Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova li Qhala Malapa Kapa Lia a Momahanya?

Na Lipaki Tsa Jehova li Qhala Malapa Kapa Lia a Momahanya?

Lipaki Tsa Jehova li sebetsa ka thata ho momahanya malapa a tsona le a baahelani ba tsona. Li hlompha Molimo joaloka Mothehi oa malapa. (Genese 2:​21-​24; Baefese 3:​14, 15) Ka Bibeleng o fane ka melao-motheo e thusitseng batho ba bangata lefatšeng ka bophara hore ba be le manyalo a tšoarellang le a thabisang.

Kamoo Lipaki Tsa Jehova li Momahanyang Malapa Kateng

Re etsa sohle se matleng a rōna hore re latele keletso ea Bibele, hobane ho etsa joalo ho re thuse hore re be banna, basali le batsoali ba molemo. (Liproverbia 31:10-31; Baefese 5:22–6:4; 1 Timothea 5:8) Bohlale bo ka Bibeleng bo thusa esita le malapa a arohaneng bolumeling hore a atlehe. (1 Petrose 3:​1, 2) A re ke re hlahlobe mehlala ea batho ba ileng ba thusoa ke balekane ba bona hore e be Lipaki Tsa Jehova:

  • “Re qetile lilemo tse tšeletseng tsa pele lenyalong la rōna re qabana ebile re ferekane. Empa ka mor’a hore Ivete e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a qala ho mpontša lerato haholo le ho ’mamella. Liphetoho tseo a ileng a li etsa li ile tsa boloka lenyalo la rōna.”​—Clauir, oa Brazil.

  • “Ke ile ka hanyetsa monna oa ka Chansa ha a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, kaha ke ne ke nahana hore li qhala malapa. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore Bibele ke eona e re thusitseng ho atleha lenyalong la rōna.”—Agness, oa Zambia.

Ha re qoqa le baahelani ba rōna ka Bibele, re ba bontša kamoo ho sebelisa bohlale ba eona ho ka ba thusang kateng hore

Na ho fetola bolumeli ho baka likhohlano ka malapeng?

Ka linako tse ling hoa li baka. Ka mohlala, ka 1998 k’hamphani ea Sofres e ile ea tlaleha hore liphuputsong tsa eona e fumane hore ke lelapa le le leng feela ho a mang le a mang a 20 le ileng la ba le mathata a tebileng ha molekane e mong e e-ba Paki.

Jesu o ile a bolela esale pele hore ba latelang lithuto tsa hae ba ne ba tla ba le mathata a lelapa ka linako tse ling. (Matheu 10:32-​36) Rahistori Will Durant o re tlas’a ’Muso oa Roma, “Bokreste bo ne bo qosoa ka hore bo qhala malapa,” a ’me le kajeno Lipaki Tsa Jehova li ntse li qosoa ka se tšoanang. Na see se bolela hore Lipaki li baka ho se utloane ka malapeng?

Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho

Ha Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ne le liha kahlolo nyeoeng eo Lipaki Tsa Jehova li neng li qosoa ka hore li qhala malapa, Lekhotla leo le ile la bontša hore hangata litho tsa malapa tseo eseng Lipaki ke tsona tse bakang likhohlano ka ho “hana ho hlompha bolokolohi ba beng ka bona ba ho ikhethela bolumeli le ho etsa mesebetsi e amanang le bona.” Lekhotla leo le ile la phaella ka ho re: “Boemo bona bo tloaelehile manyalong a batho ba seng bolumeling bo le bong ’me Lipaki Tsa Jehova hase mekhelo.” b Esita leha Lipaki Tsa Jehova li hanyetsoa, li leka ka matla ho latela keletso ea Bibele e reng: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”​—Baroma 12:17, 18.

Lebaka leo Lipaki Tsa Jehova li lumelang hore li lokela ho nyalana le balumeli-’moho le tsona feela

Lipaki li mamela taelo ea Bibele ea hore li nyale “feela Moreneng” e leng se bolelang hore li nyalane le balumeli-’moho le tsona feela. (1 Bakorinthe 7:​39) Taelo ena ea Bibele ea utloahala. Ka mohlala, sehloohong se neng se le ho Journal of Marriage and Family ea 2010 se ile sa re hangata manyalo a “batho ba leng bolumeling bo tšoanang” aa atleha. c

Leha ho le joalo, Lipaki ha li khothalletsa litho tsa tsona hore li hlale balekane ba tsona bao e seng Lipaki. Bibele e re: “Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a se ke a mo tlohela; le mosali ea nang le monna ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo monna eo a lumela ho lula le eena, a se ke a tlohela monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:​12, 13) Lipaki Tsa Jehova li mamela taelo eo.

a Bala buka ea Caesar and Christ, leqepheng la 647.

b Bala ka kahlolo e ileng ea lihuoa nyeoeng ea Jehovah’s Witnesses of Moscow and Others v. Russia, leqepheng la 26-​27, serapeng sa 111.

c Sheba buka ea Journal of Marriage and Family, Volume 72, Number 4, (August 2010), leqepheng la 963.