ba Makomonisi. Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka sebetsa moo ho phuthoang lipampiri tse lahliloeng ebe li sebelisoa hape. Ba boholong toropong ea Aue ba ile ba khahloa ke mosebetsi oa ka hoo ba ileng ba mpha khau. Le hoja ke ne ke sa le monyane, ke ile ka tsebana le ba bang ba boholong pusong ea Jeremane, kahoo ke ne ke ikutloa ke etsa mosebetsi oa bohlokoa hoo ke neng ke lumela hore bokamoso ba ka boa khanya.

Empa lintho li ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo. Bokomonisi bo ile ba fela ka 1989 ha karolo e ka bochabela le e ka bophirimela ea Jeremane li kopanngoa hore e be e-ba naha e le ’ngoe. E ile eaba ho qalile letoto la mathata. Ke ile ka hlokomela hore haesale ho se na toka ’musong oa Jeremane. Ka mohlala, batho bao e neng e se Makomonisi ba ne khelloa tlaase ’me ba tšoaroa ka leeme. Ke ne ke ipotsa hore na seo se etsahala joang, hobane rona Makomonisi re ne re lumela hore ha ho na batho ba molemo ho feta ba bang. Ke ile ka nyahama haholo ha ke hlokomela hore seo ke neng ke se lebeletse ka Bokomonisi ha se ntho e teng.

Ke ile ka fetola maoa, ka qala ho rata ’mino le ho toroea. Kaha ke ne ke e-na le monyetla oa ho kena sekolo moo ho rutoang ’mino ebe ke ea univesithi, ke ile ka batla hore mosebetsi oa ka ebe ho qapa ’mino. Empa ke ile ka tlohela mekhoa e metle eo ke neng ke e rutiloe ha ke sa le ngoana. Joale ntho ea bohlokoa ho ’na e ne se e le ho lula ke ithabisa feela, ’me ke ne ke bile ke ratana le banana ba bangata. Empa ho qapa ’mino le ho phela ke iketsetsa borata ha hoa ka ha nkhotsofatsa. Ke ne ke bile ke takile litšoantšo tse bontšang kamoo ke neng ke hloname ka teng. Ke ne ke ipotsa hore na ebe bophelo bo tla be bo le joang nakong e tlang, ke bile ke ipotsa hore na ke phelela’ng.

Mantsiboeeng a mang ha ke ntse ke le sekolong, ’na le bana bao ke kenang sekolo le bona re ile ra bua ka hore na ebe bophelo bo tla ba joang nakong e tlang. Ngoanana ea bitsoang Mandy * eo e neng e le Paki ea Jehova. O ile a mpha keletso eo ke neng ke hlile ke e hloka. O ile a re ho ’na: “Andreas, ak’u ithute seo Bibele e se buang ka bophelo le ka se tla etsahala nakong e tlang.” Lintho tseo ke ileng ka ithuta tsona ka Bibeleng li ile tsa ’makatsa.

Ke ne ke sa lumele hore Bibele ehlile e na le likarabo, empa ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta eona. Mandy o ile a re ke bale Daniele khaolo ea 2, ’me ke ile ka khahloa ke seo ke se balileng moo. Khaolo eo e na le boprofeta bo buang ka mebuso e neng e tla ama tsela eo batho ba phelang ka eona ho fihlela mehleng ena. O ile a ba a mpontša boprofeta ba Bibele bo buang ka se tla etsahala ka batho nakong e tlang. Qetellong ke ile ka fumana likarabo tsa lipotso tsa ka. Empa ke ne ke ipotsa hore na ke mang ea ngotseng boprofeta bona, ea neng a tseba hantle hakaalo hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Na ehlile ho ka etsahala hore ebe Molimo o teng?

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Mandy o ile a ntsebisa Horst le Angelika e leng banyalani ba Lipaki ba ileng ba nthusa ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka hlokomela hore ke Lipaki Tsa Jehova feela tse sebelisang lebitso la Molimo, e leng Jehova. (Pesaleme ea 83:18; Matheu 6:9) Ke ile ka ithuta hore Jehova Molimo o tšepisa hore batho ba tla phela ba sa shoe paradeiseng e tl’o ba mona lefatšeng. Pesaleme ea 37:9 e re: “Ba tšepang Jehova ke bona ba tla rua lefatše.” Ke ile ka thabisoa ke ho ithuta hore tšepiso ena ea Molimo e molemong oa batho bohle ba lekang ho phela ka tsela eo Molimo a e batlang.

Empa ho ne se bonolo ho tlohela mekhoa e mebe. Kaha ke ne ke le sebini se ipabolang, ke ne ke le motho ea ikhohomosang kahoo ke ne ke lokela ho sebetsa ka thata hore ke be motho ea ikokobelitseng. Ntho e neng e nthatafalla ho feta tsohle ke ho tlohela ho phela bophelo ba ho iketsetsa borata le ho tlohela ho kopanela liphate le batho bao ke sa nyalanang le bona. Ke leboha Jehova haholo hore ebe o mohau ebile o mosa ho bohle ba lekang ho tlohela mekhoa eo a e hloileng.

Bokomonisi le ho se lumele hore Molimo o teng li ile tsa ama tsela eo ke phelang ka eona ho fihlela ke le lilemo li 18, empa Bibele eona e ntse e tsoela pele ho fetola bophelo ba ka ho tloha esale ke ithuta eona. Ke ile a khaotsa ho tšoenyeha ka bokamoso ka ba ka tseba hore na ke phelela’ng ka mor’a hore ke ithute Bibele. Ka 1993 ke ile ka ba Paki ea Jehova eaba ka 2000 ka nyalana le Paki ’moho le ’na e bitsoang Tabitha. Re qeta nako e ngata re thusa batho ba bang ho ithuta Bibele. Batho ba bangata bao re kopanang le bona ba phela ka tsela eo ke neng ke phela ka eona, ke Makomonisi ebile ha ba lumele hore Molimo o teng. Ke thaba haholo ha ke ba thusa ho tseba Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Ha ke ne ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova batsoali ba ka ba ne ba sa thaba. Empa ba ile ba fetola maikutlo ha ba bona kamoo ho ithuta Bibele ho nthusitseng kateng. Ke thabile haholo hobane ba se ba bala Bibele ebile ba ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova.

’Na le mosali oa ka re thabile haholo hobane re leka ho mamela keletso ea Bibele e buang le banyalani. Ka mohlala Bibele e re thusitse hore re tšepahallane.—Baheberu 13:4.

Ha ke sa tšoenyeha haholo ka hore na bophelo bo tla ba joang nakong e tlang. Ke thabela ho ba karolo ea batho ba ratang Jehova ba utloanang ba bileng ba nang le khotso. Re nkana joaloka bana ba motho ebile ha ho na ba utloang eka ba phahametse ba bang. Hona joale ke thabile haholo hobane sena ke seo esale ke se batla bophelo bohle ba ka.

^ ser. 12 Lebitso le fetotsoe.