Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

U ka Hlōla ho Tepella Joang?

U ka Hlōla ho Tepella Joang?

ANIL o ne a tamukane. O ne a fumane mosebetsi o mocha o neng o mo tšepisa boemo bo phahameng le chelete e ngata. Empa joale o ne a se a sebetsa ho fihlela bosiu haholo le ka mafelo beke ’me ka linako tse ling o ne a sebetsa lihora tse 80 ka beke. O re: “Lintho li ne li sa hlophiseha mosebetsing ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le mahetleng a ka. Ke ile ka nahana ka re: ‘Ke entse’ng? Haeba ke sa etse liphetoho, ke ea shoeleng.’” Anil o ne a ntse a tepella le ho feta.

Ho tepella hase mokhathala feela o tloaelehileng kapa ho ba le khatello ka lebaka la mosebetsi oa letsatsi le letsatsi. Motho ea tepelletseng o na le mokhathala o sa feleng ’me o ikutloa a ferekane le ho felloa ke matla. Hangata batho ba tepelletseng, ha ba thabele ho sebetsa, ebile ha ba qete mosebetsi oo ba o fuoang. Lipatlisiso li boetse li amahanya ho tepella le mafu a mangata a maikutlo le a ’mele.

Ho tepella ho bakoa ke’ng? Hangata ho bakoa ke ho ba le mosebetsi o mongata haholo. Ka lebaka la mathata a moruo, bahiri ba bang ba batla hore basebetsi ba bona ba sebetse lihora tse ngata ’me ka linako tse ling ba ba patala chelete e nyenyane. Hona joale, theknoloji e entse hore batho ba bang ba lule ba sebetsa leha ba le lapeng. Ba bang ba tepelletsoa ke ho tšaba hore ba tla lahleheloa ke mosebetsi, ho se khone ho laola mosebetsi oa bona kapa ho se tšoaroe ka toka mosebetsing. Athe ba bang bona ba tepelletsoa ke ho se tsebe hore na ke lintho life tse lokelang ho etsoa pele le ho qabana le basebetsi-’moho.

Hape, batho ba bang ba ka ipakela ho tepella. Ka lebaka la ho hahamalla maemo a phahameng le ho fumana moputso o mongata, batho ba bang ba itjarisa mosebetsi o mongata. Batho ba joalo ba ikimetsa ka mosebetsi ’me ba iphumana ba tepelletse.

U ka hlōla ho tepella ho bakoang ke mosebetsi joang? Ke ’nete hore ho ka bonahala eka ho ke ke ha khoneha haeba u ikutloa eka ha ho na seo u ka se etsang. Leha ho le joalo, nahana ka mehato e latelang e mene e ka u thusang ho hlōla ho tepella. U tla hlokomela hore ho na le seo u ka se etsang.

 1. HLAHLOBA HORE NA KE’NG SE TLANG PELE.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena ke efe? Batho ba bangata ba ka re ke malapa a bona le ho phela hantle ’meleng. Haeba u tepelletse, u ka lahleheloa ke lintho tsena.

Ho tseba hantle hore na ke’ng se tlang pele bophelong ba hao, ho tla etsa hore u itokisetse ho etsa liqeto tse thata ka ho fetisisa le ho etsa liphetoho. Ka mohlala, u ka ’na ua hlokomela hore ntho e etsang hore u tepelle ke mosebetsi oa hao. Empa u ka ’na ua re, ‘Nke ke ka khona ho batla mosebetsi o mong kapa ho fokotsa nako eo ke e sebetsang; ke hloka chelete!’ Ke ’nete hore ha ho na motho ea sa hlokeng chelete, empa na u lokela ho lahleheloa ke lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ka lebaka la eona?

Hlokomela hore u se ke ua etsa hore lintho tse tlang pele bophelong ba batho ba bang e be tsa hao. Ho ka etsahala hore lintho tse tlang pele ho mohiri oa hao, li fapane le tsa hao. Batho ba bang ba ka ’na ba khetha hore mosebetsi o tle pele bophelong ba bona, empa seo hase bolele hore le uena u lokela ho etsa se tšoanang.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “ESITA LE HA MOTHO A E-NA LE HO HONGATA HAHOLO BOPHELO BA HAE HA BO HLAHE LINTHONG TSEO A NANG LE TSONA.”—LUKA 12:15

2. NOLOFATSA BOPHELO BA HAO.

E le hore u fokotse khatello ’me u fumane nako ea lintho tsa bohlokoa, u ka ’na ua kōpa ho fokoletsoa lihora tsa mosebetsi, ua kōpa hore mohiri oa hao a u fokoletse mosebetsi kapa ua etsa qeto ea ho batla mosebetsi o mong. Ho sa tsotellehe hore na u tla etsa qeto efe, ho tla hlokahala hore u etse liphetoho maemong a hao a lichelete le bophelong ba hao. Leha ho le joalo, ho etsa sena ho ka khoneha ’me ha ho thata joalokaha u nahana.

Linaheng tse ngata, batho ba amehileng ka ho reka le ho rekisa, ba nahana hore ho thaba ho amana le hore na motho o khola bokae le hore o na le lintho tse ngata hakae. Empa seo hase ’nete. Ho phela bophelo bo bonolo ho etsa hore batho ba ikutloe ba lokolohile ba bile ba khotsofetse. E le hore u etse liphetoho tse joalo, fokotsa ho reka ’me u boloke chelete. Leka ho fokotsa likoloto kapa u hle u li koale. Buisana le ba lelapa ka liphetoho tseo ’me u kōpe tšehetso ea bona.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “HA RE E-NA LE LINTHO TSA HO IPHELISA LE LIAPARO LE TŠIRELETSO, RE TLA LI KHOTSOFALLA.”—1 TIMOTHEA 6:8

 3. ITHUTE HO HANA MOSEBETSI O EKETSEHILENG.

Haeba u hlokomela hore mosebetsi o tla u imela kapa ho na le bothata bo itseng bo ntseng bo tsoela pele, buisana le mohiri oa hao. Ha ho khoneha, fana ka tharollo e tla khotsofatsa uena le mohiri oa hao. Mo tiisetse hore u batla ho sebetsa ka thata ’me u mo hlalosetse seo u ikemiselitseng ho se etsa; empa u hlalose ka ho hlaka ’me u tiile mabapi le seo u ke keng ua khona ho se etsa.

E-ba le ponelo-pele ’me u talime lintho ka tsela ea sebele. Haeba u batla ho fokoletsoa mosebetsi, mohiri oa hao a ka ’na a lebella hore u tla lumela ho fokoletsoa moputso. Nahana ka mathata a ka hlahang a kang, ho lahleheloa ke mosebetsi ’me u itokise esale pele hore na u tla etsa’ng. U hopole hore menyetla ea ho fumana mosebetsi o mong e mengata ha u ntse u e-na le mosebetsi.

Esita leha le lumellane le mohiri oa hao, u lebelle hore a ka ’na a boela a u hatella hore u amohele mosebetsi o mongata. Ke’ng se ka u thusang hore u lule u tiile? Ke ho lula u etsa seo u itlammeng hore u tla se etsa. Seo se ka etsa hore u be le matla a ho hopotsa mohiri oa hao seo le lumellaneng ka sona, ho akarelletsa le ho u fa mosebetsi ho ea kamoo le lumellaneng kateng.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “LENTSOE LA LŌNA E LE MPE LE BOLELE E, CHE EA LŌNA, CHE.”—MATHEU 5:37

 4. PHOMOLA ’ME U IKHATHOLLE.

Esita le haeba mosebetsi oa hao o se na mathata a maholo, u ntse u ka ba le khatello, ua sebetsa le batho ba manganga ’me ua sebetsa tlas’a maemo a sa thabiseng. Kahoo, iphe nako ea ho phomola le ho ikhatholla. Hopola hore ha le hloke chelete e ngata hore uena le lelapa la hao le ikhatholle.

Etsa lintho tse ling ntle le mosebetsi ’me u thehe setsoalle le batho ba bang hape u qobe ho ikhetholla ho ea ka mosebetsi oo u o etsang. Hobane’ng? Buka e bitsoang Your Money or Your Life, e re: “Seo u leng sona se feta hōle mosebetsi oo u o etsang.” Haeba u ikhetholla kapa u itlhompha ho latela hore na u sebetsa mosebetsi ofe, ho tla ba thata hore u behe mosebetsi sebakeng se loketseng bophelong ba hao.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “PHOMOLO E TLETSENG LETSOHO E MOLEMO HO FETA MOSEBETSI O BOIMA O TLETSENG MATSOHO A MABELI LE HO LELEKISA MOEA.”—MOEKLESIA 4:6

Na ruri u ka khona ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore u hlōle ho tepella? Ka sebele, u ka khona. Anil, eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena o ile a khona. O re: “Ke ile ka letsetsa mohiri oa ka oa pele ’me ka mo botsa hore na a ka khona ho nkhira hape ’me o ile a lumela. Ke ne ke soabile ha ke ne ke il’o kopana le basebetsi-’moho le ’na ba pele, kaha ke ne ke ba boleletse hore ke fumane mosebetsi oa maemo a phahameng. Ke ile ka theoleloa moputso haholo. Empa ke ile ka imoloha ’me ka ba le nako e eketsehileng ea ho ba le lelapa la ka le ea ho etsa lintho tse ling tsa bohlokoa.”