Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

E siilwe ke nako kapa e ntse e le nakong?

E siilwe ke nako kapa e ntse e le nakong?

SAENSE

KE NNETE HORE BIBELE HA SE BUKA YA SAENSE EMPA SEO E SE BUILENG KGALE KWANA, SE FELA SE PHETHAHALA JWALO KA HA E SE BOLETSE. NAHANA KA MEHLALA ENA E LATELANG.

Na lehodimo le lefatshe di bopilwe?

Borasaense ba bangata ba hlahelletseng, ba kile ba tsitlella tabeng ya hore karabo ya potso ena ke tjhe. Empa hona jwale, ba se ba dumela hore dintho tsohle di bopilwe. Bibele yona e ile ya hla ya bolela nako e telele esale pele hore lehodimo le lefatshe di bopilwe.—Genese 1:1.

Sebopeho sa lefatshe se jwang?

Mehleng ya pelepele kwana, batho ba bangata ba ne ba nahana hore lefatshe le sephara feela. Dilemong tsa bo 400 pele ho mehla ya Jesu, borasaense ba Magerike bona ba ne ba nahana hore le sedikadikwe. Empa dilemong tsa bo 700 pelenyana ho moo, mongodi e mong wa Bibele ya bitswang Esaia, o ne a ile a re “sedikadikwe sa lefatshe,” ho hlalosa sebopeho sa lefatshe.—Esaia 40:22.

Na mahodimo a tla senyeha?

Rasaense wa Mogerike wa dilemong tsa bo 300 Aristotle, o rutile thuto ya hore dintho tse ka senyehang, ke tse lefatsheng feela empa ha e le tse mahodimong tsona, le ka mohla di ke ke tsa senyeha kapa hona ho fetoha. Thuto eo ya hae, e ile ya nna ya rutwa ka dilemo tse makgolo. Empa dintho di ile tsa fetoha ka tshohanyetso ha dilemong tsa bo 1800, borasaense ba qapa thuto e nngwe hape ya hore dintho tsohle di a fetoha. Thuto ena yona, e ne e supa hore dintho tsohle tse bopilweng ho sa tsotellehe hore na di mahodimong kapa lefatsheng, di ka senyeha. Rasaense e mong ya bitswang Lord Kelvin, o ile a buella thuto ena ka ho qotsa mantswe a Bibele ao ha a bua ka lehodimo le lefatshe a reng: “Di tla tsofala kaofela ha tsona feela jwalo ka seaparo.” (Pesaleme ya 102:25, 26) Kelvin o ne a dumellana le seo Bibele e se buang, tabeng ya hore Modimo a ka thibela popo ya Hae hore e se ke ya senyeha.—Moeklesia 1:4.

Keng e tsheheditseng lefatshe?

Aristotle o ile a ruta hore dibopuwa tsohle tsa lehodimo, di kwalletswe ka hare ho di dikadikwe tse ding tsa kristale mme lefatshe ke lona le ka harehare. Hoo e ka bang dilemong tsa bo 1700 ka mora moo, borasaense ba ne ba se ba dumela hore dinaledi le lefatshe, di leketlile hodima lefeela. Sena se tshwana le seo lengolo la Jobo, le ngotsweng ka bo 1400, le se bolelang ha le re Mmopi ‘o leketlisitse lefatshe hodima lefeela.’—Jobo 26:7.

DITABA TSA BONGAKA

LE HOJA BIBELE E SE BUKA YA TSA BONGAKA, EMPA E NA LE MELAOMOTHEO E MENG E SEBETSANG HO TSA BOPHELO BO BOTLE.

Batho ba kulang ha ba a lokela ho kopanngwa le ba bang.

Molaong oo Modimo a neng a o file Moshe, ho ne ho thwe batho ba nang le lepera ba arolwe ho ba bang. Dingaka di ile tsa lemoha sena dilemo tse ngata ka mora moo ha mafu a ntse a ata. Ka lebaka leo, tsa kenya tshebetsong molaomotheo oo mme wa feela wa atleha.—Levitike, kgaolo 13 le 14.

Ho hlapa matsoho ka mora ho tshwara setopo.

Pele ho dilemo tsa bo 1700, hangata e ne e re ha dingaka di sebetsana le ditopo, di be di sa hlape matsoho ha di se di ilo sebetsana le bakudi. Sena se ne se etsa hore batho ba bangata ba shwe. Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, o ne o boletse esale pele hore motho ya tshwarang setopo, o ne a nkwa a sa hlweka ho ya ka moetlo wa ka nako eo. O ne o bile o hlakisitse hore motho o lokela hore a hlatswe diaparo a be a itlhatswe ka ho feletseng ka metsi, ho tlosa ditshila tseo. Ho etsa sena, ho ne ho na le molemo o moholo bakeng sa ho boloka bophelo.—Numere 19:11, 19.

Ho qhala dikgwerekgwere.

Selemo le selemo, bana ba bangata ba bolawa ke letshollo, haholoholo ka lebaka la ho hahlamelwa ka tsela e itseng ke mantle kapa dikgwerekgwere tse sa qhalwang moo di tshwanetseng. Athe Molao oo Modimo a neng a o file Moshe ona, o ne o re ha motho a ilo ithusa, a tjhekele mantle fatshe hole le moo batho ba ka fetang le teng.—Deuteronoma 23:13.

Nako e loketseng ya ho bolla.

Molao wa Modimo o ne o re ngwana wa moshanyana o lokela ho bolotswa ha a na le matsatsi a 8 a hlahile. (Levitike 12:3) Beke e le nngwe ka mora hore ngwana ya sa tswa hlaha a bolotswe, madi a hae a phalla hantle jwalo ka kamehla. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, le pele ho ka ba le ditsela tse tswetseng pele tsa bongaka, ho bolotsa ngwana ka mora beke, e ne e le tsela e bohlale ya ho mo sireletsa.

Ho tshwana ho teng pakeng tsa ho phela hantle maikutlong le mmeleng.

Bafuputsi le borasaense ba tsa bongaka ba re dintho tse jwalo ka ho thaba, ho ba le tshepo, kananelo le ho ikemisetsa ho tshwarela, di na le melemo e itseng eo di e etsang mmeleng. Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moya o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liproverbia 17:22.