Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BŌPA KHOTSO JOANG KA LAPENG?

U ka Etsa’ng ho Felisa Liqabang ka Lapeng?

U ka Etsa’ng ho Felisa Liqabang ka Lapeng?

U KA ETSA’NG haeba u lula u qabana le molekane oa hao? Mohlomong le qabana khafetsa ebile ho ntse ho tota. E ka ’na eaba ha u tsebe le hore na ho tlile joang hore le qabane. Ho ntse ho le joalo, lea ratana ebile ha le batle ho utloisana bohloko.

Ke habohlokoa hore u hopole hore ho se bone lintho ka ho tšoana ha ho bolele hore lelapa la lōna lea qhalana. Tsela eo le sebetsanang le liqabang ka eona e ka etsa hore lelapa la lōna le be le khotso kapa le lule le sa thaba. Nahana ka tse ling tsa lintho tse ka le thusang ho felisa liqabang.

1. U SE KE UA IPHETETSA.

Ha e mong a mamela ho e-na le hore a bue, seo se etsa hore khalefo ea e mong e kokobele. Kahoo, u se ke ua itumella hore u iphetetse ha u khopisitsoe. Bontša boitlhompho ka hore u itšoare. Hopola hore khotso ea lelapa ke ea bohlokoa ho feta ho hlōla khang.

“Moo ho se nang patsi mollo oa tima, ’me moo ho se nang moetselletsi khang ea emisa.”Liproverbia 26:20.

2. U SE KE UA IPHAPANYETSA MAIKUTLO A MOLEKANE OA HAO.

Ha u mamela motho ka hloko ebile u bontša hore u amehile, seo se ka mo kokobetsa ’me sa etsa hore ho boele ho be le khotso. Ho e-na le hore u mo qose, ela hloko maikutlo a hae. U se ke ua itumella hore u khopisoe ke liphoso tse bakoang ke ho se phethahale. Hangata ha motho a bua mantsoe a utloisang bohloko oa be a sa nahanisisa ka ’ona kapa e le ka lebaka la pelo e bohloko, eseng hore oa be a ikemiselitse ho iphetetsa.

“Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”Bakolose 3:12.

3. EMA HANYANE E LE HORE BOHALE BO KOKOBELE.

Haeba u utloa u tlallane ke bohale, e ka ba bohlale hore ka mosa u kōpe ho tsoa hanyane e le hore u kokobele. Mohlomong u ka ea kamoreng e ’ngoe kapa ua tsama-tsamaea ka ntle ho fihlela u theotse maikutlo. Sena ha se bolele hore u baleha puisano kapa hona hore u qoba ho buisa molekane oa hao. Ho e-na le hoo, ke nako e ntle ea hore u rapele Molimo hore a u fe mamello le kutloisiso.

“Pele qabang e qhoma, u itsamaele.”Liproverbia 17:14.

4. NAHANISISA KA SEO U LOKELANG HO SE BUA LE HORE NA U LOKELA HO SE BUA JOANG.

Ha ho thuse ho nka nako u nahana ka mantsoe a bohloko ao u ka a buang. Ho e-na le hoo, leka ho batla mantsoe a ka thobang maikutlo a motho eo u mo ratang. Hape, ho e-na le hore u mo bolelle hore na o lokela ho ikutloa joang, ka boikokobetso mo kōpe hore a u hlalosetse lintho tseo u sa kang ua li utloisisa ’me u mo lebohe.

“Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.”Liproverbia 12:18.

5. U SE KE UA PHAHAMISA LENTSOE, HAPE U BONTŠE HORE U BATLA HO LOKISA LITABA.

Haeba e mong oa ba lelapa a se na mamello seo se ka etsa hore e mong a halefe. Qoba ho phoqa, ho hlapaola kapa ho phahamisa lentsoe, ho sa tsotellehe hore na u halefile hakae. Qoba ho bua mantsoe a kang “Ha u ntsotelle” kapa “Ha ho mohla u ’mamelang.” Ho e-na le hoo, bolella molekane oa hao maikutlo a hao u khobile matšoafo ’me u mo bolelle hore na taba eo e entse hore u ikutloe joang (“Ke utloa bohloko ha u . . . ”). Ha ho letho le ka lokafatsang ho sutumetsa motho, ho mo otla, ho mo raha, ho etsa ketso leha e le efe e mabifi, ho mo soma, ho bua mantsoe a bontšang ho hloka tlhompho kapa litšoso.

“Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.”Baefese 4:31.

6. POTLAKELA HO KŌPA TŠOARELO ’ME U HLALOSE SEO U TLA SE ETSA HO LOKISA BOTHATA.

U se ke ua lumella maikutlo a fosahetseng hore a u sitise ho bona ntlha ea bohlokoa, e leng ho bōpa khotso. Hopola hore haeba u qoaketsana le motho, ka bobeli ha ho letho leo le le fumanang. Empa ha le bōpa khotso, le rua molemo. Kahoo, u lokela ho phetha boikarabelo ba hao. Esita leha u nka hore ha u phoso, u ntse u ka kōpa tšoarelo ka hore ebe u ile ua koata, ka ho arabela ka tsela eo ileng ua arabela ka eona kapa hore ebe u ile ua kenya letsoho ho qabaneng ha lōna. Hore ho be le khotso ka lapeng ho molemo ho feta boikhohomoso le ho hlōla qabang. Haeba motho a kōpa tšoarelo, potlakela ho mo tšoarela.

“E-ea, u ikokobetse ho eena, u mo rapele ho fihlela a u mamela.”Liproverbia 6:3. [Bibele Phetolelo e Ncha]

Ka mor’a hore le khaotse ho ngangisana, le ka etsa’ng hore ho be le khotso ka lapeng? Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.