Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

3 Bibele e ka o Thusa ho Mamella Mathata

3 Bibele e ka o Thusa ho Mamella Mathata

Ho na le mathata ao hona jwale re ke keng ra a qoba kapa ra a fedisa. Ka mohlala, haeba o hlokahalletswe kapa o hlahile o na le lefu le itseng, ntho feela eo o lokelang ho e etsa ke ho fumana ditsela tsa ho mamella bohloko boo. Na ebe Bibele a ka o thusa ho mamella mathata a tepelletsang tjee?

BOLWETSE BO SA FOLENG

Rose o re: “Ke hlahile ke na le bolwetse bo itseng bo mpakelang bohloko bo sisimosang le bo sa feleng. Maemo a ka a bophelo a ntse a mpefala le ho feta.” Ntho e neng e mo tshwenya ka ho fetisisa ke hore ka dinako tse ding, o ne a sa kgone ho ithuta Bibele le ho etsa dintho tse ding tse amanang le tshebeletso ya hae ho Modimo. Empa o ile a thuswa ke mantswe a Jesu a ho Matheu 19:26 a reng: “Dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.” Rose o ile a hlokomela hore ho na le ditsela tse ngata tsa ho ithuta. Ka ha ka dinako tse ding o ne a sa kgone ho bala ka lebaka la bohloko boo a neng a ye a be le bona, o ile a qala ho mamela Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng tse rekotilweng. * Rose o re: “Haeba ho ne ho se na direkoting tsena, ha ke tsebe hore na ke ne ke tlo kgona ho matlafatsa kamano ya ka le Modimo jwang.”

Ka dinako tse ding ha Rose a nahana ka dintho tseo a seng a sa kgone ho di etsa, o tshediswa ke mantswe a ho 2 Bakorinthe 8:12 a reng: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho kgethehileng ho ya ka seo motho a nang le sona, eseng ho ya ka seo motho a se nang sona.” Mantswe a na a hopotsa Rose hore Modimo o a thaba ha a bona boiteko boo a bo etsang ba ho mo sebeletsa.

BOHLOKO

Delphine eo re buileng ka yena dihloohong tse fetileng o re: “Ka mora hore moradi waka ya dilemo di 18 a hlokahale, ke ne ke utlwile bohloko haholo hoo ke neng ke utlwa hore jwale le nna ke tla shwa. Ho ne ho se ho sa tlo tshwana le pele.” Le ha ho le jwalo, o ile a tshediswa ke mantswe a ho Pesaleme ya 94:19, moo mongodi e mong wa pesalema a reng ho Modimo: “Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya waka.” Delphine o re: “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ke fumane dintho tseo nka di etsang e le ho kokobetsa bohloko bona baka.”

O ile a ithaopela ho etsa mosebetsi o neng o tla tswela batho molemo. A ba a itshwantsha le krayone eo e reng le ha e robehile, ebe ngwana o ntse a kgona ho toroya mebalabala ka yona. Jwalo ka krayone e robehileng, o ile a hlokomela hore o ntse a ka kgona ho thusa ba bang. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ha ke sebedisa melaomotheo ya Bibele ho tshedisa batho bao ke ithutang Bibele le bona, Jehova o ne a sebedisa tsela eo ho kokobetsa bohloko ba ka le ho ntshedisa.” Delphine o ile a ngola lethathamo la batho ba hlahang ka Bibeleng ba kileng ba feta dinakong tse mahlonoko. O ile a hlokomela hore “kaofela ba ne ba rapela Jehova, ba mo kopa hore a ba thuse.” A ba a ithuta le hore ho bala Bibele ke yona feela tsela ya ho mamella mathata.

Delphine o ile a ithuta taba e nngwe hape ya bohlokwa ha a ntse a ithuta Bibele, hore a se ke a nahana ka dintho tse fetileng tseo a ke keng a kgona ho di etsolla, empa a tsepamise maikutlo bokamosong. O ile a kgothatswa le ke Liketso 24:15 ha e re: “Ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” Empa o kgodisehile hakae hore Jehova o tla tsosa moradinyana wa hae? E reng a re bolelleng: “Ha ke kwala mahlo, ke bona moradinyana waka a se a tsohile, hantle feela ka letsatsi leo Jehova a le kgethileng. Ke ipona re se re le mmoho seratswaneng se setle, ke mo sikile ka lerato, jwalo ka ha a ne a satswa hlaha.”

^ par. 4 Direkoting tse ngata tse kang tsena di a fumaneha websaeteng ya jw.org.

Bibele e ka o thusa hore o fumane matshediso esita le dinakong tse thatathata