Fetela boitsebisong

Na Malumeli ’Ohle aa Tšoana? Na Kaofela ke Litsela Tse Lebang ho Molimo?

Na Malumeli ’Ohle aa Tšoana? Na Kaofela ke Litsela Tse Lebang ho Molimo?

Karabo ea Bibele

Che, malumeli ha a tšoane. Bibele e na le mehlala ea malumeli ao Molimo a sa a thabeleng. Malumeli ana a lihlopha li peli.

Sehlopha sa pele: Ba rapelang melimo esele

Ha Bibele e bua ka borapeli ba melimo esele e sebelisa mantsoe a kang “pululo,” “lefeela” le “lintho tseo ho tsona ho neng ho se letho le molemo.” (Jeremia 10:3-5; 16:19, 20) Jehova a Molimo o ile a laela sechaba sa boholo-holo sa Iseraele a re: “U se ke ua ba le melimo e meng khahlanong le sefahleho sa ka.” (Exoda 20:3, 23; 23:24) Ha Baiseraele ba ne ba rapela melimo e meng, ‘bohale ba Jehova bo ile ba ba tukela.’​—Numere 25:3; Levitike 20:2; Baahloli 2:13, 14.

Molimo o ikutloa ka tsela e tšoanang ha batho ba rapela “ba bitsoang melimo.” (1 Bakorinthe 8:5, 6; Bagalata 4:8) O laela batho ba batlang ho mo rapela hore ba khaotse ho itsoakanya le bolumeli ba bohata, o re: “Tsoang har’a bona, ’me le ikarole.” (2 Bakorinthe 6:14-17) Haeba malumeli ’ohle aa tšoana ’me a rapela Molimo, ke hobane’ng ha Molimo a fana ka taelo ee?

Sehlopha sa bobeli: Ba rapelang Molimo oa ’nete ka tsela eo a sa e amoheleng

Ka linako tse ling, Baiseraele ba ne ba rapela Molimo ba sebelisa mofuta oa borapeli le litloaelo tsa melimo ea bohata, empa Jehova ha aa ka a amohela borapeli bo joalo. (Exoda 32:8; Deuteronoma 12:2-4) Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ka lebaka la tsela eo ba neng ba rapela Molimo ka eona; ba ne etsa eka ba rata Molimo, empa ka boikaketsi ba ne ba “hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.”​—Matheu 23:23.

Ka ho tšoanang, kajeno ke bolumeli bo thehiloeng ’neteng feela bo lebisang batho ho Molimo. ’Nete ena e fumanoa ka Bibeleng. (Johanne 4:24; 17:17; 2 Timothea 3:16, 17) Malumeli a sa thehang lithuto tsa oona Bibeleng a hulela batho hōle le Molimo. Lithuto tse ngata tseo batho ba nahanang hore li thehiloe Bibeleng tse akarelletsang Boraro-bo-bong, hore moea ha o shoe le hore batho ba hlokofatsoa ka ho sa feleng, li tsoa ho batho ba neng ba rapela melimo ea bohata. Bolumeli bo buellang lithuto tse joalo ke ba “lefeela,” hobane bo fetola melao ea Molimo ’me bo kenya litloaelo tsa bolumeli.​—Mareka 7:7, 8.

Molimo o hloile boikaketsi ba bolumeli. (Tite 1:16) E le hore bolumeli bo hulele batho ho Molimo, bo lokela ho ama bophelo ba batho, bo se ke ba e-ba le litloaelo feela. Ka mohlala, Bibele e re: “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela. Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatšeng.” (Jakobo 1:26, 27) Bibele ea King James Version e sebelisa lentsoe “borapeli bo hloekileng” ha e bua ka borapeli bona bo se nang boikaketsi.

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.