Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Na bofutsana bo tla ke bo fele?

Molimo o tla felisa bofutsana joang?—Matheu 6:9, 10.

Selemo le selemo batho ba bangata ba futsanehileng baa shoa ka lebaka la ho haelloa ke phepo le maloetse. Le hoja linaha tse ling li ruile, batho ba bangata ba kolla ntsi hanong. Bibele e bontša hore haesale ho e-na le batho ba futsanehileng.—Bala Johanne 12:8.

E le hore bofutsana bo felisoe, ho hlokahala hore lefatše le be le ’muso o le mong o tla arolela batho lihlahisoa tsa lona ka ho lekana. ’Muso oo o lokela ho felisa lintoa, kaha ke tsona sesosa se ka sehloohong sa bofutsana. Molimo o tšepisa hore ho tla ba le ’muso o joalo.—Bala Daniele 2:44.

Ke mang ea ka felisang bofutsana?

Molimo o khethile Mora oa hae Jesu hore a buse batho. (Pesaleme ea 2:4-8) Jesu o tla lopolla batho ba futsanehileng a be a felise matšoenyeho le lintoa.—Bala Pesaleme ea 72:8, 12-14.

Kaha Jesu ke “Khosana ea Khotso” eo ho builoeng ka eona esale pele, o tla tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng. Joale batho bohle ba tla lula matlong a bona, ba etse mosebetsi o khotsofatsang ’me ba be le lijo tse ngata.—Bala Esaia 9:6, 7; 65:21-23.