Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

“Ha ke sa Batla ho Fetola Lefatše”

“Ha ke sa Batla ho Fetola Lefatše”
  • SELEMO SA TSOALO: 1966

  • NAHA EA HESO: FINLAND

  • PELE: KE NE KE LE MOITSEKI OA LITOKELO TSA BATHO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Haesale ke rata tlhaho ho tloha ha ke sa le ngoana. ’Na le ba lelapa leso re ne re atisa ho ea boha botle bo hlollang ba likhoa le matša a matle motseng oa heso oa Jyväskylä, Finland Bohareng. Hape ke rata liphoofolo haholo; ha ke sa le ngoana, ke ne ke batla ho haka katse kapa ntja leha e le efe eo ke neng ke e bona! Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke tšoenngoa ke tsela eo batho ba neng ba atisa ho hlekefetsa liphoofolo ka eona. Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka kenela mokhatlo o loanelang litokelo tsa liphoofolo, e leng moo ke ileng ka kopana le batho ba tšoanang le ’na.

Re ne re nka karolo matšolong a ho loanela litokelo tsa liphoofolo. Re ile ra hasa molaetsa hohle ’me ra hlophisa mekoloko ea boipelaetso khahlanong mabenkele a rekisang matlalo a liphoofolo le lilaboratori tse etsang liteko ka liphoofolo. Re ile ra ba ra theha mokhatlo o mocha oa tšireletso ea liphoofolo. Kaha re ne re etsa lintho ka tsela e feteletseng ha re ntse re tsoela pele ka matšolo a rōna, re ne re atisa ho hohlana le ba boholong. Ke ile ka tšoaroa ka makhetlo a ’maloa ’me ka hlaha ka pel’a lekhotla.

Ntle le ho tšoenngoa ke taba ea liphoofolo, ke ne ke boetse ke khathatsoa ke mathata a aparetseng lefatše. Qetellong ke ile ka kenela mekhatlo e ’maloa e loanelang litokelo tsa batho, e kang oa Amnesty International le oa Greenpeace. Ke ile ka etsa sohle se matleng a ka ho tšehetsa mekhatlo eo. Ke ile ka loanela litokelo tsa mafutsana, tsa batho ba bolaoang ke tlala le ba nkeloang tlaase.

Leha ho le joalo, butle-butle ke ile ka lemoha hore nke ke ka fetola lefatše. Le hoja mekhatlo eo e ile ea khona ho rarolla mathata a seng makae feela, mathata a maholo ’ona a ne a ntse a e-hloa mekoalaba. E ne eka bokhopo bo metsa lefatše lohle ’me ho ne ho se na motho ea tsotellang hore na ho etsahala’ng. Ke ile ka ikutloa ke selebaletsoe.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Kaha ke ne ke hloname hobane ho se seo nka se etsang, ke ile ka qala ho nahana ka Molimo le Bibele. Nakong e fetileng ke ile  ka ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ke ne ke thabela kamoo Lipaki li neng li le mosa kateng li bile li mpontša lerato, ke ne ke e-s’o batle ho fetola bophelo ba ka. Empa lekhetlong lena ke ne ke batla ho fetoha.

Ke ile ka nka Bibele ea ka ’me ka qala ho e bala. E ne eka maqeba a ka a tšeloa ka oli. Ke ile ka hlokomela mangolo a mangata ka Bibeleng a re rutang ho tšoara liphoofolo ka mosa. Ka mohlala, Liproverbia 12:10 e bolela hore “ea lokileng o baballa phoofolo ea hae.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Ke ile ka ithuta le hore Molimo hase eena ea bakang mathata a teng lefatšeng. Ho e-na le hoo, kaha batho ba bangata ha ba batle ho latela tataiso ea Molimo, sena se etsa hore mathata a mpefale le ho feta. Ke ile ka hlolloa haholo ha ke ithuta ka lerato la Jehova le kamoo a nang le mamello kateng.—Pesaleme ea 103:8-14.

Hoo e ka bang ka nako eona ena, ke ile ka fumana setlankane sa kōpo ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? eaba kea se posa. Ho e-s’o ee kae, banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba fihla lapeng, ba nkōpa hore ke ithute Bibele le bona ’me ke ile ka lumela. Hape ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso. Ka lebaka leo, ’nete ea Bibele ea qala ho thopothela pelong ea ka.

Ka sebele Bibele e ile ea nthusa ho etsa liphetoho tse ngata. Ke ile ka khaotsa ho tsuba le ho noa haholo. Ke ile ka ntlafatsa tsela eo ke shebahalang ka eona ’me ka lahla puo e litšila. Ka qala ho hlompha ba boholong. (Baroma 13:1) Le hoja ke ne ke se ke feteletse boitšoarong bo bobe, ke ile ka khona ho bo tlohela.

Ntho e neng e le thata ka ho fetisisa ho ’na ke ho ba le pono e loketseng ka mekhatlo ea litokelo tsa batho le liphoofolo. Ha hoa ka ha e-ba bonolo ho e tlohela. Qalong, ke ne ke utloa eka ke tsoa mekhatlo eo tlaase haeba ke itokolla ho eona. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka utloisisa hore ’Muso oa Molimo ke eona feela tšepo ea sebele bakeng sa lefatše la rōna. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke etse sohle se matleng a ka ho tšehetsa ’Muso oo le ho thusa batho hore ba tsebe ka oona.—Matheu 6:33.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Kaha ke ne ke le moitseki, ke ne ke arola batho ka lihlopha tse peli—e leng ba lokileng le ba babe—’me ke ne ke lula ke itokiselitse ho nka khato khahlanong le bao ke nahanang hore ke ba babe. Empa kea leboha hore ebe Bibele e ile ea nthusa hore ke se ke ka hlola ke hloea batho ba bang. Ho e-na le hoo, ke leka ho hlaolela lerato la Bokreste ho batho bohle. (Matheu 5:44) Tsela e ’ngoe eo ke etsang sena ka eona, ke ka ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Hoa thabisa ho bona kamoo mosebetsi ona oa bohlokoa o khothalletsang batho ho ba le thabo le khotso kateng ’me o fang batho tšepo e tiileng.

Kaha ke se ke tlohella lintho matsohong a Jehova, ke ikutloa ke imolohile kelellong. Ke kholisehile hore joaloka ’Mōpi, a ke ke a lumella hore batho le liphoofolo ba tšoaroe hampe ka ho sa feleng kapa hona ho lumella hore lefatše lena la rōna le letle le senngoe. Ho fapana le moo, haufinyane ka ’Muso oa hae Molimo o tla lokisa tšenyo eohle e bakiloeng ke batho. (Esaia 11:1-9) Ke thabile haholo hore ebe ke tsebile linnete tsena ebile ke thusa le batho ba bang hore le bona ba be le tumelo ho tsona. Ha ke sa batla ho fetola lefatše.