Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Haeba U Soetsehile ka Seo U Neng U se Lebeletse Lenyalong

Haeba U Soetsehile ka Seo U Neng U se Lebeletse Lenyalong

BOTHATA

Ho ne ho bonahala eka uena le molekane oa hao le rata lintho tse tšoanang pele le nyalana. Joale ho se thabe ho entse hore ho be le lekhalo pakeng tsa lōna, ’me seo se etsa hore u ikutloe eka u qobeletsoe ho lula le molekane oa hao.

U ka ntlafatsa lenyalo la hao. Leha ho le joalo, nahana hore na e ka ’na eaba ke hobane’ng ha u sa thaba.

SE ETSANG HORE U SE THABE

Lintho li etsahala ka tsela ea sebele. Ho ea mosebetsing letsatsi le leng le le leng, ho hōlisa bana le ho sebelisana le batsoali ba molekane, ho ka le amoha thabo lenyalong. Ho phaella moo, mathata a sa lebelloang—mohlomong a lichelete kapa ho hlokomela setho sa lelapa se kulang—le ’ona a ka le amoha thabo.

Ho boima ho lokisa liphapang. Hangata batho ba ratanang ba hlokomoloha liphoso tsa e mong. Empa hang ha ba nyalana, monna le mosali ba hlokomela kamoo ba sa tšoaneng kateng linthong tse kang tsela ea ho bua, ho sebelisa chelete le ho lokisa mathata. Ho se tšoane hoo pele e neng e le ntho e sa tšoenyeng hakaalo, ho ka ’na ha se hlole ho mamelleha.

Ha le sa tsotella tsela eo molekane e mong a ikutloang ka eona. Ha nako e ntse e ea monna le mosali ba ka lula ba hlabana ka mantsoe le ho tšoarana hampe, e leng se ka ’nang sa etsa hore ba qetelle ba se ba sa batle ho phetlelana lifuba, kapa ho hobe le ho feta ba qale ho rata batho ba bang bao e seng balekane ba bona.

U ne u lebeletse lintho tseo e seng tsa sebele. Batho ba bang ba kena lenyalong ba nahana hore ba fumane motho ea ba loketseng. Le hoja ho ba le maikutlo ao ho ka ’na ha bonahala eka ke lerato la sebele, ho ka ’na ha etsa hore batho ba be le mathata a mangata lenyalong. Hang ha ho hlaha mathata, maikutlo a hore baa tšoanelana aa feela ebe seo se etsa hore banyalani ba nahane hore ba entse phoso ka ho nyalana.

 SEO U KA SE ETSANG

Lula u nahana ka makhabane a molekane oa hao. Leka sena: Ngola litšobotsi tse tharo tse ntle tseo molekane oa hao a nang le tsona. Lula u tsamaea ka lethathamo lena, mohlomong u le ngole ka mor’a foto ea lōna ea lenyalo kapa sesebelisoeng sa elektronike. Lula u sheba lethathamo lena e le hore u ikhopotse hore na ke hobane’ng ha u ile ua nyalana le molekane oa hao. Ha u lula u nahana ka makhabane a hae, seo se tla etsa hore ho rene khotso pakeng tsa lōna le ho le thusa hore le mamellane.—Molao-motheo oa Bibele: Baroma 14:19.

Rerang ho qeta nako le le hammoho. Pele le nyalana le ne le behella ka thōko nako ea hore le etse lintho hammoho. Ha le qala ho ratana, le ne le thabile le bile le etsa sohle seo le ka se khonang hore le qete nako le le hammoho. E ka ba hantle hore le etse se tšoanang le hona joale. Rerang ho etsa lintho tse tla etsa hore le qete nako le le babeli joalokaha le ne le etsa ha le sa ratana. Ho etsa seo ho tla le thusa hore le atamelane ’me ho tla le nolofalletsa ho sebetsana le mathata a ka hlahang.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 5:18.

Bolella molekane oa hao kamoo u ikutloang kateng. Haeba u utloisitsoe bohloko ke seo molekane oa hao a se buileng kapa seo a se entseng, na u ka khona ho se hlokomoloha? Haeba u sa khone, u lokela ho nka taba eo ka ho teba u se ke ua thōla ebe ha u mo buise. Lekang ho rarolla mathata kapele kamoo le ka khonang ’me le etse joalo le khobile matšoafo, haeba ho khoneha e be hona letsatsing leo.—Molao-motheo oa Bibele: Baefese 4:26.

Haeba u utloisitsoe bohloko ke seo molekane oa hao a se buileng kapa seo a se entseng, na u ka khona ho se hlokomoloha?

Hlokomela phapang pakeng tsa tsela eo u ikutloang ka eona le sepheo sa molekane oa hao. Ha ho mohla e mong oa lōna a ka batlang ho utloisa e mong bohloko ka boomo. Tiisetsa molekane oa hao seo ka hore u kōpe tšoarelo haeba u mo utloisitse bohloko. Ka mor’a moo, buisanang hore na ke lintho life tseo le ka li etsang e le hore le qobe ho utloisana bohloko le sa hlokomele. Latelang keletso ena ea Bibele: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi.”—Baefese 4:32.

U se ke ua lebella lintho tse khōlō. Bibele e bontša hore batho ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho.” (1 Bakorinthe 7:28) Ha le ba le matšoenyeho a joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore u entse phoso ka ho nyalana le molekane oa hao. Ho e-na le hoo, sebetsa ’moho le eena hore le lokise ho se utloane ho pakeng tsa lōna ’me ‘le tsoele pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.’—Bakolose 3:13.