Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MAELE A BOHOLO-HOLO A KA RE TSOELANG MOLEMO KAJENO

Tšoarela ka Bolokolohi

Tšoarela ka Bolokolohi

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:“Tsoelang pele . . . ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”—Bakolose 3:13.

See se bolela’ng? Ka Bibeleng, sebe se tšoantšoa le molato ’me ho tšoarela ho tšoantšoa le ho o hlakola. (Luka 11:4) Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re, ka Bibeleng lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšoarela” le bolela “hore motho o [hlakola] molato.” Kahoo, ha re ithaopela ho tšoarela motho ea re foselitseng, ha re lebelle letho ho eena. Ha re ikemisetsa ho tšoarela, seo ha se bolele hore re khothalletsa boitšoaro bo fosahetseng kapa re bebofatsa bohloko boo re bo utloileng. Ho e-na le hoo, re etsa qeto ea hore re se ke ra tšoara batho ka pelo, le haeba re e-na le lebaka le utloahalang la ho khopeha.

Na ho tšoarela ho ka re tsoela molemo kajeno? Kaha ha rea phethahala, kaofela re baetsalibe. (Baroma 3:23) Kahoo, re tla be re etsa hantle haeba re itloaetsa ho tšoarela ba bang, kaha le rōna re tla hloka hore ba re tšoarele. Ho feta moo, ha re ithaopela ho tšoarela ba bang, re itsoela molemo. Joang?

Ha re lula re halefile, re tšoara ba bang ka pelo ebile re hana ho tšoarela, rea itematsa. Maikutlo a joalo a ka re sulafalletsa bophelo. Hape a ka re kulisa. Journal of the American College of Cardiology, e ngotsoeng ke Dr. Yoichi Chida le Moprofesa oa Thuto ea Kelello e leng Andrew Steptoe, e re: “Liphuputso tsa morao tjena li bontša hore ho halefa le lehloeo li ka baka lefu la pelo.”

Ka lehlakoreng le leng, nahana ka melemo e tlisoang ke ho tšoarela. Ha re tšoarela batho ba bang, ho ba le khotso pakeng tsa rōna le bona ’me re ba le setsoalle se tšoarellang. Habohlokoa le ho feta, re bontša hore re etsisa Molimo ea tšoarelang baetsalibe ba bakileng ea bileng a lebeletseng hore le rōna re etse se tšoanang.—Mareka 11:25; Baefese 4:32; 5:1.