Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Ho Khalemela Bana

Ho Khalemela Bana

John: * Pele batsoali ba ka ba nkhalemella phoso e itseng, ba ne ba leka ka hohle ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke entse ntho eo le hore na phoso e etsahetse ka mabaka afe. Ke leka ho ba etsisa ha ke khalemela barali ba ka. Mosali oa ka, e leng Alison, o hōlisitsoe ka tsela e fapaneng le ea ka. Batsoali ba hae ba ne ba nkoa ke maikutlo. Ho bonahala ba ne ba shapa bana ba bona ba sa tsotelle hore na phoso e etsahetse ka mabaka afe. Ka linako tse ling ke ee ke nke hore mosali oa ka o khalemela bana ba rōna ka tsela eona eo e hlokang mosa.

Carol: Ntate o ile a siea lelapa leso ha ke le lilemo li hlano feela. O ne a se na taba le ’na le banab’eso ba bararo ba ntlhahlamang. ’Mè o ne a sebetsa ka thata haholo e le hore a re phelise ’me ’na ke ne ke hlokomela banab’eso. Ha kea thabela bongoana kaha ke ne ke lokela ho phetha karolo eo ka tloaelo e etsoang ke motsoali. Le kajeno lena, ha ke motho ea tloaetseng ho bapala. Ha ke lokela ho khalemela bana ba ka, ke qeta nako e ngata ke tšoenyehile ka liphoso tsa bona. Ke rata ho tseba hore na ke hobane’ng ha ba entse joalo, le hore na ba ne ba nahanne eng. Ka lehlakoreng le leng, monna oa ka, e leng Mark, hase motho ea lulang tabeng nako e telele. O hōlisitsoe ke ntate ea lerato le hoja a ne a sa ba tefise ’me o ne a hlokomela ’mè oa bona ka lerato. Monna oa ka o khona ho rarolla mathata a barali ba rōna ka potlako. O sekaseka boemo, a sebetsane le taba ebe o itsoella pele ka bophelo.

JOALOKAHA mantsoe a John le Carol a bontša, tsela eo u hōlisitsoeng ka eona e ka ama haholo tsela eo u khalemelang bana ba hao ka eona. Ha monna le mosali ba tsoa malapeng a fapaneng, ho ka etsahala hore ba be le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea hore na ba koetlise bana joang. Ka linako tse ling, ho fapana hona ha maikutlo ho baka tsitsipano ka lapeng.

Tsitsipano eo e ka tōta ha batsoali ba khathetse. Batsoali ba qalang ho ba le ngoana ba ithuta ka potlako hore mosebetsi oa ho koetlisa ngoana oa khathatsa ebile ha o fele. Joan, ea hōlisitseng barali ba babeli a e-na le monna oa hae, Darren, o re: “Ke rata barali ba ka haholo, empa e ne e le ka seoelo ba robalang ka nako eo ke batlang hore ba robale ka eona. Ba ne ba tsoha ka nako e fosahetseng. Ba ntšitisa nakong eo ke lokelang ho bua ho itseng. Ba ne ba sa phuthe lieta tsa bona, liaparo tsa bona le lintho tseo ba bapalang ka tsona, ebile ho se mohla ba khutlisetsang botoro ka sehatsetsing.”

Jack, eo mosali oa hae a ileng a tšoaroa ke lefu la ho tepella maikutlo ka mor’a hore a pepe ngoana oa bona oa bobeli, o re: “Hangata ke ne ke fihla lapeng ke sa ipatle ke mokhathala ha ke tsoa mosebetsing empa bosiu le teng ke ne ke sa bo hlothe ke hlokometse leseanyana la rōna. Sena se ne se re thatafalletsa ho tsoela pele re khalemela morali oa rōna e moholo. O ne a batla hore re shebe eena feela, a sa batle ha re hlokomela ngoan’abo.”

Ha batsoali ba khathetseng ba ngangisana tabeng ea ho laea ngoana, lintho tse nyenyane tseo ba sa lumellaneng ka tsona li ka fetoha qabang e khōlō. Likhang tse sa rarolloeng li ka arola balekane ’me tsa etsa hore ngoana a nke monyetla ebe o sebelisa motsoali e mong hampe ho fumana seo a se batlang. Ke melao-motheo efe ea Bibele e tla thusa balekane hore kamano ea bona ea lenyalo e lule e le matla ha ba ntse ba koetlisa bana ba bona ka katleho?

E-ba le Nako ea Molekane oa Hao

Batho ba lokela ho nyalana pele ba e-ba le bana ’me le ha bana ba se ba tsamaile, ba lokela ho lula ba ntse ba nyalane. Mabapi le tlamahano ea lenyalo, Bibele e re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Matheu 19:6) Ka lehlakoreng le leng, eona khaolo eo e bontša hore Molimo o ne a rerile hore qetellong ngoana a ‘siee ntat’ae le ’m’ae.’ (Matheu 19:5) Ka sebele, ho hōlisa bana e mpa e le karolo ea lenyalo, eseng hore ke motheo oa lona. Ruri batsoali ba lokela ho nka nako ba laea bana ba bona, empa ba lokela ho hopola hore motheo o motle ka ho fetisisa oa ho etsa seo ke lenyalo le tiileng.

Banyalani ba ka etsa eng ho tiisa hore kamano ea bona e lula e le matla ha ba ntse ba hōlisa bana? Haeba ho khoneha, kamehla ipheng nako ea ho ba bang. Ho etsa joalo ho tla le thusa hore le tšohle litaba tsa bohlokoa tsa lelapa ’me le thabele ho ba hammoho bana ba lōna ba le sieo. Bonneteng, ha ho bonolo hore banyalani ba behelle ka thōko nako ea ho ba bang. Alison, e leng ’mè eo ho buuoeng ka eena pejana o re: “Ha ho bonahala eka ’na le monna oa ka re tla fumana nako e itseng re le bang, morali oa rōna oa ho fela o se a batla hore re mo shebe ka mahlong, kapa ea lilemo li tšeletseng o se a re o hlahetsoe ke ‘bothata’ bo kang ba hore ha a fumane likraeone tsa hae.”

Joan le Darren, bao ho builoeng ka bona pejana, ba ne ba ipha nako ea ho ba bang ka hore ba behele barali ba bona nako ea ho robala. Joan o re: “Barali ba rōna ba ne ba tseba nako ea hore ba be liphateng ba emetse hore ho tingoe mabone. Seo se ne se mpha nako ea ho qoqa le Darren le ea hore re ke re robe monakeli.”

Ka ho behela bana ba bona nako e tobileng ea ho robala, hase feela hore banyalani ba tla khona ho ithekela nako ea ho ba bang empa ba tla boela ba thuse ngoana ka mong “hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang [hore a nahane kateng].” (Baroma 12:3) Qetellong, bana ba koetlisitsoeng hore ba hlomphe melao ea hore na ba robala neng baa elelloa hore le hoja le bona e le litho tsa bohlokoa ka lapeng, ha hoa shebanoa le bona feela—hore ba lokela ho tsamaisana le kemiso ea lelapa eseng hore kemiso ea lelapa e be eona e tsamaisanang le maikutlo a bona.

LEKA HO ETSA TJENA: Behela ngoana nako ea ho robala ’me kamehla u tiise hore o robala ka nako eo. Haeba ngoana oa hao a tla ka lebakanyana la hore a se ke a robala ka nako e behiloeng, mohlomong a re o batla ho noa metsi, u ka ’na ua mo lumella ka lekhetlo leo feela. Empa u se ke ua lumella ngoana oa hao hore a chechise nako ea ho robala ka hore a ’ne a batle hona le hoane. Haeba ngoana oa hao a batla ho lula metsotso e meng e mehlano ’me u mo lumella, seta oache ea hao hore e lle ka mor’a metsotso e mehlano. Ha oache e lla, bolella ngoana hore a e’o robala, u se ke ua mo lumella ho u fa mabaka a mang. “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.”—Matheu 5:37.

Le se ke la Hanyetsana ka Pel’a Bana

Maele a bohlale a re: “Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 1:8) Temana ena ea Bibele e fana ka maikutlo a hore ka bobeli ntate le ’mè ba na le tokelo ea ho laea bana. Leha ho le joalo, esita leha banyalani ba tsoa malapeng a batlang a tšoana, ba ka ’na ba se lumellane hore na ngoana o lokela ho khalemeloa joang le hore na ke melao efe ea lelapa e lokelang ho sebelisoa maemong a itseng. Batsoali ba ka hlōla bothata boo joang?

John ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ke nka hore ke habohlokoa hore re se ke ra hanyetsana ka pel’a bana.” Leha ho le joalo, o re ho bonolo hore motho a bue ka ho se hanyetsane ka pel’a bana ho feta ho etsa seo. John o re: “Bana ba seli haholo. Esita le haeba re sa hanyetsane ka pel’a morali oa rōna, o khona ho lemoha se maikutlong a rōna.”

John le Alison ba sebetsana joang le bothata boo? Alison o re: “Haeba ke sa lumellane le tsela eo monna oa ka a khalemelang morali oa rōna ka eona, ke emela hore morali a tsoe ke ntoo ntša maikutlo a ka. Ha ke batle hore a nahane hore a ka nka monyetla ka ho se lumellane ha rōna e le hore a fumane seo a se batlang. Haeba a lemoha hore ha re lumellane, ke mo bolella hore e mong le e mong ka lapeng o lokela ho latela tokisetso ea Jehova le hore boikemisetso ba ka ke ho ikokobelletsa bohlooho ba ntate oa hae, joalokaha le eena a lokela ho mamela molao oa rōna re le batsoali ba hae.” (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 6:1-3) John o re: “Ha lelapa le kopane, ka tloaelo ke ’na ea etellang pele ho khalemeleng barali ba rōna. Empa haeba e le boemo boo Alison a bo tsebang ho mpheta, ke mo fa monyetla oa hore a ba khalemele pele, ebe ’na kea mo tšehetsa. Haeba ke sa lumellane le eena ka ntho e itseng, ke tšohla taba eo le eena hamorao.”

U ka etsa’ng hore ho se utloane tabeng ea ho koetlisa ngoana ho se ke ha qetella ho le qabantse, e leng se ka etsang hore bana ba lōna ba se ke ba le hlompha?

LEKA HO ETSA TJENA: Khethang nako e itseng beke e ’ngoe le e ’ngoe eo ka eona le tla buisana ka litaba tse amanang le ho laea bana ’me ka bolokolohi le bolellane lintho tseo le sa lumellaneng ka tsona. Leka ho utloisisa maikutlo a molekane oa hao ’me u hlomphe taba ea hore le eena o na le kamano e ikhethang le ngoana oa lōna.

Momahanang ha le Ntse le Hōlisa Bana Hammoho

Ha ho pelaelo hore ho koetlisa bana ke mosebetsi o boima. Ka linako tse ling, mosebetsi ona o ka bonahala o le qeta matla. Empa ka le leng la matsatsi bana ba lōna ba tla phurusetsa ’me uena le molekane oa hao le tla be le utloe le litsebeng. Na tlamahano ea lōna ea lenyalo e tla matlafatsoa ke ho hōlisa bana kapa e tla thefuleha? Karabo e itšetlehile ka hore na le sebelisa molao-motheo o ho Moeklesia 4:9, 10, joang, ha o re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.”

Ha batsoali ba tšoarisana, lintho li ka ba tsamaela hantle haholo. Carol ea qotsitsoeng pejana o hlalosa tsela eo a ikutloang ka eona tjena: “Ke ne ke tseba hore monna oa ka o na le litšobotsi tse ngata tse ntle, empa ha re ntse re hōlisa bana hammoho, ke ile ka bona tse ngata le ho feta. Ke ’nile ka mo hlompha le ho mo rata le ho feta ha ke bona kamoo a hlokomelang barali ba rōna ka lerato kateng.” John o re ka Alison: “Ha ke bona kamoo mosali oa ka e seng e le ’mè ea hlokomelang bana ka lerato kateng, seo se ile sa etsa hore ke mo rate ka ho tebileng ke be ke mo hlomphe haholo.”

Haeba u ipha nako ea molekane oa hao ’me le tšoarisana ha le ntse le hōlisa bana ba lōna, lenyalo la lōna le tla tiea le ho feta ha bana ba lōna ba ntse ba hōla. Ke mohlala o motle hakaakang oo le tla beng le o behetse bana ba lōna!

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.

IPOTSE . . .

  • Ke qeta nako e kae ka beke ke e-na le molekane oa ka re le bang feela?

  • Ke tšehetsa molekane oa ka ka tsela efe ha a khalemela bana ba rōna?