Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuto 2

Molimo ke Mang?

Molimo ke Mang?

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Molimo?

Molimo oa ’nete ke ’Mōpi oa lintho tsohle. Ha a na qalo ’me o tla lula a le teng. (Pesaleme ea 90:2) Ke Mohloli oa litaba tse molemo tse ka Bibeleng. (1 Timothea 1:11) Kaha Molimo o re file bophelo, re lokela ho rapela eena feela.​—Bala Tšenolo 4:11.

2. Molimo o joang?

Ha ho motho ea kileng a bona Molimo hobane ke Moea, ho bolelang hore bophelo ba hae bo phahametse hōle ba libōpuoa tsa nama tse phelang lefatšeng. (Johanne 1:18; 4:24) Leha ho le joalo, re ka khona ho lemoha litšobotsi tsa Molimo linthong tseo a li bōpileng. Ka mohlala, mefuta e mengata ea litholoana le lipalesa e re ruta ka lerato le bohlale ba hae. Boholo ba bokahohle bo re bontša kamoo Molimo a leng matla kateng.​—Bala Baroma 1:20.

Re ka ithuta ho eketsehileng ka botho ba Molimo ka Bibeleng. Ka mohlala, e re bolella seo Molimo a se ratang le seo a sa se rateng, kamoo a tšoarang batho kateng le kamoo a etsang lintho kateng maemong a fapa-fapaneng.​—Bala Pesaleme ea 103:7-10.

3. Na Molimo o na le lebitso?

Jesu o ile a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Le hoja Molimo a e-na le litlotla tse ngata, o na le lebitso le le leng feela. Puo ka ‘ngoe e le bitsa ka tsela e fapaneng. Ka Sesotho re tloaetse hore ke “Jehova.”​—Bala Pesaleme ea 83:18.

Lebitso la Molimo le ntšitsoe Libibeleng tse ngata ’me bakeng sa lona ha kenngoa litlotla tse kang Morena kapa Molimo. Empa ha Bibele e ne e ngoloa, lebitso la Molimo le ne le hlaha ho eona ka makhetlo a ka bang 7 000. Jesu o ile a etsa hore batho ba tsebe lebitso la Molimo ha a ne ba ruta ka lona.​—Bala Johanne 17:26.

Shebella video ea Na Molimo o na le Lebitso?

4. Na Jehova oa re tsotella?

Joaloka ntate enoa ea lerato, Molimo o batla hore re rue molemo ka ho sa feleng

Na mahlomola a tletseng hohle a bontša hore Jehova ke Molimo ea sa re tsotelleng? Batho ba bang ba re Molimo o etsa hore re utloe bohloko e le hore a leke tumelo ea rōna, empa taba ena hase ’nete.​—Bala Jakobo 1:13.

Molimo o hlomphile batho ka ho ba fa bolokolohi ba ho ikhethela. Na ha re thabele hore ebe re na le bolokolohi ba ho ikhethela ho sebeletsa Molimo? (Joshua 24:15) Empa batho ba bangata ba khetha ho etsa ba bang hampe, ke kahoo mahlomola a leng mangata hakana. Jehova o utloa bohloko ha a bona ho hloka toka.​—Bala Genese 6:5, 6.

Jehova ke Molimo ea re tsotellang. O batla hore re thabele bophelo. Haufinyane o tla felisa mahlomola le batho ba a bakang. Empa o na le mabaka a utloahalang a ho tlohela mahlomola ka nakoana. Re tla ithuta mabaka ao In Thutong ea 8.​—Bala 2 Petrose 2:9; 3:7, 13.

5. Re ka atamela haufi le Molimo joang?

Jehova o re mema hore re atamele haufi le eena ka ho bua le eena ka thapelo. O ameha ka rōna ka bomong. (Pesaleme ea 65:2; 145:18) O ikemiselitse ho tšoarela. O lemoha boiteko boo re bo etsang ba ho mo khahlisa, esita le ha ka linako tse ling re hlōleha. Kahoo, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna, re ka thabela ho ba le setsoalle se haufi le Molimo.​—Bala Pesaleme ea 103:12-14; Jakobo 4:8.

Kaha Jehova ke eena ea re fileng bophelo, re lokela ho mo rata ho feta kamoo re ratang motho leha e le ofe. (Mareka 12:30) Ha u tsoela pele ho bontša hore u rata Molimo ka ho ithuta haholoanyane ka eena le ho etsa seo a u laelang sona, u tla atamelana haufi le eena.​—Bala 1 Timothea 2:4; 1 Johanne 5:3.