Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Na U ka Khaotsa ho Tšoara Molekane oa Hao ka Pelo?

Na U ka Khaotsa ho Tšoara Molekane oa Hao ka Pelo?

BOTHATA

Ha u khone ho lebala lintho tse mpe tseo molekane oa hao a ileng a li bua kapa a li etsa; mantsoe a hlabang le lintho tse bohloko tseo a ileng a u etsa tsona ha li tlohe ka kelellong ea hao. Seo se entse hore u se ke ua hlola u mo rata empa u mo tšoare ka pelo. Ho bonahala eka ntho feela eo u ka e etsang ke ho mamella lenyalong lena le seng le sena mofuthu oa lerato. Seo le sona se etsa hore u halefele molekane oa hao.

Kholiseha hore lintho li ka ntlafala. Leha ho le joalo, nahana pele ka lintlha tse ’maloa tse mabapi le ho tšoara molekane oa hao ka pelo.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ho lula u tšoere molekane oa hao ka pelo ho etsa hore lenyalo la lona le hule ka thata

Ho tšoara molekane oa hao ka pelo ho ka senya lenyalo la lōna. Hobane’ng? Hobane ho senya litšobotsi tseo lenyalo le lokelang ho thehoa ho tsona, tse kang lerato, ho tšepana le botšepehi. Ha e le hantle, ho tšoara molekane oa hao ka pelo ha ho bakoe ke mathata a teng lenyalong empa ke bothata ba lenyalo ka bo lona. Ke kahoo Bibele e reng: “Lehloeo le nang le lonya . . . li ke li tlosoe tsohle ho lōna.”—Baefese 4:31.

Haeba u tšoara motho ka pelo, u ikutloisa bohloko. Ho tšoara motho ka pelo ho tšoana le ho ikotla ebe u lebella hore motho e mong a utloe bohloko. Bukeng ea hae ea Healing From Family Rifts, Mark Sichel o ile a ngola a re: “E ka ’na eaba motho eo u mo tšoereng ka pelo o thabile ’me ha a hlokomele hore ho na le bothata.” See se bolela’ng? Sichel o re: “Ho tšoara motho ka pelo ho ka u utloisa bohloko haholo ho feta motho eo u mo halefetseng.”

Ho tšoara motho ka pelo ho tšoana le ho ikotla ebe u lebella hore motho e mong a utloe bohloko

Motho o ikhethela ho tšoara ba bang ka pelo. Batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba lumellana le seo. Ba ka ’na ba re, ‘Molekane oa ka ke eena ea entseng hore ke mo tšoare ka pelo.’ Bothata ke hore ho nahana joalo ho kotsi hobane u ke ke ua laola liketso tsa motho e mong. Bibele e bolela seo u ka se etsang. E re: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona.” (Bagalata 6:4) Re ke ke ra laola lintho tseo motho a li buang kapa a re etsang tsona empa re ka khona ho laola tsela eo re itšoarang ka eona. Ho tšoara motho ka pelo hase tharollo.

 SEO U KA SE ETSANG

U se ke ua beha ba bang molato. Ke ’nete hore ho bonolo ho beha molekane oa hao molato. Empa hopola hore motho oa ikhethela ho tšoara ba bang ka pelo. Hoa tšoana le ka ho tšoarela. U ka latela keletso ea Bibele e reng: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Ho ba le moea oa ho tšoarela ho u fa monyetla oa hore u sebetsane le mathata a lenyalo la hao ka katleho.—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:13.

Itlhahlobe ka botšepehi. Bibele ea lumela hore batho ba bang ba ‘ineheletse bohale’ ’me ba ‘rata ho halefa.’ (Liproverbia 29:22) Na u motho ea joalo? Ipotse: ‘Na ke motho ea halefang habonolo? Na ke khopiseha kapele? Na ke rata ho tsosa likhang ka lintho tse sa reng letho?’ Bibele e re: “Ea ntseng a bua ka taba o arola ba tloaelaneng.” (Liproverbia 17:9; Moeklesia 7:9) Sena se ka etsahala le lenyalong. Kahoo, haeba u tloaetse ho tšoara batho ba bang ka pelo, ipotse, ‘Na nka mamella molekane oa ka haholoanyane?’—Molao-motheo oa Bibele: 1 Petrose 4:8.

Tseba seo e leng sa bohlokoa. Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:7) Hase hore nako le nako ha molekane oa hao a u khopisitse le lokela ho buisana ka taba eo; ka linako tse ling u ka ‘buela ka pelong, holim’a bethe ea hao, ’me u khutse.’ (Pesaleme ea 4:4) Haeba ho hlokahala hore le buisane, emela hore bohale ba hao bo kokobele. Mosali e mong ea bitsoang Beatriz, o re: “Ha ke utloile bohloko, ke leka hore ke theole maikutlo pele. Ka linako tse ling kea hlokomela hore le phoso eo e ne e se ntho e khōlō hakaalo ’me seo se etsa hore ke bue le molekane oa ka ka tlhompho.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 19:11.

Utloisisa hore na ho bolela’ng ho “tšoarela.” Ka linako tse ling lentsoe “tšoarela” ka Bibeleng le fetoletsoe lentsoeng la Segerike le bolelang ho tlohela taba e fete. Kahoo, ho tšoarela ha ho bolele hore u lokela ho nyenyefatsa phoso e entsoeng kapa u etse e ka ha ea ka ea etsahala ho hang; empa ho bolela hore u e tlohele e fete, u hlokomela hore ho tšoara motho ka pelo ho ka senya bophelo ba hao le lenyalo la hao ho feta phoso eo ka boeona.