Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Mphe Selemo Feela ke E-⁠na le Khotso Ebile ke Thabile

Mphe Selemo Feela ke E-⁠na le Khotso Ebile ke Thabile
  • KE HLAHILE KA: 1971

  • NAHA EA HESO: FORA

  • PELE: KE NE KE LE MABIFI, KE ITŠOERE HAMPE EBILE KE SEBELISA LITHETHEFATSI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Lelapa leso le ne le lula Tellancourt, e leng motsana o ka leboea-bochabela ho Fora. Ntate ke Mofora athe ’Mè ke Motaliana. Ha ke le lilemo li robeli, lelapa leso le ile la fallela motseng o mong o futsanehileng Rome, Italy. Ha re le moo, bophelo bo ile ba e-ba boima lapeng. Batsoali ba ka ba ne ba lula ba qabana ka lebaka la mathata a lichelete.

Ha ke e-na le lilemo tse 15, ’Mè o ile a nkhothalletsa hore ke tsoe lapeng, ke iphumanele metsoalle. Kahoo ke ile ka qala ho qeta nako e ngata ke le sieo lapeng. Ka mor’a nakoana, ke ile ka iphumana ke se ke matha le metsoalle e mebe. Ka letsatsi le leng, ntate e mong ea neng a bonahala a le botsoalle o ile a tla ho ’na. O ile a mpha lithethefatsi eaba kea li nka kaha ke ne ke batla ho hlaha eka ke se ke hōlile. Ho e-s’o kae, ke ile ka iphumana ke kene tloara boitšoarong bo bobe ke bile ke sebelisa lithethefatsi. Maemong a mangata, batho ba ile ba ntlhekefetsa ka motabo. Ke ne ke se na taba le bophelo; ke sa tsotelle hore na kea shoa kapa kea phela. Ke ne ke jeoa ke bolutu haholo. Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka leka ho ipolaea ka hore ke noe joala ba whiskey ’me ke itihele ka letšeng. Ka lebaka leo ke ile ka qeta matsatsi a mararo ke akhehile.

Ke ile ka qala ho ananela bophelo, empa ka boela ka ba motho ea mabifi le ea bolotsana. Ke ne ke kōpa batho ho etsa thobalano le ’na, e re ha ke fihla ha bona ke ba kenye lithethefatsi, ebe joale ke ba utsoetsa ntho leha e le efe ea bohlokoa. Mekhatlo e meholo ea linokoane e ne e ntšebelisa ho tsamaisa lithethefatsi naheng ea Italy. Ke ne ke lula ke qoaketsana le mapolesa. Bophelo ba ka bo ne bo bonahala bo se na morero ebile bo tsoile tseleng. Leha ho le joalo, ke ne ke lumela hore e tlameha ebe ho na le lebaka la hore ebe kea phela. Ke ile ka rapela Molimo, ka mo kōpa hore a mphe selemo feela ke e-na le khotso ebile ke thabile.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ha ke le lilemo li 24, ke ile ka etsa qeto ea ho fallela Engelane. Kaha ke ne ke sebetsa le limokolara tsa lithethefatsi, bophelo ba ka bo ne bo le kotsing. Pele ke tsamaea, ke ile ka chakela ’Mè, eaba kea makala ha ke bona monna e mong ea bitsoang Annunziato Lugarà a buisana le eena ka Bibele. * Kaha ke ne ke tseba hore e kile ea e-ba senokoane, ke ile ka tšoha ’me ka mo botsa hore na o behoa ke’ng moo. O ile a mpolella hore o entse liphetoho tse khōlō bophelong e le hore e be Paki ea Jehova, ’me a nkōpa hore ke batle Lipaki ha ke fihla Engelane. Ke ile ka lumela. Leha ho le joalo, ha ke fihla moo feela, ke ile ka khutlela mekhoeng ea ka ea khale.

Ka letsatsi le leng, ke ile ka kopana le Paki e ntse e fana ka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! seterateng se phetheselang sa London. Ha ke hopola tšepiso eo ke ileng ka e etsa ho Annunziato, ke ile ka botsa Paki eo hore na e ka nthuta Bibele.

Ke ile ka hlolloa haholo ke seo ke neng ke ithuta sona Bibeleng. Ka mohlala, ke ile ka angoa ka ho teba ke mantsoe a hlahang ho 1 Johanne 1:9, a buang sena mabapi le Molimo: “Haeba re bolela libe tsa rōna, oa tšepahala ’me o lokile hore a re tšoarele libe tsa rōna le ho re hloekisa.” Temana eo e ile ea nkama maikutlo haholo hobane ke ne ke ikutloa ke le litšila ka lebaka la tsela eo ke neng ke phela ka eona. Hang-hang ke ile ka qala ho ea sebakeng sa borapeli sa Lipaki Tsa Jehova se bitsoang Holo ea ’Muso. Lipaki li ile tsa nkamohela ka mofuthu. Ha ke hlokomela kamoo setsoalle sa tsona se leng matla kateng, e leng ntho eo e neng e le khale ke e labalabela, ke ne ke batla ho ba setho sa phutheho eo, e kang lelapa.

Le hoja ho sa ka ha e-ba boima hore ke khaotse ho sebelisa lithethefatsi le tsela eo ke neng ke phela ka eona, ke ile ka thatafalloa ho ntlafatsa botho ba ka. Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho tšoara batho ba bang ka tlhompho le ka ho ba nahanela. Ha e le hantle, le hona joale ke ntse ke loantša mekhoa e itseng e mebe. Empa ka thuso ea Jehova, ke se ke hatetse pele haholo. Pele ho feta likhoeli tse tšeletseng ke qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka kolobetsoa. Seo se etsahetse ka 1997.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka nyala moroetsana e mong ea bitsoang Barbara, eo le eena e neng e se khale e le Paki ea Jehova. Ha motsoalle e mong oa ka oa khale a bona hore na ke fetohile hakae, o ile a qala ho ithuta Bibele. Hamorao, le eena e ile ea e-ba Paki ea Jehova ’me a lateloa ke khaitseli ea hae. Ka mor’a moo ausi oa nkhono oa ka, ea neng a e-na le lilemo tse fetang 80, o ile a qala ho ithuta Bibele ’me a kolobetsoa pele a hlokahala.

Hona joale ke moholo phuthehong ea heso ’me ’na le mosali oa ka re qeta lihora tse 70 ka khoeli re bolela litaba tse molemo, re thusa batho ba buang Setaliana ba lulang London hore ba ithute Bibele. Ka linako tse ling ke ba le khatello ea maikutlo ha ke nahana ka tsela eo ke neng ke phela ka eona pele, empa Barbara o nthusa haholo feela. Qetellong, ke na le lelapa le tsitsitseng, leo kamehla ke neng ke lakatsa ho ba le lona, ’me ke na le Ntate ea lerato eo kamehla ke neng ke batla ho ba le eena. Ke ile ka kōpa Molimo hore a mphe selemo feela ke e-na le khotso ebile ke thabile, empa o mphile lintho tse ngata ho feta moo!

Qetellong, ke na le lelapa le tsitsitseng, leo kamehla ke neng ke lakatsa ho ba le lona, ’me ke na le Ntate ea lerato eo kamehla ke neng ke batla ho ba le eena

^ ser. 10 Sheba sehlooho se reng “Ke ne ke Lula ke Tsamaea ke Nkile Sethunya,” joalokaha ho boletse Annunziato Lugarà, se Molula-Qhooeng oa July 1, 2014, leqepheng la 8-9.