Esaia 25:1-12

  • Batho ba Modimo ba hlohonolofatswa haholo (1-12)

    • Mokete wa Jehova wa veine ya boleng bo phahameng (6)

    • Lefu le tla fediswa (8)

25  Jehova, o Modimo wa ka. Ke a o phahamisa, ke rorisa lebitso la haoHobane o entse dintho tse hlollang,+O di rerile* ho tloha mehleng ya kgale,+Ka botshepehi+ le ka nnete.   O entse motse qubu ya majwe,Wa etsa hore motse o sireleditsweng ka thata o hloke baahi. Sebaka se sireletsehileng sa baditjhaba ha e sa le motse,O ke ke wa tsosoloswa hape.   Ke ka lebaka leo setjhaba se matla se tla o tlotlisa. Motse wa ditjhaba tse sehloho o tla o tshaba.+   O fetohile sebaka se sireletsehileng ho motho ya tlaseLe ho mofutsana ya leng mahlomoleng,+Setshabelo puleng e nang ka sefefoLe moriti ha ho tjhesa.+ Ha bohale ba bahatelli bo tshwana le pula e nang ka sefefo ha e otla lerako   Jwalo ka motjheso naheng e omeletseng,O fedisa bohale ba basele. Pina ya bahatelli e thodiswaJwalo ka motjheso o fediswang ke moriti wa leru.   Thabeng ena,+ Jehova wa mabotho o tla etsetsa ditjhaba tsohleMokete wa dijo tsa maemo,+Mokete wa veine ya boleng bo phahameng,*Wa dijo tsa maemo tse tletseng moko,Wa veine e tlhotlilweng, ya boleng bo phahameng.   Thabeng ena, o tla tlosa* lesira le kwahetseng batho bohle,Le lesela le lohilweng* le kwahetseng ditjhaba tsohle.   O tla fedisa lefu ka ho sa feleng.+ Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.+ O tla etsa hore batho ba hae lefatsheng lohle ba se ke ba hlola ba tlotlollwaHobane ke Jehova ka boyena ya buileng jwalo.   Letsatsing leo ba tla re: “Enwa ke Modimo wa rona.+ Re mo tshepile+Mme o tla re pholosa.+ Enwa ke Jehova. Re mo tshepile. A re thabeng mme re nyakalle ka ha o re pholositse.”+ 10  Letsoho la Jehova le tla sireletsa* thaba ena,+Moabe e tla hatakelwa sebakeng sa yona+Jwalo ka jwang bo hatakelwang hore bo etswe qubu ya moitedi. 11  O tla otlolla matsoho a otle MoabeJwalo ka ha motho ya sesang a otla metsi ka matsoho hore a seseMme o tla kokobetsa boikgohomoso ba yona+A sebedisa matsoho a hae ka tsela e hlwahlwa. 12  O tla diha motse o sireleditsweng ka thata le marako a hao a phahameng a tshireletso. O tla o lahlela fatshe leroleng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “O kgalemetse.”
Kapa: “veine e nang le ditshifa.”
Ka Seheberu: “kwenya.”
Kapa: “lesira.”
Ka Seheberu: “phomola hodima.”