Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

“Ke ne ke Labalabela ho ba Moprista”

“Ke ne ke Labalabela ho ba Moprista”
  • SELEMO SA TSOALO: 1957

  • NAHA EA HESO: MEXICO

  • PELE: KE NE KE LE SEITHUTI SEMINARING; KE LE SEFELA-PELOANA SE MABIFI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse motseng o monyenyane oa Texcoco. Nakong eo, literata tse ngata e ne e le tsa kerabole li bile li le lerōle. Ho ne ho tloaelehile ho bona batho ba metsana e haufi ba tla toropong ba bofile liesele thepa e rekisoang. Lelapa leso le ne le kolla ntsi hanong, re le banana le bashanyana ba robong ’me ’na ke le oa bosupa. Ntate o ne a lokisa li-guarache (meqathatso) hore a hlokomele lelapa. Empa o ile a hlokahala ha ke le lilemo li supileng. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ’Mè o ne a sokola hore a fepe lelapa.

Ntate-moholo o ne a letsa violin ’me hape e le motsamaisi oa sehlopha sa ’mino oa liletsa se neng se tsebahala ka ’mino oa bolumeli oa classic. Hoo e ka bang litho tsohle tsa lelapa leso li ne li bapala seletsa se itseng. ’Mè o ne a binela k’hoaere ea kereke, ha malome eena e ne e le sebini sa ’mino oa opera a bile a letsa piano. Re ne re rata bolumeli haholo—ke ne ke le mosebeletsi oa aletare, ebile ke e-na le tabatabelo ea ho ba moromuoa oa Mok’hatholike. Ka nako e tšoanang, ke ne ke rata lifilimi tsa karate haholo. Ha ke ntse ke shebella lifilimi tseo khafetsa, butle-butle ke ile ka ba motho ea mabifi.

Ha ke le Puebla, ke ile ka kena sekolo sa bolumeli seo e neng eka ke seminari. Sepheo sa ka e ne le hore ke be moprista oa K’hatholike. Empa selemong sa ho qetela sa lithuto tsa ka, ke ile ka khathatsoa matla ke lintho tse neng li etsahala Kerekeng e K’hatholike. Moitlami e mong e mocha oa mosali o ile a batla ho kopanela liphate le ’na. Ke ile ka hana ho oela tekong eo, empa seo se ile sa etsa hore ke lakatse ho nyala. Ntle ho moo, ke ile ka hlokomela hore baprista ba ’maloa ba ne ba phela bophelo ba boikaketsi. Qetellong, ke ile ka tlohela ho batla ho ba moprista.

Ha ke ne ke le mosebeletsi oa aletare, ke ne ke labalabela ho ba moromuoa oa K’hatholike, empa ke ne ke boetse ke rata lifilimi tsa karate haholo ’me ka qala ho ba motho ea mabifi

 Ke ile ka etsa qeto ea ho ea ithuta ’mino Setsing sa ’Mino sa Sechaba, se Mexico City. Ha ke se ke phethetse lithuto tsa ka, ke ile ka nyala ’me hang-hang ’na le mosali oa ka ra ba le bana ba bane. Ke ne ke hlokomela lelapa la ka ka ho bina ’Miseng, Kerekeng e K’hatholike.

Li sa tloha feela, lenyalo la rōna le ne le le mathateng. ’Na le mosali oa ka re ne re lula re qhoebeshana, haholo-holo ka lebaka la poulelo. Qalong re ne re hlaselana ka mantsoe, eaba hamorao re isana matsoho. Qetellong, ka mor’a lilemo tse 13 re ile ra etsa qeto ea ho arohana ’me hamorao ra hlalana.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ke qalile ho kopana le Lipaki Tsa Jehova pele ke arohana le mosali oa ka. Lipaki tse peli li ile tsa kokota monyako ha rōna ’me tsa kōpa ho buisana le rōna ka Bibele. Kaha ke ne ke nahana hore ke tseba haholo ka bolumeli, ke ne ke ikemiselitse ho li bontša hore li fositse. Ke ile ka Ii botsa lipotso tse thata tseo ke neng ke nahana hore li ke ke tsa li araba. Empa ho makatsang ke hore nako le nako li ne li mpha likarabo tse utloahalang, tse thehiloeng Bibeleng. Ke ile ka qala ho lemoha hore tsebo ea ka e ne e hlile e fokola. Leha ho le joalo, mosali oa ka o ne a tšoara Lipaki hampe ’me ’na ke ne ke phathahane haholo, kahoo li ile tsa khaotsa ho re etela.

Lilemo tse hlano hamorao, ke ne ke lula le mosali e mong, ea bitsoang, Elvira, ha ke boela ke kopana le Lipaki Tsa Jehova. Elvira o ne a sa hanyetse Lipaki, ka hona ho ile ha e-ba bonolo hore ke ithute Bibele kamehla. Leha ho le joalo, ho ile ha feta lilemo tse ’maloa hore ke fetole mokhoa oo ke neng ke phela ka oona.

Ke ile ka hlokomela hore haeba ke batla ho rapela Jehova ka pelo eohle, ke ne ke lokela ho etsa liphetoho tse khōlō. Ntho ea pele, ke ne ke tlameha ho tlohela mosebetsi oa ho bina ’Miseng, Kerekeng e K’hatholike ’me hoo ho ne ho bolela hore ke ne ke tla lokela ho fumana mosebetsi o mong oa boipheliso. (Tšenolo 18:4) Hape ke ne ke lokela ho tiisa lenyalo la ka le Elvira.

Leha ho le joalo, e ’ngoe ea liphetoho tse boima haholo tseo ke ileng ka li etsa e bile hore ke ithute ho laola khalefo ea ka e matla. Ke ile ka thusoa ka ho khetheha ke litemana tse peli tsa Bibele, e leng Pesaleme ea 11:5, e bontšang hore Jehova o hloile pefo, le 1 Petrose 3:7, e ileng ea nthuta hore haeba ke batla hore Jehova a utloe lithapelo tsa ka, ke tlameha ho tšoara mosali oa ka ka tlhompho. Ha ke ntse ke thuisa ka litemana tseo le ho rapella thuso ea Jehova, butle-butle ke ile ka khona ho laola khalefo ea ka.

Bibele e ile ea nthuta hore haeba ke batla hore Jehova a utloe lithapelo tsa ka, ke tlameha ho tšoara mosali oa ka ka tlhompho

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Hona joale bophelo ba lelapa la ka boa thabisa. Ke leka ho ntlafatsa kamano ea ka le bara ba ka ba lenyalong la pele le ho thusa lelapa la ka le lecha hore le lule le le matla tumelong.

Ha ke ne ke sa le ngoana, ke ne ke labalabela ho ba moprista le ho thusa batho. Hona joale kea utloa hore bophelo ba ka bo na le morero e le kannete. Ke hlokomela lelapa la ka ka ho ruta batho ’mino. Ke leboha hakaakang hore ebe Jehova o ile a ’mamella ’me a mpha monyetla oa hore ke fetohe, ke be motho ea molemo!