Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Na papiso ea Jesu e ne e bolela hore batho bao e seng Bajuda ba tšoana le “lintjanyana”?

Ka letsatsi le leng ha Jesu a ne a le Syria e Roma, mosali oa Mogerike o ile a kopa hore a mo thuse. Ha Jesu a mo araba o ile a etsa papiso e buang ka batho bao e seng Bajuda le “lintjanyana.” Lintja li ne li nkoa li sa hloeka ho ea ka molao oo Molimo a neng a o file Moshe. (Levitike 11:27) Empa na ha Jesu a ne a etsa papiso eo o ne a bolela hore mosali eo hammoho le batho ba bang bao e seng Bajuda ha baa hloeka?

Le letho! O ne a mpa a leka ho hlalosa hore ka nako eo morero oa hae e ne e le ho thusa Bajuda. O ile a ba a hlalosetsa barutuoa ba hae taba ena. Ha a bua le mosali eo o ile a re: “Ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana le ho bo akhella lintjanyana.” (Matheu 15:21-26; Mareka 7:26) Mehleng eo Baroma le Bagerike ba ne ba rata lintja haholo, ba ne ba bile ba lula le tsona ka tlung li bile li bapala le bana ba bona. E tlameha ebe ha Jesu a qeta ho etsa papiso eo, mosali eo o ile a hopola kamoo a li ratang kateng. Ka lebaka leo o ile a arabela Jesu a re: “E, Morena; empa ha e le hantle lintjanyana li ja makumane a oang litafoleng tsa beng ba tsona.” Jesu o ile a mo babatsa ka lebaka la hore o na le tumelo eaba o folisa morali oa hae.—Matheu 15:27, 28.

Na keletso ea moapostola Pauluse ea hore sekepe se se ke sa tloha e ne e utloahala?

Sekepe seo Pauluse a neng a se palame ha a ea Italy se ne se tsukutloa ke moea. Pauluse o ile a kopa hore basesisi ba ke ba eme hanyane. (Liketso 27:9-12) Empa na keletso ee e ne e utloahala?

Basesisi ba ne ba tseba hantle hore ho kotsi haholo ho sesisa sekepe leoatleng la Mediterranean ha e le mariha. Ho ne ho nkoa hore ha hoa lokela ho sesisa likepe ho tloha bohareng ba November ho ea bohareng ba March. Leeto lena leo Pauluse a neng a bua ka lona le ne le lokela ho ba ka September kapa ka October. Sengoli sa Moroma se bitsoang Vegetius (se phetseng lilemong tsa bo-300 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng) se ile sa re: “Ho na le likhoeli tse loketseng bakeng sa ho sesisa, tse ling ha li mpe hakaalo empa likhoeling tse ling ha ho khonehe ho sesisa ho hang.” O ile a re nako e loketseng ea ho sesisa ke ho tloha ka la 27 May ho ea ho la 14 September empa ha ho hobe hakaalo ho sesisa ka la 15 September ho ea ho la 11 November. Athe ka la 11 March ho ea ho la 26 May ho hang ha ho khonehe. E tlameha ebe Pauluse o ne a tseba litaba tsena kaha o ne a tloaetse ho eta ka sekepe. E tšoanetse ebe mong’a sekepe le mosesisi oa sona le bona ba ne ba tseba litaba tsena hantle, empa ba ile ba iphapanyetsa keletso ea Pauluse. Leeto leo le ile la fella hampe hobane sekepe se ile sa soahlamana.—Liketso 27:13-44.