Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Itseng a Phomolo?

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Itseng a Phomolo?

 Lipaki Tsa Jehova li khetha matsatsi a phomolo ao li ka a ketekang joang?

 Lipaki Tsa Jehova li batla tataiso ka Bibeleng pele li ka etsa qeto ea hore na li tla keteka letsatsi la phomolo kapa che. Ho na le mekete le matsatsi a phomolo ao ho hlakileng hore a hanana le seo Bibele e se rutang. Boemong boo, Lipaki Tsa Jehova ha li kenelle meketeng e joalo. Ha ho tluoa meketeng eo ho sa hlakang hore na Bibele e re’ng ka eona, Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova e lokela ho iketsetsa qeto ea hore na e tla keteka mokete oo kapa che ’me e lokela ho loanela ho ba le letsoalo le hloekileng ka pel’a “Molimo le batho.”​—Liketso 24:16.

 Lipaki Tsa Jehova li ipotsa tse ling tsa lipotso tsena pele li ka etsa qeto ea hore na li tla keteka letsatsi le itseng la phomolo kapa che. a

  •   Na letsatsi leo la phomolo le thehiloe thutong e hananang le seo Bibele e se rutang?

     Lengolo la Bibele: “‘Tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.’”​—2 Bakorinthe 6:15-17.

     Lipaki Tsa Jehova li ikarola ka ho feletseng lithutong tse hananang le seo Bibele e se rutang. Kahoo, ha li keteke matsatsi a phomolo a akarelletsang lintho tsena tse latelang.

     Matsatsi a phomolo a thehiloeng tumelong kapa borapeling ba melimo e meng. Jesu o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:​10) Lipaki Tsa Jehova li latela mantsoe ao a Jesu ka hore li se ke tsa keteka Keresemese, Easter kapa May Day kaha matsatsi ana a phomolo a thehiloe borapeling ba melimo e meng. Ho feta moo ha li keteke matsatsi a phomolo a kang ana a latelang.

    •  Kwanzaa. Lebitso Kwanzaa “le tsoa mantsoeng a Seswahili a reng matunda ya kwanzaa ’me a bolela ‘litholoana tsa pele.’ Seo se bolela hore letsatsi leo la phomolo le tsoa meketeng e neng e etsoa ha ho qeta ho kotuloa ka lekhetlo la pele joalokaha ho tlalehiloe historing ea Afrika.” (Encyclopedia of Black Studies) Le hoja batho ba bang ba nka Kwanzaa e se mokete oa bolumeli, Encyclopedia of African Religion e re letsatsi leo la phomolo le tšoana le mokete o tšoaroang Afrika moo ho oona litholoana tsa pele “li fuoang melimo le balimo e le ho ba leboha.” Encyclopedia ena e boetse e re: “Letsatsing la phomolo la Kwanzaa le ketekoang ke Maafrika a Amerika ho etsoa lintho tse tšoanang le tse etsoang moketeng oa kotulo o tšoaroang Afrika ka hore batho ba lebohe melimo le balimo.”

      Kwanzaa

    •  Mid-Autumn Festival. “Mokete ona o etsetsoa ho tlotla molimotsana oa khoeli.” (Holidays, Festivals, and Celebrations of the World Dictionary) Moketeng oo, ho na le moetlo o etsoang oa hore “basali ba inamele molimotsana eo.”​—Religions of the World​—A Comprehensive Encyclopedia of Beliefs and Practices.

    •  Nauruz. “Mokete ona o thehiloe bolumeling ba Zoroaster ’me o tšoaroa ka letsatsi leo ho nkoang le halalela ka ho fetisisa k’halendareng ea boholo-holo ea Zoroaster. . . . Molimotsana oa motšehare (Spirit of Noon) ea tsejoang e le [Rapithwin], ho ne ho nkoa a lelekoa ke molimotsana oa mariha (Spirit of Winter) nakong ea likhoeli tsa mariha. Molimotsana oa motšehare o ne a amoheloa ka mokete o neng o tšoaroa motšehare o moholo ka letsatsi la Nowruz ho latela moetlo oa bolumeli ba Zoroaster.”​—United Nations Educational, Scientific and Cultural Organization.

    •  Shab-e Yalda. Ho ea ka buka ea Sufism in the Secret History of Persia, mokete ona o tšoaroang linaheng tse ling nakong ea mariha ha letsatsi le le lekhutšoaane ka ho fetisisa o amana le “borapeli ba Mithra” e leng molimo oa leseli. Batho ba bang ba nahana hore matsatsi ana a phomolo a amana le borapeli ba melimo ea letsatsi ea Baroma le Bagerike. b

    •  Thanksgiving (Mokete oa Teboho). Joaloka Kwanzaa, letsatsi lena la phomolo le thehiloe meketeng ea boholo-holo e neng e etsetsoa ho rorisa melimo e fapa-fapaneng. Ha nako e ntse e e-ea “meetlo ena e neng e etsoa mehleng ea boholo-holo e ile ea kenyelletsoa bolumeling ba Bokreste.”​—A Great and Godly Adventure​—The Pilgrims and the Myth of the First Thanksgiving.

     Mekete e thehiloeng litumela-khoeleng kapa ho lumela ho molimo oa mahlohonolo. Bibele e re batho “ba lokisang tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo” ba ‘furalla Jehova.’ (Esaia 65:​11) Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova ha li keteke matsatsi a phomolo a latelang:

    •  Ivan Kupala. Buka ea The A to Z of Belarus e re: “Ho lumeloa hore nakong ea [Ivan Kupala] lefatše le lokolla matla a phahametseng a tlhaho ’me motho a ka a fumana haeba a le sebete a bile a le lehlohonolo.” Letsatsi lena la phomolo le simoloha bolumeling ba bohata ’me le ne le ketekoa nakong ea hlabula ha letsatsi le le letelele ka ho fetisisa. Encyclopedia of Contemporary Russian Culture e re: “Ka mor’a hore batho bao e seng Bakreste ba amohele tumelo ea Bokreste, mokete ona oa Ivan Kupala o ile oa kopanngoa le letsatsi la phomolo la Kereke [e leng “saint’s day” (letsatsi la bahalaleli) la Johanne Mokolobetsi].”

    •  Lunar New Year (Selemo se Secha sa Machaena kapa Selemo se Secha sa Makorea). “Nakong ena ea selemo, malapa le metsoalle e amehile ka ho sebetsa ka thata e le hore e fumane mahlohonolo selemong seo. Hape ba isa tlhompho ho melimo ea bona ’me ba lakaletsana katleho bakeng sa selemo se secha.” (Mooncakes and Hungry Ghosts​—Festivals of China) Selemo se secha sa Makorea le sona se joalo kaha moketeng oo “ho rapeloa balimo, ba phetha litšebeletso tsa meetlo e le ho leleka meea e litšila hape ho lakaletsanoa katleho bakeng sa selemo se secha. Batho ba boetse ba lepa bokamoso e le hore ba bone hore na selemo se secha se tla ba tlisetsa’ng.”​—Encyclopedia of New Year’s Holidays Worldwide.

      Chinese New Year

     HMatsatsi a phomolo a thehiloeng thutong ea hore moea oa motho ha o shoe. Bibele e bua ka ho hlaka hore moea oa motho oa shoa. (Ezekiele 18:4) Kahoo, Lipaki Tsa Jehova ha li keteke matsatsi a phomolo a latelang a tšehetsang tumelo ea hore moea oa motho ha o shoe:

    •  All Souls’ Day (Letsatsi la Bafu). Ho ea ka New Catholic Encyclopedia letsatsing lena “ho ikhopotsoa bafu bohle ba shoeleng ba tšepahala. Lilemong tsa bo-500 ho ea ho 1500 batho ba bangata ba ne ba lumela hore meea ea batho ba pelekatoring e tla itlhahisa ho batho ba ileng ba ba tšoara hampe ha ba ntse ba phela ’me e hlaha e le lithotsela, baloi, linqaqana, joalo-joalo.”

    •  Mokete oa Qingming (Ch’ing Ming) le Hungry Ghost Festival (Mokete oa Lithotsela Tse Lapileng). Ho tšoaroa mekete ena e ’meli e le hore ho hlomphuoe balimo. Ho latela buka ea Celebrating Life Customs Around the World​—From Baby Showers to Funerals, nakong ea mokete oa Ch’ing Ming “ho chesoa lijo, lino le chelete e le ho etsa bonnete ba hore batho ba shoeleng ha ba lape, ha ba nyoroe ebile ha ba haelloe ke chelete.” Buka eo e boetse hape e re “nakong ea Hungry Ghost Month (Khoeling ea Lithotsela Tse Lapileng) haholo-holo bosiung boo khoeli e tolokileng, batho ba ketekang ba lumela hore ba ba haufi le batho ba shoeleng kahoo ho bohlokoa hore ba itšireletse ka ho kokobetsa batho ba shoeleng le ho isa tlhompho ho baholo-holo ba shoeleng.”

    •  Chuseok. Buka ea The Korean Tradition of Religion, Society, and Ethics e re mokete ona o akarelletsa “hore ho fuoe meea ea batho ba shoeleng lijo le veine.” Ha batho ba fana ka linyehelo tseo “baa bontša hore baa lumela hore moea oa motho o tsoela pele o phela ka mor’a hore ’mele o shoe.”

     Matsatsi a phomolo a amanang le boloi. Bibele e re motho leha e le ofe “ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu . . . ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) E le ho qoba mefuta eohle ea boloi e akarelletsang bolepi ba linaleli (e leng mofuta o mong oa bonohe) Lipaki Tsa Jehova ha li keteke Halloween kapa matsatsi ana a phomolo a latelang:

    •  Selemo se Secha sa Sinhala le Tamil. “Meetlo e meng e etsoang ka letsatsi lena . . . e akarelletsa ho etsa lintho tseo balepi ba linaleli ba reng li lokela ho etsoa ka nako e itseng e le hore motho a fumane mahlohonolo.”​—Encyclopedia of Sri Lanka.

    •  Songkran. Lebitso la mokete ona oa Asia “le tsoa lentsoeng la Sesanskrit le bolelang ho ‘tsamaea’ kapa ho ‘fetoha’ ’me le ketekoa nakong eo letsatsi le fetelang sehlopheng sa linaleli tsa zodiac karolong ea Aries.”​—Food, Feasts, and Faith​—An Encyclopedia of Food Culture in World Religions.

     Mekete eo Molao oa Moshe o neng o laela hore e ketekoe e ileng ea felisoa ke sehlabelo sa Jesu. Bibele e re: “Kreste ke pheletso ea Molao.” (Baroma 10:4) Melao-motheo e tsoang Molaong oa Moshe o neng o fuoe Baiseraele e ntse e tsoela Bakreste molemo. Leha ho le joalo, ha ba keteke mekete e hlahang molaong oo haholo-holo e neng e etsoa hobane ho lebeletsoe Mesia kaha Bakreste ba lumela hore o se a ile a e-ba teng. Bibele e re: “Lintho tseo ke seriti sa lintho tse tlang ho tla, empa ntho ea sebele ke ea Kreste.” (Bakolose 2:17) Mekete eo e ile ea phetha morero oa eona nakong e fetileng. Ho ekelletsa moo, batho ba se ba kenyelelitse meetlo e khahlanong le seo Bibele e se rutang meketeng eo. Kahoo mekete e latelang ke e meng ea eo Lipaki Tsa Jehova li sa e ketekeng:

    •  Hanukkah. Moketeng ona batho ba ikhopotsa ha ho ne ho neheloa bocha tempele ea Bajuda e Jerusalema. Leha ho le joalo, Bibele e re Jesu e ile ea e-ba Moprista ea phahameng oa “tente [kapa tempele] e kholo le e phethahetseng haholo e sa etsoang ka matsoho, ke hore, eo e seng ea popo ena.” (Baheberu 9​11) Bakeng sa Bakreste, tempele eo e leholimong e ile ea nkela tempele e Jerusalema sebaka.

    •  Rosh Hashanah. Lena ke letsatsi la pele selemong sa Bajuda. Mehleng ea boholo-holo ha ho ne ho ketekoa mekete ena, batho ba ne ba etsetsa Molimo mahlabelo a khethehileng. (Numere 29:1-6) Kaha Jesu Kreste ke Mesia o ile a “felisa sehlabelo le nyehelo ea mpho.” Seo se ile sa etsa hore mekete eo e se ke ea hlola e e-ba ea bohlokoa ho Molimo.​—Daniele 9:26, 27.

  •   Na letsatsi leo la phomolo le etsa hore malumeli a tsoakane?

     Lengolo la Bibele: “Motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang? ’Me tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?”​—2 Bakorinthe 6:15-17.

     Lipaki Tsa Jehova li leka kahohle hore li be le khotso le baahelani ba tsona hape li hlompha tokelo eo batho bohle ba nang le eona ea ho ikhethela hore na ba tla lumela’ng. Leha ho le joalo li qoba mekete e etsang hore malumeli a tsoakane ka litsela tsena tse latelang.

     Mekete e rorisang batho ba hlaheletseng bolumeling kapa e khothaletsang batho ba litumelo tse fapaneng hore ba rapele hammoho. Ha Molimo a ne a isa sechaba sa hae naheng e ’ngoe eo baahi ba teng ba neng ba rapela melimo e meng, o ile a re: “U se ke ua hlaba selekane le bona kapa le melimo ea bona. . . . Haeba u sebeletsa melimo ea bona, seo e tla ba leraba ho uena.” (Exoda 23:​32, 33) Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova ha li kenelle matsatsing a phomolo a kang a latelang.

    •  Loy Krathong. Nakong ea mokete ona o etsoang ke batho ba Thailand, “batho ba etsa likotlolo ka makhasi, ba kenya likerese kapa libano ka hare ebe ba beha likotlolo tseo ka metsing e le hore li ka ea le metsi. Batho ba lumela hore ha likotlolo tseo li ea le metsi, li tsamaisa bomalimabe bo neng bo ka ba hlahela. Ha e le hantle moketeng ona ho ikhopotsoa monomoro oa bohato ba leoto bo siiloeng ke Buddha.”​—Encyclopedia of Buddhism.

    •  National Repentance Day. Koranteng ea Papua New Guinea e bitsoang The National, ofisiri ea ’muso e ile ea re batho ba kenellang moketeng ona “ba lumela Bokresteng.” O boetse o re ha batho ba keteka letsatsi lena la phomolo “ba nka ho phela ka tsela ea Bokreste e le ntho ea bohlokoa.”

    •  Vesak. “Lena ke letsatsi leo batho ba bolumeli ba Buddha ba nkang le halalela ka ho fetisisa ’me ho ketekoa tsoalo ea Buddha, ho ba le tsebo ha hae le lefu la hae kapa ho kena Nirvana.”​—Holidays, Festivals, and Celebrations of the World Dictionary.

      Vesak

     Mekete eo ho eona ho etsoang meetlo ea bolumeli e sa rutoeng ka Bibeleng. Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli: “Le entse lentsoe la Molimo lefeela ka lebaka la neano ea lōna.” O ile a boela a re borapeli ba bona ke lefeela hobane ba ruta “litaelo tsa batho e le lithuto.” (Matheu 15:6, 9) Kaha Lipaki Tsa Jehova li nka temoso eo e le ea bohlokoa, ho na le mekete e mengata ea bolumeli eo li sa e ketekeng.

    •  Epiphany (Three Kings’ Day, Timkat, kapa Los Reyes Magos). Nakong ea mokete ona, batho ba ikhopotsa nakong eo balepi ba linaleli ba neng ba etetse Jesu kapa ba ikhopotsa kolobetso ea Jesu. Mokete ona “oo e seng oa Bokreste o neng o ketekoa nakong ea selemo, oo ho oona ho neng ho tlotloa molimo oa metsi a phallang le linoka o se o fetotsoe mokete oa Bokreste.” (The Christmas Encyclopedia) Mokete o tšoanang le oo e leng Timkat “o thehiloe meetlong.”​—Encyclopedia of Society and Culture in the Ancient World.

    •  Mokete oa Nyolohelo oa Moroetsana Maria. Batho ba lumelang hore ’mè oa Jesu o nyolohetse leholimong ka ’mele oa hae ba keteka letsatsi lena. Buka ea Religion and Society​—Encyclopedia of Fundamentalism e re: “Bakreste ba pele ba ne ba sa lumele seo ’me ha ho moo taba eo e hlahang ka Mangolong.”

    •  Feast of the Immaculate Conception. (Mokete o Thehiloeng Tumelong ea Hore Maria o Tsoetsoe a se na Sebe) “Taba ea hore Maria o tsoetsoe a se na sebe ha se thuto e hlahang ka Bibeleng . . . ke thuto eo kereke e iqaletseng eona.”​—New Catholic Encyclopedia.

    •  Lent. Ho ea ka New Catholic Encyclopedia nako ea ho ikoahlaea le ho itima lijo e ile ea qala “lilemong tsa bo-300” e leng lilemo tse ka holimo ho 200 ka mor’a hore Bibele e qete ho ngoloa. Encyclopedia ena e boetse e re ka letsatsi la pele la mokete oa Lent, moruti o ne a etsa sefapano ka molora liphatleng tsa batho ba tlileng kerekeng e le ho ba hopotsa hore ba lokela ho fetola mekhoa. Sena se ne se etsahala ka Ash Wednesday (Laboraro la melora). Kereke e K’hatholike e ile ea qala mokhoa oo ho tloha ka selemo sa 1091.”

    •  Meskel (kapa, Maskal). Encyclopedia of Society and Culture in the Medieval World e re moketeng ona oa Ethiopia, batho ba keteka “hore ba fumane sefapano (seo Jesu a ileng a thakhisetsoa ho sona) ’me ba besa mollo ebe ba tantša ba ntse ba o pota-pota.” Lipaki Tsa Jehova ha li sebelise sefapano bolumeling ba tsona.

  •   Na letsatsi leo la phomolo le etsa hore batho ba rorise motho, mokhatlo kapa letšoao la naha?

     Lengolo la Bibele: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Ho rohakoe monna ea shahlileng ea tšepang motho oa lefatše ’me a etsa nama letsoho la hae [’me a tšepa matla a batho], le eo pelo ea hae e furallang Jehova.’”​—Jeremia 17:5.

     Lipaki Tsa Jehova lia bontša hore li ananela seo batho ba bang ba se etsang ebile lia ba rapella. Leha ho le joalo, ha li kenelle meketeng e kang ena e latelang:

     Matsatsi a phomolo a tlotlang ’musi kapa motho ea hlaheletseng. Bibele e re: “Molemong oa lōna, tlohelang motho oa lefatše, eo phefumoloho ea hae e leng linkong tsa hae, etsoe a ka eloa hloko motheong oa eng?” (Esaia 2:22) Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova ha li keteke mekete e akarelletsang letsatsi la tsoalo la morena kapa la mofumahali.

     Mekete e tlotlang folakha ea naha. Lipaki Tsa Jehova ha li keteke Flag Day (Letsatsi la Folakha). Lebaka ke hore Bibele e re: “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Johanne 5:21) Batho ba bang ha ba nke folakha e le setšoantšo se rapeloang. Empa rahistori Carlton. H. Hayes o ile a re: “Folakha ke letšoao le ka sehloohong la tumelo ho naha leo batho ba le rapelang.”

     Matsatsi a phomolo le mekete e rorisang bahalaleli. Moapostola Petrose o ile a etsa’ng ha motho e mong ea hlomphang Molimo a mo inamela? Bibele e re: “Petrose a mo phahamisa, a re: ‘Ema; le ’na ke motho.’” (Liketso 10:25, 26) Petrose le baapostola ba bang ha baa ka ba lumella batho hore ba ba fe tlhompho e feteletseng kapa ba ba rapele. Kahoo Lipaki Tsa Jehova ha li kenelle meketeng e tlotlang batho ba nkoang e le bahalaleli e kang e latelang:

    •  All Saints’ Day (Letsatsi la Bahalaleli Bohle). “Mokete ona o tlotla bahalaleli bohle . . . Ha ho tsebahale hore na mokete ona o qalile kae.”​—New Catholic Encyclopedia.

    •  Fiesta of Our Lady of Guadalupe (Mokete oa Guadalupe oa Moroetsana Maria). Letsatsi lena le tlotla “mohalaleli oa mosali oa Mexico,” eo ho lumeloang hore ke Maria ’mè oa Jesu. Ho thoe o ile a hlaha ka mohlolo ho motho e mong ka selemo sa 1531.​—The Greenwood Encyclopedia of Latino Literature.

      Fiesta of Our Lady of Guadalupe

    •  Name Day (Letsatsi la Lebitso). Buka ea Celebrating Life Customs Around the World​—From Baby Showers to Funerals e re: “Ka letsatsi la lebitso ho etsoa mokete bakeng sa mohalaleli eo ngoana a reheletsoeng ka eena ha a kolobetsoa kapa ha a amohela tumelo ea kereke.” E boetse e re “ka letsatsi leo batho ba etsa lintho tse ngata tsa kereke.”

     Mekete ea lipolotiki kapa mehoanto. Bibele e re: “Ho tšabela ho Jehova ho molemo ho feta ho tšepa motho oa lefatše.” (Pesaleme ea 118:8, 9) Lipaki Tsa Jehova li lumela hore Molimo ke eena feela ea ka lokisang mathata a batho, kahoo ha li etse eng kapa eng e ka bontšang hore li tšepa batho ho e-na le Molimo. Ka lebaka leo, ha li kenelle meketeng ea lipolotiki kapa mehoanto e kang Letsatsi la Bacha kapa Letsatsi la Basali. Hape ha li kenelle moketeng oa Emancipation Day (Letsatsi la Tokoloho) kapa mekete e tšoanang le eo. Ho e-na le hoo, ba na le tšepo ea hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla rarolla mathata a khethollo ea morabe le ho se lekane sechabeng.​—Baroma 2:11; 8:21.

  •   Na letsatsi lee la phomolo le etsa hore batho ba nke naha kapa morabe o itseng o phahametse e meng?

     Lengolo la Bibele: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​—Liketso 10:34, 35.

     Le hoja Lipaki Tsa Jehova li rata libaka tseo li lulang ho tsona, ha li kenelle meketeng ea bochaba e kang ena e hlalositsoeng ka tlaase.

     Mekete e tlotlang sesole. Ha ho mohla Jesu a kileng a buella ntoa empa o ile a re ho balateli ba hae: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:​44) Kahoo, Lipaki Tsa Jehova ha li kenelle meketeng e tlotlang masole ho akarelletsa matsatsi a phomolo a latelang:

    •  Anzac Day. “Anzac e emela Australian and New Zealand Army Corps,” ’me “butle-butle Anzac Day e ile ea fetoha letsatsi leo ka lona ho ikhopotsoang masole a ileng a shoella ntoeng.”​—Historical Dictionary of Australia.

    •  Veterans Day (Remembrance Day, Remembrance Sunday, kapa Memorial Day). Matsatsi ana a phomolo a tlotla “masole a ileng a shoella ntoeng.”​—Encyclopædia Britannica.

     Mekete ea histori ea naha kapa ea boipuso. Jesu o ile a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Le hoja Lipaki Tsa Jehova li thabela ho ithuta histori ea naha, ha li kenelle meketeng e kang ena e latelang:

    •  Australia Day. Ho ea ka Worldmark Encyclopedia of Cultures and Daily Life, letsatsing lena ho ikhopotsoa “letsatsi leo ka lona masole a Manyesemane a ileng a phahamisa folakha ea naha ea ’ona eaba a phatlalatsa hore Australia ke kolone ea Engelane ka selemo sa 1788.”

    •  Guy Fawkes Day. “Lena ke letsatsi leo naha e ketekang le ho ikhopotsa kamoo Guy Fawkes le batšehetsi ba K’hatholike ba ileng ba hloleha kateng ho bolaea Morena James oa Pele oa Engelane le litho tsa palamente ea Engelane ka selemo sa 1605.”​—A Dictionary of English Folklore.

    •  Independence Day (Letsatsi la Boipuso). Linaheng tse ngata, “lena ke letsatsi leo sechaba se ketekang letsatsi leo ka lona naha e ileng ea ipusa ka lona.”​—Merriam-Webster’s Unabridged Dictionary.

  •   Na letsatsi lee la phomolo le kenyelletsa boitšoaro bo sa hloekang?

     Lengolo la Bibele: “Etsoe nako e fetileng e lekane hore ebe le phethile thato ea lichaba ha le ne le tsoela pele liketsong tsa boitšoaro bo hlephileng, litakatsong tse feteletseng, ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata, litlhōlisanong tsa ho noa, le borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.”​—1 Petrose 4:3.

     Lipaki Tsa Jehova li mamela lengolo lena ka hore li qobe mekete e hlaha le mekete eo ho eona ho nooang haholo. Lipaki Tsa Jehova li thabela ho ba ’moho le metsoalle ea tsona. Haeba li khetha ho noa joala, ha li noe haholo. Li leka kahohle hore li mamele keletso ea Bibele e reng: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”​—1 Bakorinthe 10:31.

     Kahoo, Lipaki Tsa Jehova ha li kenelle meketeng ea li-carnival kapa mekete e meng e tšoanang le eona eo ho eona ho etsoang boitšoaro boo Bibele e bo nyatsang. Sena se akarelletsa mokete oa Bajuda o bitsoang Purim. Buka ea Essential Judaism e re le hoja moketeng oa Purim ho ne ho ikhopotsoa nako eo Bajuda ba ileng ba lopolloa ka eona ka selemo sa bohlano pele ho mehla ea Jesu, hona joale o ka hlalosoa e le “mokete oa Mardi Gras kapa Carnival.” Batho ba bangata ba eang moketeng ona “ba apara liphahlo tse khethehileng (hangata banna ba apara liphahlo tsa basali), ba ba mabifi, ba noa ho tlola hape ba etsa lerata.”

 Na ha Lipaki Tsa Jehova li khetha ho se keteke matsatsi a itseng a phomolo seo se bontša hore ha li rate malapa a tsona?

 Ha ho joalo. Bibele e ruta batho hore ba rate ba be ba hlomphe ba malapa abo bona ho sa tsotellehe hore na ba lumela eng. (1 Petrose 31, 2, 7) Ha motho eo e leng Paki ea Jehova a khetha ho se kenelle meketeng e itseng, ba lelapa ba ka utloa bohloko, ba mo koatela kapa ba utloa eka o ba fetohetse. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li leka hore li kholise ba lelapa hore lia ba rata hape lia ba hlakisetsa hore na ke hobane’ng ha li entse qeto ea ho se kenelle meketeng e itseng. Li boetse li leka hore li ka chakela ba lelapa ha ho khoneha.

 Na Lipaki Tsa Jehova li qobella batho ba bang hore ba se ke ba keteka matsatsi a phomolo a itseng?

 Ha ho joalo. Lipaki Tsa Jehova li lumela hore motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto. (Joshua 24:​15) Lipaki Tsa Jehova li ‘hlompha batho ba mefuta eohle,’ ho sa tsotellehe hore na ba bolumeling bofe.​—1 Petrose 2:17.

a Sehloohong sena, ha ho tl’o thathamisoa matsatsi ’ohle a phomolo ao Lipaki Tsa Jehova li sa a ketekeng hape ha ho tl’o boleloa Mangolo ’ohle a re tataisang ha re etsa qeto.

b Mithra, Mithraism, Christmas Day & Yalda, by K. E. Eduljee, leqephe la 31-33.