Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le Etela Batho ba Seng ba Ntse ba E-na le Bolumeli?

Ke Hobane’ng ha le Etela Batho ba Seng ba Ntse ba E-na le Bolumeli?

Re fumana hore batho ba bangata ba seng ba ntse ba e-na le bolumeli ba thabela ho bua ka litaba tsa Bibele. Ke ’nete hore re hlompha tokelo ea motho ea ho a lumela thuto e fapaneng le eo re e lumelang, ’me ha re qobelle batho hore ba amohele molaetsa oa rōna.

Ha re bua ka bolumeli, re leka ho latela keletso ea Bibele ea hore re etse joalo ka “maikutlo a bonolo” ’me re bontše motho e mong “tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Re lebeletse hore batho ba bang ba hane molaetsa oa rōna. (Matheu 10:14) Empa re ke ke ra tseba hore na batho ba tla arabela joang pele re bua le bona. Re boetse rea tseba hore maemo a batho a fetoha.

Ka mohlala, motho a ka ’na sitoa ho bua le rōna ka letsatsi le leng hobane a phathahane, empa ke le leng a thabela ho bua le rōna. Hape batho ba ka ’na ba tobana le mathata kapa maemo a itseng, ’me seo sa etsa hore ba thahaselle molaetsa oa Bibele. Kahoo re leka ho buisana le batho ka makhetlo a ’maloa.