Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le sa Sebelise Sefapano Bolumeling ba Lōna?

Ke Hobane’ng ha le sa Sebelise Sefapano Bolumeling ba Lōna?

Batho ba bangata ba nka hore sefapano ke letšoao le emelang Bokreste. Le hoja Lipaki Tsa Jehova e le Bakreste, ha re sebelise sefapano bolumeling ba rōna. Hobane’ng?

Lebaka le leng ke hore Bibele e bontša hore Jesu ha a shoela sefapanong empa o shoetse thupeng. Ho feta moo, Bibele e lemosa Bakreste ka matla hore ba “balehele borapeli ba litšoantšo,” e leng se bolelang hore ha baa lokela ho sebelisa sefapano borapeling.​—1 Bakorinthe 10:14; 1 Johanne 5:21.

Jesu le eena o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) Kahoo, Jesu o ile a bontša hore balateli ba hae ba ne ba tla khetholloa ka lerato le bontšang boitelo—eseng sefapano kapa setšoantšo leha e le sefe.