Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Kamoo U ka Mamelang ka Hloko

Kamoo U ka Mamelang ka Hloko

BOTHATA

Molekane oa hao o re: “Ha u ua ’mamela!” U re ka pelong: ‘Empa ke ne ke mametse.’ Empa ha e le hantle ha u ua utloa seo a neng a se bua. Kahoo, le qala ho phehisana.

Le ka khona ho qoba likhohlano tsena. Taba ea pele, u lokela ho utloisisa mabaka a ka etsang hore u se ke ua utloa seo molekane oa hao a se buang—le hoja u nahana hore u ntse u mo mametse.

KE HOBANE’NG HA SEO SE ETSAHALA?

U khathetse kapa u ferekane. Bana ba tlatsitse lerata, thelevishene e entse lerata le koalang litsebe ’me u ntse u nahana ka bothata boo u bileng le bona mosebetsing. Joale molekane oa hao o bua le uena—u utloa eka o re ho na le baeti ba tlang mantsiboeeng ao. U ua lumela, empa na ehlile u utloile hore na o ne a re’ng? Mohlomong ha u ua utloa.

U ua mo nahanela. U nahanela molekane oa hao hampe, empa ha e le hantle u sa utloisise seo a se buang. Ka mohlala, a re nke hore molekane oa hao o re: “U qetile nako e ngata mosebetsing bekeng ena.” Kaha u nka hore o u tšoaea phoso, u ka ’na ua re: “Hase molato oa ka! Ke tlameha ho sebetsa lihora tse eketsehileng hobane u senya chelete.” Molekane oa hao o oa halefa o re:“Ke ne ke sa re u molato!”—kaha o ne a nahana hore le ikhatholle mafelong a beke eo.

U potlakela ho rarolla bothata. Marcie * o re: “Ka linako tse ling ke ea be ke batla ho ntša maikutlo a ka feela, empa Mike eena o batla ho mpolella hore na nka rarolla bothata joang. Seo ke se batlang hase ho rarolla bothata. Ke mpa ke batla hore a tsebe hore na ke ikutloa joang.” Ebe bothata ke bofe? Mike o tatela ho rarolla bothata. Kahoo, ho ka etsahala hore a se ke a utloa lintlha tse ling kapa ho hang a se ke a utloa hore na Marcie o ne a re’ng.

U ka mamela ka hloko joang ho sa tsotellehe hore na bothata bo bakoa ke’ng?

 SEO U KA SE ETSANG

Mamela ka hloko. Molekane oa hao o batla ho u bolella taba ea bohlokoa, empa na u ikemiselitse ho mo mamela? Mohlomong ha ho joalo. E ka ’na eaba ka nako eo u amehile ka lintho tse ling. Haeba ho joalo, u se ke ua etsa eka u mo mametse. Haeba ho khoneha, tlohela ntho eo u ntseng u e etsa ’me u mamele molekane oa hao ka hloko, kapa mohlomong u ka mo kōpa hore le buisane ka taba eo hamorao.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 1:19.

Lumellanang hore le se ke la buela hong. Ha e le nako ea hore u mamele, hanela takatso ea ho kena molekane oa hao hanong kapa ho mo hanyetsa. Nako ea hore u bue e tla fihla. Hona joale, mamela.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 18:13.

Botsa lipotso. Ho botsa lipotso ho tla u thusa ho utloisisa hamolemo seo molekane oa hao a se buang. Marcie, eo ho buuoeng ka eena pejana, o re: “Kea thaba ha Mike a mpotsa lipotso. Sena se mpontša hore o hlile o batla ho ’mamela.”

Mamela molaetsa, e seng mantsoe feela. Hlokomela seo a se etsang ha a bua, tsela eo a tsamaisang mahlo ka eona le molumo oa lentsoe la hae. “Ho lokile” e ka ’na ea bolela hore: “Ha hoa loka”—ho itšehile ka hore na o bua joang. “Ha ho mohla u nthusang” e ka bolela “Ke utloa eka ha u ntsotelle.” Leka ho fumana hore na o hlile o re’ng, le hoja a sa buoe. Ho seng joalo le ka iphumana le phehisana ka hore na mang o itse’ng ho e-na le ho buisana ka hore na o bolela’ng.

U se ke ua tlohela ho mamela. U se ke ua ikoala litsebe kapa ua tsamaea, le hoja seo a se buoang se sa u thabise. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba molekane oa hao a u tšoaea phoso? Gregory eo e seng e le lilemo tse 60 a nyetse o fana ka keletso ena,“U se ke ua tlohela ho mamela. Mamelisisa ka hloko hore na molekane oa hao o re’ng. Ho etsa joalo ho hloka hore u hōle kelellong, empa ho tla u tsoela molemo.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 18:15.

Rata molekane oa hao e le kannete. Ho mamela ka hloko hase ho mamela feela tjee, empa ke pontšo ea lerato. Ho tla ba bonolo ho mamela molekane oa hao haeba u hlile u rata ho utloa seo a se buang, u ke ke ua mo mamela hobane feela u tlamehile. Ha u etsa joalo u tla be u latela keletso ena ea Bibele: “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”—Bafilipi 2:4.

^ ser. 9 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.