Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Thapelo

Thapelo

Na ho na le motho ea utloang lithapelo tsa rōna?

“Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.”—Pesaleme ea 65:2.

SEO BATHO BA SE BUANG

Ho ’nile ha boleloa hore lithapelo tsa rōna ha li fihle leholimong. Batho ba hlahetsoeng ke mathata ba ka ’na ba se lumele hore ho na le motho ea utloang lithapelo tsa bona.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re: “Mahlo a Jehova [Molimo] a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe; empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.” (1 Petrose 3:12) Ho hlakile hore Molimo o mamela lithapelo. Empa haholo-holo o mamela tsa batho ba latelang litaelo tsa hae. Temana e ’ngoe ea Bibele ha e bua ka boikemisetso ba Molimo ba ho re mamela ha re rapela, e re: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Kahoo, batho ba rapelang Molimo ka tieo ba lokela ho utloisisa hore na ke lintho life tse lumellanang le thato ea Molimo.

 Re lokela ho rapela joang?

“Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.”—Matheu 6:7.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba malumeli a mang a kang Bobuddha, Bok’hatholike, Bohindu le Boislamo—ba ile ba rutoa ho phetha-pheta le ho bala lithapelo tsa bona ba sebelisa lifaha.

SEO BIBELE E SE BUANG

Lithapelo li lokela ho tsoa botebong ba pelo ’me li etsoe ka tieo; ha lia lokela ho tšoaroa ka hlooho kapa ho phetha-phetoa hangata. Bibele e re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa, kaha ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa mantsoe a mangata. Kahoo, le se ke la tšoana le bona, etsoe Molimo Ntat’a lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa.”—Matheu 6:7, 8.

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA

Ha motho a rapela ka tsela eo Molimo a sa e amoheleng, o itšenyetsa nako feela ’me o khopisa Molimo. Bibele e lemosa hore lithapelo tse etsoang ke batho ba hanang ho etsa thato ea Molimo, li “manyala” ho eena.—Liproverbia 28:9.

Re lokela ho rapela mang?

“Batlang Jehova [Molimo], ha a sa ntse a ka fumanoa. Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.”—Esaia 55:6.

SEO BATHO BA SE BUANG

Balumeli ba bang ba rapela Maria kapa mangeloi le batho ba bang ba nkoang e le “bahalaleli.” Ba bang ba bahalaleli bao ke “Mohalaleli” Anthony oa Padua, eo ho thoeng o hlokomela “litlhoko tsa moea le litlhoko tsa nakoana,” le “Mohalaleli” Juda, ea nkoang e le mohalaleli ea sireletsang ha ho e-na le “mathata.” Barapeli ba bangata ba rapela “bahalaleli” bao le mangeloi ka tšepo ea hore a tla ba buella ho Molimo.

SEO BIBELE E SE BUANG

Barapeli ba ’nete ba lokela ho rapela “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Matheu 6:9) Bibele e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.”Bafilipi 4:6.