Esaia 33:1-24

  • Kahlolo le tshepo ya ba lokileng (1-24)

    • Jehova ke Moahlodi, Morena le Ya re fang melao (22)

    • Ha ho ya tla re: “Ke a kula” (24)

33  Ho madimabe wena ya senyang o eso senngwe,+Wena molotsana ya eso etsetswe bolotsana. Hang ha o qeta ho senya, o tla senngwa.+ Hang ha o qeta ho etsa bolotsana, o tla etsetswa bolotsana.   Jehova, re hauhele.+ Re o tshepile. Eba matla* a rona+ hoseng ho hong le ho hong,Re pholose nakong ya mahlomola.+   Batho ba a baleha ha ba utlwa modumo o lerata. Ditjhaba di a qhalakana ha o phahama.+   Thepa ya lona e hapuweng e tla bokellwa jwalo ka ha ditsie tse senyang di bokana,Batho ba tla e senya jwalo ka dihlopha tsa ditsie.   Jehova o tla phahamiswaHobane o dula hodimo moo ho phahameng. O tla tlatsa Sione ka toka le ho loka.   O etsa hore bophelo* ba lona bo tsitse. Poloko e kgolo,+ bohlale, tsebo le ho tshaba Jehova+Ke letlotlo la hae.   Bahale ba bona* ba lla seboko seterateng,Baromuwa ba kgotso ba lla ha bohloko.   Ditsela tse kgolo di tlohetswe feela,Ha ho na motho ya tsamayang ditseleng. O* tlotse selekane,O hlompholotse metse,Ha a tsotelle batho.+   Naha e utlwile bohloko mme e omeletse. Lebanone e swabile,+ e bodile. Sharone e jwalo ka lehwatata,Bashane le Karmele di hlohlora makgasi a tsona.+ 10  Jehova o re, “Jwale ke tla ema,Ke tla bontsha hore ke matla+Mme ke tla itlotlisa. 11  Lona batho ba kgopo, merero le mesebetsi ya lona ha e na thuso, e jwalo ka jwang bo ommeng le ditlhaka. Menahano ya lona e mebe e tla le qeta jwalo ka mollo.+ 12  Ditjhaba di tla tshwana le molora wa kalaka e tjhesitsweng. Di tla tjheswa ka mollo jwalo ka meutlwa e fothotsweng.+ 13  Lona batho ba hole haholo, utlwang hore na ke tla etsang. Le lona ba haufi, lemohang matla a ka. 14  Baetsadibe ba leng Sione ba tshohile,+Bakwenehi ba a thothomela: ‘Ke mang ho rona ya ka dulang mollong o timetsang?+ Ke mang ho rona ya ka dulang malakabeng a sa timeng?’ 15  Ke ya tswelang pele ho etsa dintho tse nepahetseng,*+Ya buang dintho tse lokileng,+Ya hanang ho rua ka bolotsana le ka ho qhekella,Eo matsoho a hae a hanang tjotjo ho ena le ho e nka,+Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa tsa tshollo ya madiLe ya ikwalang mahlo hore a se ke a bona dintho tse mpe. 16  O tla dula phahameng,Setshabelo sa hae se sireletsehileng* se tla ba dibakeng tse mafika. O tla fuwa bohobe,Metsi a hae a ke ke a fela.”+ 17  Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae,A tla bona naha e hole. 18  Ka pelong o tla hopola* ntho e tshosang: “Mongodi o kae? O kae ya neng a bekga lekgetho?+ O kae ya badileng ditora?” 19  O ke ke wa hlola o bona batho ba tellang,Batho ba buang puo e sa hlakang,* eo o sa e utlwisiseng,Ba lehwelea, bao o sa kgoneng ho utlwisisa puo ya bona.+ 20  Bonang Sione, motse oo re ketekelang ho wona.+ Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka se nang le kgutso,E le tente e ke keng ya tloswa.+ Ha ho mohla ditshepe tsa tente di tla ntshwa,Ha ho thapo le ha e le nngwe ya yona e tla kgaolwa dikoto. 21  Empa sebakeng seo Ya Hlomphehang, JehovaO tla re sireletsa jwalo ka ha dinoka le dinokana di sireletsa motse. Ha ho dikepe tse tla feta mooEbile ha ho dikepe tse kgolo tse tla feta teng. 22  Jehova ke Moahlodi wa rona,+Jehova ke yena ya re fang melao,+Jehova ke Morena wa rona.+ Ke yena ya tla re pholosa.+ 23  Diropo di tla leketla,Di ke ke tsa tshehetsa dipalo tsa sekepe kapa tsa hula seile. Ka nako eo, thepa e ngata e hapuweng e tla arolwaLe ba holofetseng ba tla inkela thepa e ngata.+ 24  Ha ho moahi ya tla re: “Ke a kula.”+ Batho ba dulang naheng eo ba tla tshwarelwa diphoso tsa bona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “letsoho.”
Ka Seheberu: “dinako.”
Ho bonahala e le bahale ba Juda.
E leng sera.
Kapa: “tse lokileng.”
Kapa: “Sebaka sa hae se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa: “thuisa ka.”
Ka Seheberu: “e tebileng.”