Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Joale ke Kholisehile Hore Nka Khona ho Thusa ba Bang

Joale ke Kholisehile Hore Nka Khona ho Thusa ba Bang
  • KE HLAHILE KA: 1981

  • NAHA EA HESO: GUATEMALA

  • PELE: KE HŌTSE HABOHLOKO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse Acul, e mahaeng a lihlabeng tsa Guatemala. Lelapa leso ke la morabe oa Ixil, e leng Bamaya. Ke hōtse ke bua Sepanishe le puo ea moo. Ha ke hlaha ho ne ho kupa ntoa ea lehae Guatemala e nkileng lilemo tse 36. Nakong ena batho ba morabe oa Ixil ba ile ba shoa ka bongata.

Ha ke le lilemo li ’nè, abuti oa ka ea lilemo li supileng o ne a bapala ka seqhomane sa letsoho se ileng sa phatloha ka tšohanyetso. Ka masoabi ke ile ka foufala, ’me abuti oa ka a shoa. Ka mor’a moo, ke ile ka qeta nako ea bongoana ba ka ke le setsing sa batho ba foufetseng Motseng oa Guatemala, moo ke ileng ka ithuta ho bala Braille. Ha ke le moo, ka mabaka ao ke sa a tsebeng basebetsi ba ne ba nkhanela ho buisana le bana ba bang, kahoo bana bao ba ne ba nkoekoetla. Kaha ke ne ke jeoa ke bolutu, ke ne ke labalabela ho etela ’Mè, hobane ke ne ke lula ke mo etela likhoeli tse peli ka selemo, o ne a le mosa a bile a nqenehela. Ka masoabi o ile a hlokahala ha ke le lilemo li leshome. Ke ile ka ferekana ha ke nahana hore motho a le mong feela ea neng a nthata ha a sa phela.

Ha ke le lilemo li 11 ke ile ka khutlela haeso ’me ka lula le ba lelapa la abuti oa ka ka malapa. Ba ile ba ntlhokomela ka lintho tseo ke neng ke li hloka nameng, empa eseng ka seo ke neng ke se hloka maikutlong. Ka linako tse ling, ke ne ke ee ke botse Molimo ke re: “’Mè o ne a shoella’ng? Ke hobane’ng ha ke foufetse?” Batho ba ne ba re ke thato ea Molimo hore ebe ke hlaheloa ke mathata ana. Ke ne ke lumela hore e tlameha ebe Molimo ha a na kutloelo-bohloko ebile o leeme. Ke sitiloe ho ipolaea hobane feela ke se na mokhoa.

Ho foufala ho ile ha etsa hore ke fokole ’meleng ha ba ha ntematsa maikutlong. Ha ke sa le monyenyane, ke ile ka hlekefetsoa ka thobalano hangata. Ha ho mohla ke ileng ka tlaleha liketsahalo tseo hobane ke nahana hore ha ho na motho ea ntsotellang. E ne e se hangata batho ba buang le ’na, le ’na ke ne ke sa ba buise. Ke ne ke itšehlile thajana, ke nyahame ebile ke sa tšepe motho.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ha ke sa le mocha, banyalani ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba tla ho ’na nakong ea khefu ea sekolo. Tichere e ’ngoe e neng e nkutloela bohloko e ne e ile ea ba kōpa hore ba nketele. Ba ile ba mpolella hore Bibele e tšepisa hore bafu ba tla tsosoa le hore batho ba foufetseng ba tla boela ba bone. (Esaia 35:5; Johanne 5:28, 29) Ke ile ka thabela seo ba neng ba nthuta sona, empa ho ne ho se bonolo hore ke bue le bona kaha ke ne ke sa tloaela ho qoqa le batho. Le hoja ke ne ke le lihlong, ka mosa ba ile ba phehella ho nthuta Bibele ba sa fele pelo. Banyalani bana ba ne ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse fetang leshome ba hloa thaba ha ba ea motseng oa heso.

Ha abuti oa ka ka malapa a ntlhalosetsa hore na ba joang o ile a re ba apere hantle le hoja e le batho ba kojoana-li-mahetleng. Empa ba ne ba bontša hore baa nthahasella ka hore ba ntlele limpho tse nyenyane. Ke ile ka bona hore ke Bakreste ba ’nete feela ba neng ba ka itella motho joalo.

Ke ile ka ithuta Bibele ka lingoliloeng tsa Braille. Le hoja ke ne ke utloisisa lintho tseo ke neng ke ithuta tsona, ho ne ho le thata hore ke li amohele. Ka mohlala, ho ile ha e-ba thata hore ke lumele hore Molimo o hlile oa ntsotella le hore ba bang le bona ba ka ntsotella joaloka eena. Ke ne ke utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse bokhopo ka nakoana, empa ho le thata ho nka hore ke Ntate ea lerato e le kannete. *

Seo ke ithutileng sona Bibeleng se ile sa nthusa hore ke fetole maikutlo butle-butle. Ka mohlala, ke ile ka ithuta hore Molimo o utloela batho ba mahlomoleng bohloko. Ha Molimo a bua ka barapeli ba hae ba neng ba tšoeroe hampe o ile a re: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka. . . ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.” (Exoda 3:7) Ha ke se ke ananela litšobotsi tsa Jehova tse ratehang, ke ile ka susumelletseha hore ke inehele ho eena. Ke ile ka kolobetsoa ka 1998, ’me ka ba Paki ea Jehova.

Ke na le mor’abo rōna eo ke lulang ha hae

Ka mor’a selemo ke kolobelitsoe, ke ile ka ea sekolong sa batho ba foufetseng haufi le motse oa Escuintla. Moholo e mong oa phutheho o ile a hlokomela hore ho thata hore ke ee libokeng motseng oa heso. Phutheho e haufinyane e ne e le ka ’ng’ane ho lithaba tseo banyalani ba neng ba nthuta Bibele ba neng ba tlameha ho li hloa ha ba tlil’o bala le ’na ’me ho ne ho se bonolo hore ke nke leeto leo. Moholo eo o ile a lokisetsa hore ke lule le lelapa la Lipaki le motseng oa Escuintla le ileng la nthusa hore ke ee libokeng. Ho fihlela lena le holimo, le ntse le ntlhokomela joalokaha eka ke karolo ea lona.

Nka bua ka lintho tse ngata tseo litho tsa phutheho li nketselitseng tsona ho bontša hore li nthata e le kannete. Lintho tsena kaofela li nkholisa hore joaloka Paki ea Jehova, ke har’a Bakreste ba ’nete.—Johanne 13:34, 35.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ha ke sa ikutloa ke le mosesaane ke bile ke se na tšepo. Hona joale kea tseba hore ke phelela’ng. Kaha ke qeta nako e ngata ke ruta batho linnete tsa Bibele, ke amehile haholo ka mosebetsi oo ho e-na le ho ameha ka bokooa ba ka. Ke boetse ke na le tlotla ea ho ba moholo oa phutheho le ea ho fana ka lipuo tsa Bibele liphuthehong tsa motseng oa heso. Ke ile ka boela ka ba le tlotla ea ho fana ka lipuo tsa Bibele likopanong tsa setereke moo ho bokaneng batho ba likete.

Ke fana ka puo ke sebelisa Bibele ea ka ea Braille

Ka 2010, ke ile ka qeta Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (seo hona joale se bitsoang Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso) se neng se tšoaretsoe El Salvador. Sekolo sena se ile sa nthusa hore ke khone ho phetha boikarabelo ba ka ka phuthehong. Koetliso eo ke e fumaneng ho sona e entse hore ke elelloe hore Jehova, e leng eena ea ka etsang hore mang kapa mang a tšoanelehele mosebetsi oa hae, oa nthata, ebile o nkuka ke le motho oa bohlokoa.

Jesu o itse: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Hona joale ke thabile e le kannete ’me le hoja ke ne ke sa nahane hore nka khona ho thusa ba bang, ke kholisehile hore nka ba thusa.

^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo, sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.