Feta

Na Dipaki Tsa Jehova di Qhala Malapa Kapa di a a Momahanya?

Na Dipaki Tsa Jehova di Qhala Malapa Kapa di a a Momahanya?

 Dipaki Tsa Jehova di sebetsa ka thata ho momahanya malapa a tsona le a baahelani ba tsona. Di hlompha Modimo jwalo ka Mothehi wa malapa. (Genese 2:​21-​24; Baefese 3:​14, 15) Ka Bibeleng o fane ka melaomotheo e thusitseng batho ba bangata lefatsheng ka bophara hore ba be le manyalo a tshwarellang le a thabisang.

Ka moo Dipaki Tsa Jehova di Momahanyang Malapa ka Teng

 Re etsa sohle se matleng a rona hore re latele keletso ya Bibele, hobane ho etsa jwalo ho re thusa hore re be banna, basadi le batswadi ba molemo. (Liproverbia 31:10-31; Baefese 5:22–6:4; 1 Timothea 5:8) Bohlale bo ka Bibeleng bo thusa esita le malapa a arohaneng bodumeding hore a atlehe. (1 Petrose 3:​1, 2) A re ke re hlahlobe mehlala ya batho ba ileng ba thuswa ke balekane ba bona hore e be Dipaki Tsa Jehova:

  •   Clauir wa Brazil o re: “Re qetile dilemo tse tsheletseng tsa pele lenyalong la rona re qabana ebile re ferekane. Empa ka mora hore Ivete e be e mong wa Dipaki Tsa Jehova, o ile a qala ho mpontsha lerato haholo le ho mmamella. Diphetoho tseo a ileng a di etsa di ile tsa boloka lenyalo la rona.”

  •   Agness wa Zambia o re: “Ke ile ka hanyetsa monna wa ka Chansa ha a qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova, ka ha ke ne ke nahana hore di qhala malapa. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka hlokomela hore Bibele ke yona e re thusitseng ho atleha lenyalong la rona.”

 Ha re qoqa le baahelani ba rona ka Bibele, re ba bontsha ka moo ho sebedisa bohlale ba yona ho ka ba thusang ka teng hore

Na ho fetola bodumedi ho baka dikgohlano ka malapeng?

 Ka dinako tse ding ho a di baka. Ka mohlala, ka 1998 khamphani ya Sofres e ile ya tlaleha hore diphuputsong tsa yona e fumane hore ke lelapa le le leng feela ho a mang le a mang a 20 le ileng la ba le mathata a tebileng ha molekane e mong e eba Paki.

 Jesu o ile a bolela esale pele hore ba latelang dithuto tsa hae ba ne ba tla ba le mathata a lelapa ka dinako tse ding. (Matheu 10:32-​36) Rahistori Will Durant o re tlasa Mmuso wa Roma, “Bokreste bo ne bo qoswa ka hore bo qhala malapa” a mme le kajeno Dipaki Tsa Jehova di ntse di qoswa ka se tshwanang. Na see se bolela hore Dipaki di baka ho se utlwane ka malapeng?

Lekgotla la Europe la Ditokelo Tsa Botho

 Ha Lekgotla la Europe la Ditokelo Tsa Botho le ne le diha kahlolo nyeweng eo Dipaki Tsa Jehova di neng di qoswa ka hore di qhala malapa, Lekgotla leo le ile la bontsha hore hangata ditho tsa malapa tseo eseng Dipaki ke tsona tse bakang dikgohlano ka ho “hana ho hlompha bolokolohi ba beng ka bona ba ho ikgethela bodumedi le ho etsa mesebetsi e amanang le bona.” Lekgotla leo le ile la phaella ka ho re: “Boemo bona bo tlwaelehile manyalong a batho ba seng bodumeding bo le bong mme Dipaki Tsa Jehova ha se mekgelo.” b Esita le ha Dipaki Tsa Jehova di hanyetswa, di leka ka matla ho latela keletso ya Bibele e reng: “Ho se ke ha eba le eo le busetsang bobe ka bobe ho yena. . . . Ho fihlela moo ho itshetlehileng ka lona, le be le kgotso le batho bohle.”​—⁠Baroma 12:​17, 18

Lebaka leo Dipaki Tsa Jehova di dumelang hore di lokela ho nyalana le badumedi mmoho le tsona feela

 Dipaki di mamela taelo ya Bibele ya hore di nyale “feela Moreneng” e leng se bolelang hore di nyalane le badumedi mmoho le tsona feela. (1 Bakorinthe 7:​39) Taelo ena ya Bibele e a utlwahala. Ka mohlala, sehloohong se neng se le ho Journal of Marriage and Family ya 2010 se ile sa re hangata manyalo a “batho ba leng bodumeding bo tshwanang” a a atleha. c

 Le ha ho le jwalo, Dipaki ha di kgothalletsa ditho tsa tsona hore di hlale balekane ba tsona bao e seng Dipaki. Bibele e re: “Haeba morabo rona le ha e le ofe a na le mosadi ya sa dumelang mme le ha ho le jwalo mosadi eo a dumela ho dula le yena, a se ke a mo tlohela; le mosadi ya nang le monna ya sa dumelang mme le ha ho le jwalo monna eo a dumela ho dula le yena, a se ke a tlohela monna wa hae.” (1 Bakorinthe 7:​12, 13) Dipaki Tsa Jehova di mamela taelo eo.

a Bala buka ya Caesar and Christ, leqepheng la 647.

b Bala ka kahlolo e ileng ya dihuwa nyeweng ya Jehovah’s Witnesses of Moscow and Others v. Russia, leqepheng la 26-​27, serapeng sa 111.

c Sheba buka ya Journal of Marriage and Family, Volume 72, Number 4, (August 2010), leqepheng la 963.