Dipesaleme 145:1-21

  • Ho rorisa Modimo, Morena e moholo

    • ‘Ke tla bua ka hore na Modimo o moholo hakae’ (6)

    • “Jehova o molemo ho dintho tsohle tse phelang” (9)

    • “Batho ba hao ba o tshepahallang ba tla o rorisa” (10)

    • Borena ba Modimo bo ke keng ba fela (13)

    • Modimo o kgotsofatsa dintho tsohle (16)

Pina ya thoriso ya Davida. א [Aleph] 145  Ke tla o tlotlisa Morena Modimo wa ka,+Ke tla rorisa lebitso la hao ka ho sa feleng.+ ב [Beth]   Ke tla o rorisa letsatsi lohle,+Ke rorise lebitso la hao ka ho sa feleng.+ ג [Gimel]   Jehova o moholo mme o tshwanelwa ke ho roriswa haholo.+ O moholo ka tsela eo re ke keng ra e utlwisisa.+ ד [Daleth]   Meloko e tla latela e tla rorisa mesebetsi ya hao. E tla bolella ba bang ka diketso tsa hao tse matla.+ ה [He]   E tla bua ka botle ba bobusi ba hao bo kganyang.+ Ke tla nahanisisa ka mesebetsi ya hao e hlollang. ו [Waw]   Ba tla bua ka diketso* tsa hao tse makatsang,Nna ke tla bua ka hore na o moholo hakae. ז [Zayin]   Ba tla bua ba sa kgaotse ha ba hopola dintho tse ngata tse molemo tseo o di entseng+Ebile ba tla hweletsa ba thabile hobane o lokile.+ ח [Heth]   Jehova o na le kutlwelobohloko* ebile o mohau,+O dieha ho halefa ebile o na le lerato.+ ט [Teth]   Jehova o molemo ho dintho tsohle tse phelang.+ Mesebetsi yohle ya hae e bontsha hore o mohau. י [Yod] 10  Jehova, mesebetsi yohle ya hao e tla o rorisa+Le batho ba hao ba o tshepahallang ba tla o rorisa.+ כ [Kaph] 11  Ba tla bua ka kganya ya borena ba hao,+Ba bue le ka matla a hao,+ ל [Lamed] 12  Hore ba tsebise batho diketso tsa hao tse matla+Le botle ba borena ba hao bo kganyang.+ מ [Mem] 13  Borena ba hao bo ke ke ba felaEbile o tla dula o busa le melokong yohle.+ ס [Samekh] 14  Jehova o tshehetsa bohle ba wang+Ebile o phahamisa bohle ba imetsweng.+ ע [Ayin] 15  Dintho tsohle tse phelang di tshepetse ho wena. O di fa dijo tsa tsona ka nako ya teng.+ פ [Pe] 16  O bula letsoho la haoEbe o kgotsofatsa* dintho tsohle tse phelang.+ צ [Tsade] 17  Dintho tsohle tseo Jehova a di etsang di lokile+Ebile di a bontsha hore o a tshepahala.+ ק [Qoph] 18  Jehova o haufi le bohle ba mo bitsang,+Bohle ba mo bitsang e le ka nnete.+ ר [Resh] 19  O fa batho ba mo tshabang dintho tseo ba di lakatsang.+ O utlwa sello sa bona ha ba kopa thuso ebe o a ba pholosa.+ ש [Shin] 20  Jehova o lebela bohle ba mo ratang+Empa bohle ba kgopo o tla ba fedisa.+ ת [Taw] 21  Ke tla rorisa Jehova ka molomo wa ka.+ E se eka dintho tsohle tse phelang di ka rorisa lebitso la hae le halalelang ka ho sa feleng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “matla.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “kgotsofatsa takatso ya.”