Fetela boitsebisong

Na le Lumela Hore Bolumeli ba Lōna ke Bona Feela ba ’Nete?

Na le Lumela Hore Bolumeli ba Lōna ke Bona Feela ba ’Nete?

Batho ba nkang bolumeli ka ho teba ba nahana hore boo ba bo khethileng ke boo Molimo le Jesu ba bo amohelang. Ho seng joalo, ke hobane’ng ha ba ka ba ho bona?

Jesu Kreste ha aa ka a lumellana le maikutlo a hore malumeli a mangata ke litsela tse ngata tseo kaofela li lebisang polokong. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:14) Lipaki Tsa Jehova li lumela hore li fumane tsela eo. Ho seng joalo, li ne li tla batla bolumeli bo bong.