Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Tsela ea ho Tšoarela

Tsela ea ho Tšoarela

BOTHATA

Ha u phehisana le molekane oa hao, hangata u bua ka lintho tse etsahetseng nakong e fetileng tseo le tlamehang ebe le li rarollotse khale. Bothata ke’ng? E ka ’na eaba e mong oa lōna kapa bobeli ba lōna ha le khone ho tšoarela.

U ka khona ho ithuta ho tšoarela. Leha ho le joalo, pele hlokomela hore na ke hobane’ng ha monna le mosali ba thatafalloa ke ho tšoarelana.

KE HOBANE’NG HA LE SA TŠOARELANE?

Ho laola. Banna le basali ba bang ha ba batle ho tšoarela balekane ba bona hobane ba batla ho ba laola ka tsela e itseng. Kahoo, ha ba qabana, ba sebelisa lintho tse etsahetseng nakong e fetileng e le hore ba etse balekane ba bona ba ikutloe ba le basesaane.

Ho jara sekhopi. Ho ka nka nako hore bohloko boo motho a bo utloileng nakong e fetileng bo fele. Molekane e mong a ka ’na a re, ‘Ke u tšoaretse’ empa a ntse a jere sekhopi—mohlomong a batla ho iphetetsa.

Ho soetseha. Batho ba bang ba kena lenyalong ba nahana hore ba tla lula ba thabile. Kahoo ha motho a qabana le molekane oa hae, o tsitlella maikutlo a hae, ebe o ipotsa hore na ho tla joang hore motho eo a neng a nahana hore baa tšoanelana a bone lintho ka tsela e fapaneng le ea hae. Ho lebella lintho tseo e seng tsa sebele ho ka etsa hore motho a lule a tšoaea molekane oa hae liphoso ’me a se ke a mo tšoarela.

Ho se utloisisane. Banyalani ba bangata ba hana ho tšoarela balekane ba bona hobane ba sa utloisise hore na ho tšoarela ho bolela’ng. Ka mohlala:

Haeba ke mo tšoarela, ke nka phoso ea hae habobebe.

Haeba ke mo tšoarela, ke lokela ho lebala se etsahetseng.

Haeba ke mo tšoarela, ke etsa hore a lule a ntšoara hampe.

Bonneteng, ho tšoarela ha ho bolele lintho tseo tse ka holimo. Ho ntse ho le joalo, ho tšoarela ho ka ba thata—haholo-holo bathong ba amanang haufi joaloka monna le mosali.

 SEO U KA SE ETSANG

Utloisisa seo ho tšoarela ho se bolelang. Ka linako tse ling, ka Bibeleng “ho tšoarela” ho bolela “ho tlohela.” Kahoo ho tšoarela ha ho bolele ho lebala se etsahetseng kapa ho bebofatsa phoso eo motho a e entseng. Ka linako tse ling ho bolela feela ho tlohela taba e fete, e le hore u thabe le hore lenyalo la hao e be le thabileng.

Lemoha likotsi tsa ho se tšoarele. Litsebi li bolela hore ho jara sekhopi ho ka bakela motho mafu a mangata a ’mele le a maikutlo, a akaretsang khatello ea maikutlo le khatello e phahameng ea mali—re se re sa bue ka tšenyo eo ho e bakang lenyalong la hao. Ke kahoo Bibele e reng: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi.”—Baefese 4:32.

Lemoha melemo ea ho tšoarela. Ho tšoarelana ho etsa hore uena le molekane oa hao le se ke la boloka tlaleho ea liphoso empa le hlokomele hore le etsetsana liphoso le sa ikemisetsa ho utloisana bohloko. Ka lehlakoreng le leng, seo se tla u thusa hore u laole ho jara sekhopi ’me se tla etsa hore lerato la lōna le hōle.—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:13.

Sheba lintho ka tsela ea sebele. Ho ka ba bonolo hore u tšoarele molekane oa hao ha u amohela seo a leng sona ho sa tsotellehe mefokolo ea hae. Buka ea Fighting for Your Marriage, e re: “Ha u ameha ka seo u sa se fumaneng, ho bonolo ho lebala seo u nang le sona. U batla ho ameha ka sefe hona joale?” U hopole hore ha ho na motho ea phethahetseng—hammoho le uena.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 3:2.

Tenyetseha le maemo. Lekhetlo le tlang ha molekane oa hao a bua kapa a etsa ntho e u utloisang bohloko, ipotse: ‘Na ntho ee ke ea bohlokoa hakaalo? Na hoa hlokahala hore ke batle hore molekane oa ka a kōpe tšoarelo, kapa na nka hlokomoloha se etsahetseng ebe re tsoela pele?’—Molao-motheo oa Bibele: 1 Petrose 4:8.

Haeba ho hlokahala, buisanang. Hlalosa se u khopisitseng u khobile matšoafo, le hore na ke hobane’ng ha seo se entse hore u ikutloe ka tsela eo. U se ke ua qosa kapa ua bua lintho tse bontšang hore u tsitlella maikutlo a hao kaha sena se ka etsa hore molekane oa hao a ipuelle. Ho e-na le hoo, u ka bolela feela hore na liketso tsa molekane oa hao li u amme joang.